Pale ea Bophelo
Re ne re Ikemiselitse ho Phetha Bosebeletsi ba Rōna
Joalokaha ho boletse Lena Davison
Mokhanni oa sefofane sa rōna o ile a hoeleketsa, a re: “Ha ke bone. Ekare kea foufala.” Metsotso hamorao, matsoho a hae a ile a nyehla ’me a tlohela lintho tse tsamaisang sefofane se senyenyane seo re neng re se palame, o ile a ilibana, eaba o nyebella setulong. Monna oa ka ea neng a sa tsebe ho khanna sefofane o ile a leka matsapa ’ohle ho mo tsosa. Pele ke le phetela ka ho pholoha ha rōna ka mohlolo, e-re ke hlalose hore na ho ile ha etsahala joang hore re be ka sefofaneng seo se neng se fofa ka holim’a Papua New Guinea, e leng se seng sa libaka tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.
KE HLAHETSE Australia ka 1929 ’me ka hōlela Sydney, motse-moholo oa New South Wales. Ntate oa ka, Bill Muscat, e ne e le Lekomonisi, empa ho makatsang ke hore o ne a lumela ho Molimo. Ka 1938 o ile a lumela ho saenela boipelaetso ba sechaba bo neng bo kōpa hore Joseph F. Rutherford, ea neng a tsoa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova, a lumelloe ho beha puo Holong ea Motse ea Sydney.
Ka nako eo, Ntate o ile a re ho rōna: “E tlameha ebe ho na le ntho ea bohlokoa eo a batlang ho e bua.” Lilemo tse robeli hamorao, re ile ra ithuta lintlha tsa bohlokoa tsa puo eo. Ntate o ile a mema Norman Bellotti eo e neng e le pula-maliboho oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova, hore a tle lapeng ho tla bua le rōna ka Bibele. Lelapa leso le ile la amohela ’nete ea Bibele kapele la ba la e-ba mafolofolo haholo tšebeletsong ea Bokreste.
Bohareng ba bo-1940, ke ile ka tlohela ho kena sekolo e le hore ke thuse ’Mè hobane o ne a tšoeroe ke lefu le sa foleng. Ke ne ke boetse ke iphelisa ka ho rōka. Mantsiboea ka Meqebelo, ’na le ngoan’eso Rose re ne re tsamaea le sehlopha sa bo-pula-maliboho ’me re etsa mosebetsi oa seterateng ka ntle ho Holo ea Motse ea Sydney. Ka 1952 khaitseli ea ka e moholo, John, o ile a fumana lengolo sekolong sa baromuoa sa Gileade se United States eaba o romeloa Pakistan. Le ’na ke ne ke rata tšebeletso ’me ke batla ho latela mohlala oa hae. Kahoo, selemong se latelang ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla.
Ho Nyaloa le Mosebetsi oa Boromuoa
Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka ratana le John Davison, ea neng a sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Australia. Ke ile ka khahloa ke boikokobetso ba hae, boitšoaro ba hae bo khabane hammoho le tsela eo a neng a ikemiselitse ho etsa lintho ka eona empa a sa ikakase. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše o ne a ile a kenngoa litlamong ka makhetlo a mararo ka lebaka la ho ba Mokreste ea sa jeleng paate. Re ile ra etsa qeto hammoho hore tšebeletso ea Bokreste e tla ba mosebetsi oa rōna bophelong.
’Na le John re ile ra nyalana ka June 1955. Re ile ra reka bese ka morero oa hore re e etse k’haravene. Sepheo sa rōna e ne e le ho e sebelisa e le lehae la rōna ha re bolela litaba tse molemo libakeng tsa mahaeng tsa Australia. Selemong se latelang, ho ile ha kōptjoa Lipaki hore li ee New Guinea, e leng karolo e ka leboea-bochabela ea sehlekehleke se seholo se ka leboea ho Australia.a Molaetsa oa ’Muso o ne o e-s’o boleloe karolong ena ea lefatše. Re ile ra ithaopa hang-hang.
Nakong eo, tsela feela ea ho kena New Guinea e ne e le ka ho fumana konteraka ea mosebetsi, kahoo John o ile a qala ho batla mosebetsi. Kapele feela o ile a fumana konteraka ea ho sebetsa femeng e etsang mapolanka sehlekehlekeng se senyenyane sa New Britain, seo e leng karolo ea New Guinea. Libeke tse seng kae hamorao, re ile ra leba kabelong ea rōna e ncha, ’me ra fihla Rabaul, New Britain, ka July 1956. Re ile ra leta ka matsatsi a tšeletseng hore re fumane seketsoana se neng se tla re isa Waterfall Bay.
Tšebeletso ea Rōna Waterfall Bay
Ka mor’a ho tsamaea matsatsi a seng makae leoatleng le befileng, re ile ra fihla Waterfall Bay, koung e khōlō e ka bang lik’hilomithara tse 240 ka boroa ho Rabaul. Ho ne ho e-na le feme e khōlō ea mapolanka har’a moru. Mantsiboeeng ao basebetsi kaofela ba ne ba lutse lijong tsa tinare ’me mookameli o ile a re, “Monghali Davison le Mofumahali Davison, molao oa feme ena ke hore basebetsi bohle ba bolele hore na ke ba bolumeli bofe.”
Re ne re tseba hantle hore ha ho na molao o joalo, empa kaha re ne re hanne ho tsuba, ho hlakile hore ho ne ho e-na le ntho e ba belaetsang. Leha ho le joalo, John o ile a araba ka ho re, “Re Lipaki Tsa Jehova.” Ho ile ha khutsa ha re tu! Banna bana e ne e le masole Ntoeng ea II ea Lefatše ’me ba ne ba khetholla Lipaki hobane ha lia ka tsa jela paate ntoeng. Ho tloha ka nako eo, banna bana ba ile ba batla menyetla eohle ea ho re thatafaletsa lintho.
Mookameli o ile a qala ka ho hana ho re fa sehatsetsi le setofo, le hoja re ne re lokela ho li fuoa. Lijo tsa rōna li ne li senyeha, ’me re ne re tlameha ho pheha ka setofo se senyehileng seo re ileng ra se fumana sekhoeng. Ka mor’a moo, batho ba motse ba ile ba haneloa ho re rekisetsa meroho e sa tsoa khuoa, ka lebaka lena re ne re phela ka meroho leha e le efe eo re neng re ka e fumana. Hape, ho ile ha thoe re lihloela, ’me ra behoa leihlo ka hloko ho bona hore na ho na le motho eo re mo rutang Bibele. Ho feta moo, ke ile ka tšoaroa ke malaria.
Leha ho le joalo, re ne re ikemiselitse ho phetha bosebeletsi ba rōna. Kahoo, re ile ra kōpa bahlankana ba babeli ba sebetsang femeng eo ba buang Senyesemane hore ba re rute puo ea moo ea Fanakaloko ea Melanesia. Rōna re ile ra ba ruta Bibele. Mafelong a beke re ne re tsamaea hohle eka re nkile maeto a ho bona libaka. Ha re ntse re tsamaea, re ne re pakela batho bohle bao re neng re kopana le bona, re tolokeloa ke liithuti tsa rōna tsa Bibele. Re ne re tšela linōka tse phallang ka matla le tse nang le likoena tse khōlō tse orileng letsatsi mabōpong a nōka. Likoena tseo li ne li sa re khathatse, ntle le ka lekhetlo le leng leo ka lona re ileng ra pholoha ka mohlolo.
Re Etsa Lintho Tse re Thusang ho Ruta
Ha tšebeletso ea rōna e ntse e eketseha, re ile ra etsa qeto ea ho thaepa molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele hore re o abele batho ba o thabelang. Liithuti tsa rōna tsa Bibele tsa femeng li ile tsa re thusa ho fetolela melaetsa ea pele. Re ile ra qeta masiu a mangata re thaepa lipampitšana tse makholo-kholo le ho li abela baahi ba metseng le basebeletsi ba liketsoana tse fetang ka tsela.
Ka 1957, John Cutforth, eo e neng e le mosebeletsi ea tsamaeang ea nang le boiphihlelo, o ile a re etela ho tla re khothatsa.b O ile a re eletsa hore ha re ka sebelisa litšoantšo, re tla atleha ho ruta batho linnete tsa Bibele le hoja ba sa tsebe ho bala. Eena le monna oa ka ba ile ba etsa letoto la litšoantšo tse toroiloeng ka mokhoa o bonolo, tse hlalosang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Hamorao, re ile ra qeta lihora tse ngata haholo re kopiletsa litšoantšo tsena tse rutang libukeng tsa ho ngolla lintlha. Seithuti ka seng se ile sa fuoa buka, eo se neng se e sebelisa ha se ruta ba bang. Qetellong mokhoa ona oa ho ruta o ile oa sebelisoa naheng ka bophara.
Ka mor’a lilemo tse peli le halofo re le Waterfall Bay, re ile ra qeta nako ea konteraka ea rōna ea mosebetsi eaba re lumelloa ho lula ka hare ho naha. Kahoo, re ile ra amohela kōpo ea hore re nkele bopula-maliboho bo khethehileng.
Re Khutlela Rabaul
Ha re khutlela Rabaul ka seketsoana, seketsoana sa rōna se ile sa emisa bosiu moo ho lengoang copra le cocoa Wide Bay. Beng ba sebaka seo e ne e le banyalani ba seng ba hōlile, ba neng ba batla ho tlohela mosebetsi le ho khutlela Australia, ’me ba ile ba bolela hore ba ka fa John mosebetsi oa ho okamela sebaka seo. Tšepiso ena ea mosebetsi e ne e utloahala e hlamatseha, empa eitse ha re buisana ka eona bosiung boo, ra lumellana hore ha rea tla New Guinea ho tla lelekisa leruo. Re ne re ikemiselitse ho phetha bosebeletsi ba rōna re le bo-pula-maliboho. Kahoo, letsatsing le latelang, re ile ra tsebisa banyalani bao qeto ea rōna eaba re kena seketsoaneng hape.
Hoba re fihle Rabaul, re ile ra kopanela le sehlotšoana sa Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tse neng li falletse sebakeng seo. Batho ba moo ba ne ba thabela molaetsa oa ’Muso haholo, ’me re ile ra qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka nako eo, re ne re tšoarela liboka tsa Bokreste holong e hiroang ea motse, ’me batho ba ka bang 150 ba ne ba e-ba teng. Boholo ba bona ba ile ba amohela ’nete ’me ba thusa ho jala litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo likarolong tse ling tsa naha.—Matheu 24:14.
Re ile ra etela le Vunabal, motsana o hōle le Rabaul ka lik’hilomithara tse 50, moo batho ba neng ba thabela ’nete ea Bibele haholo. Kapele feela ba ile ba mema mahlo a Mok’hatholike e mong oa sebaka seo ea neng a e-na le tšusumetso e matla. Eena le metsoalle ea hae ea kereke ba ile ba qhala seboka sa rōna sa thuto ea Bibele sa beke le beke ba ba ba re leleka motseng oo. Ha re utloa hore ho tla ba le khathatso e ’ngoe hape bekeng e latelang, re ile ra kōpa mapolesa hore a tsamaee le rōna.
Letsatsing leo, tseleng ho ne ho e-na le mokoloko oa Mak’hatholike a somang. A mangata a ne a le mothating oa ho re betsa ka majoe. Ntle ho moo, moprista o ne a bokeletse banna ba bangata ba motse. Mapolesa a ile a re tiisetsa hore re na le tokelo ea ho tšoara seboka sa rōna, kahoo a ile a re bulela tsela har’a mokhopi. Leha ho le joalo, eitse feela ha re qala seboka sa rōna, moprista a hlohleletsa mokhopi hore o tsose moferefere. Mapolesa a ile a sitoa ho laola letšoele, kahoo, molaoli oa sepolesa o ile a re khothalletsa hore re tlohe ’me kapele feela a re isa koloing ea rōna.
Letšoele leo le ile la re khobokanela, le ntse le rohakana, le tšoela mathe le ho tsoka litebele, ha moprista eena a ne a eme a phuthile matsoho a ntse a bososela. Ka mor’a hore re pholohe, molaoli oa sepolesa o ile a bolela hore boo e ne e le boemo bo bobe ka ho fetisisa boo a kileng a bo bona. Le hoja batho ba bangata ba Vunabal ba ile ba tšaba ho emela ’nete ka lebaka la ho hlaseloa ka mabifi ke mokhopi oo, seithuti se le seng sa Bibele se ile sa emela ’nete ea ’Muso ka sebete. Ho tloha ka nako eo, ho na le batho ba baloang ka makholo New Britain ba emeng ka lehlakoreng la ’nete ea Bibele.
Mosebetsi oa Qala New Guinea
Ka November 1960, re ile ra abeloa hore re ee Madang, toropong e khōlō e lebōpong le ka leboea la New Guinea, e leng sehlekehleke se seholo sa moo. ’Na le John re ile ra fuoa menyetla e mengata ea mosebetsi mona. Feme e ’ngoe e ile ea nkōpa hore ke okamele lebenkele la eona la liaparo. E ’ngoe eona e ne e batla hore ke lokise liaparo. Basali ba bang ba bajaki ba ile ba ba ba ithaopela hore ba tla nthusa hore ke ipulele khoebo ea ka ea ho rōka liaparo. Ka lebaka la ho hopola sepheo sa rōna, ka boikokobetso re ile ra hana likōpo tsena le tse ling.—2 Timothea 2:4.
Tšimong ea Madang batho ba bangata ba ne ba amohela molaetsa, ’me kapele ho ile ha e-ba le phutheho e hōlang moo. Re ne re tsamaea ka maoto kapa ka sethuthuthu ha re e-ea metseng e haufi ka maeto a boboleli a neng a nka matsatsi a seng makae. Matlong a manyenyane a se nang batho ao re neng re a fumana tseleng, re ne re robala holim’a liqubu tsa joang bo hetsoeng. Lintho tse hlokahalang tseo re neng re li nka e ne e le lijo tsa makotikoti, libiskiti le nete e thibelang menoang.
Leetong le leng, re ile ra etela sehlopha sa batho ba thabelang litaba tse molemo ba motse oa Talidig, o lutseng sebakeng se lik’hilomithara tse 50 ka leboea ho Madang. Ha sehlopha sena se ntse se hatela pele moeeng, mosuoe-hlooho oa sekolo sa moo o ile a se thibela ho ithutela Bibele mobung oa sechaba. Hamorao, o ile a hlohlelletsa mapolesa hore a heletse matlo a sona le hore a se lelekele hlatheng. Leha ho le joalo, morena oa motse o haufi le oo, o ile a lumella sehlopha seo hore se lule sebakeng sa hae. Ka mor’a nako, morena enoa ea mosa o ile a amohela ’nete ea Bibele, ’me ho ile ha hahoa Holo ea ’Muso e ntle sebakeng seo.
Mosebetsi oa ho Fetolela le oa ho Potoloha
Lilemo tse peli feela ka mor’a hore re fihle New Britain ka 1956, ’na le John re ile ra kōptjoa hore re fetolele lingoliloeng tse fapa-fapaneng tsa Bibele ka Fanakaloko ea Melanesia. Re ile ra etsa mosebetsi ona ka lilemo tse telele. Joale, ka 1970, re ile ra kōptjoa hore re e’o fetolela ka nako e tletseng re le ofising ea lekala e Port Moresby, motse-moholo oa Papua New Guinea. Re ne re bile re ruta batho ba ithutang lipuo tse ling.
Ka 1975 re ile ra khutlela New Britain ho ea sebetsa re le bapotolohi. Ka lilemo tse latelang tse 13, re ne re tsamaea ka lifofane, liketsoana, likoloi, kapa maoto ho ea karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea naha. Ka makhetlo a mangata re ne re pholoha ka mohlolo, ho akarelletsa le ketsahalong e boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Ketsahalong eo, eitse ha re atamela boema-fofane ba Kandrian, New Britain, mokhanni oa sefofane sa rōna a ilibana ka lebaka la boloetse ba ho ruruha ka mpeng. Sefofane se ile sa fofisoa ke mochine ha re ntse re pota-pota sekhoa ho se seo re ka se etsang nakong eo John a ntseng a leka matsapa ’ohle ho tsosa mokhanni oa sefofane ea ilibaneng. Qetellong, o ile a hlaphoheloa hanyenyane feela hore a tsebe ho emisa sefofane ka ho se khehlemanya. Ka mor’a moo o ile a ilibana hape.
Re Buleheloa ke Monyetla oa Mosebetsi o Mong
Ka 1988 re ile ra khutlisetsoa Port Moresby ho ea okamela mosebetsi oa phetolelo o ntseng o eketseha oa lekala. Re ne re lula hammoho re le batho ba 50, ’me re sebetsa re le lelapa ofising ea lekala moo re neng re boetse re koetlisa bafetoleli ba bacha. Kaofela re ne re lula matlong a kamore e le ’ngoe e nyenyane. ’Na le John re ile ra etsa qeto ea hore monyako oa rōna o lule o butsoe ho khothalletsa litho tsa lelapa le baeti hore ba fapohele e le hore re tloaelane. Ka tsela ena re ile ra tloaelana haholo re le lelapa ’me re ne re ratana ebile re thusana.
Joale, ka 1993, John o ile a bolaoa ke lefu la pelo. Ke ile ka utloa eka ho shoele karolo e ’ngoe ea ka. Re ne re e-na le lilemo tse 38 re nyalane ’me re ne re qetile nako eo kaofela re le hammoho tšebeletsong. Leha ho le joalo, ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele, ka matla a Jehova. (2 Bakorinthe 4:7) Monyako oa kamore ea ka o ile oa lula o butsoe, ’me bacha ba ile ba tsoela pele ho nketela. Botsoalle boo bo matlafatsang bo ile ba thusa hore ke lule ke e-na le tšepo.
Ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, ka 2003 ke ile ka isoa ofising ea lekala e Sydney, Australia. Kajeno, ha ke e-na le lilemo tse 77, ke sa ntse ke sebetsa kamehla Lefapheng la Phetolelo, ’me hape ke phathahane mosebetsing oa boboleli. Metsoalle ea ka, bana ba ka ba moea le litloholo tsa ka tsa moea, ba nthabisa kamehla.
Monyako oa kamore ea ka ea Bethele o sa ntse o lula o butsoe, ’me ke na le baeti ka matsatsi a mangata. Ha e le hantle, ha monyako oa ka o koetsoe, hangata batho baa kokota ba batla ho tseba hore na molato ke eng. Ha ke sa ntse ke phela, ke tla lula ke ikemiselitse ho phetha bosebeletsi ba ka le ho sebeletsa Molimo oa ka, Jehova.—2 Timothea 4:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nakong eo, karolo e ka bochabela ea sehlekehleke sena e ne e le Papua ka boroa, ’me e le New Guinea ka leboea. Kajeno, karolo e ka bophirimela ea sehlekehleke sena e bitsoa Papua, ’me ke karolo ea Indonesia, athe karolo e ka bochabela eona ke Papua New Guinea.
b Bakeng sa pale ea bophelo ea John Cutforth, bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa June 1, 1958, leqepheng la 333-6.
[’Mapa o leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NEW GUINEA
AUSTRALIA
Sydney
INDONESIA
PAPUA NEW GUINEA
Talidig
Madang
PORT MORESBY
NEW BRITAIN
Rabaul
Vunabal
Wide Bay
Waterfall Bay
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Map and globe: Based on NASA/Visible Earth imagery
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
’Na le John kopanong ea Lae, New Guinea, ka 1973
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ofising ea lekala ea Papua New Guinea, ka 2002