Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 10/15 maq. 8-11
  • Ba Hlōla Mathata a ho Tsamaisa Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Hlōla Mathata a ho Tsamaisa Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Mosebetsi oa ho Abela Linaha Tse Ling Lijo Tsa Moea
  • Ho Tsamaea ka Teraka ho Joang?
  • Liphihlelo Tse Monate
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 10/15 maq. 8-11

Ba Hlōla Mathata a ho Tsamaisa Litaba Tse Molemo

TERAKA ea rōna e haufi le ho fihla tseleng e koetsoeng ke banna, basali le bacha ba 60 ba hlometseng. Ba bang ba apere junifomo; ba bang ba apere liaparo tse tloaelehileng. Bongata ba bona ba tšoere merathatha. Ba bonahala ba re emetse. Ntoa ea bana ba thari ea kupa.

Re qetile matsatsi a mane re le tseleng, re nkile lithane tse leshome tsa lingoliloeng tsa Bibele. Rea ipotsa hore na ba tla re lumella ho feta. Na ba tla re batla chelete? Ebe ho tla nka nako e kae hore re ba kholise hore morero oa rōna ke oa khotso?

Monna e mong eo letsoho la hae le hlohlonang o thunya moeeng ho re hopotsa hore eta ho lla sa hae. O bona li-cell phone tsa rōna ’me o laela hore re mo fe tsona. Ha re ntse re tsilatsila, o re bontša hore o tla re selakha haeba re hana ho mo fa tsona. Eaba re mo fa tsona.

Ho sa le joalo mosali e mong ea apereng junifomo a nka sethunya sa hae ’me a tla ho rōna. Ke eena mongolinyana oa teng ’me le eena o batla hore re mo fe ho hong. Kaha hoa nyolosetsa, mphonyana eo re ka mo fang eona e ka mo tsoela molemo. Eaba lesole le leng le bula tanka ea rōna ea peterole ’me le tlatsa lekopokopo la lona. Ha re ipelaetsa le iphapanyetsa rōna ’me le re le mpa le phetha litaelo. Ha ho letho leo re ka le etsang. Re tšepa hore ba bang ba ke ke ba etsa se tšoanang.

Qetellong, ba re lumella ho tsamaea ’me re kena tseleng. Ha ba ha re kokololo ho ’na le motho eo ke tsamaeang le eena! Boemo bo ne bo tsitsipane empa maemo a tšosang joalo re se re a tloaetse. Ho tloha ka April 2002 ho ea ho January 2004, re ile ra nka maeto a 18 ho tloha koung ea Douala, Cameroon, ho ea Bangui, motse-moholo oa Central African Republic. Leeto lena la lik’hilomithara tse 1 600 le lula le tletse likotsi le maemo a sa lebelloang.a

Joseph le Emmanuel, e leng bakhanni ba ’nileng ba nka leeto lena khafetsa, ba re: “Re ithutile lintho tse ngata maetong ana. Ke bohlale ho rapella ka pelong khafetsa ebe u lula u khobile matšoafo. Mopesaleme o ngotse tjena: ‘Ke tšepile Molimo. Nke ke ka tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?’ Re leka ho talima lintho ka tsela e tšoanang. Re kholisehile hore Jehova oa tseba hore morero oa leeto la rōna ke ho tsamaisa molaetsa o fanang ka tšepo oo batho ba o nyoretsoeng.”—Pesaleme ea 56:11.

Mosebetsi oa ho Abela Linaha Tse Ling Lijo Tsa Moea

Batho ba bangata karolong ena ea Afrika ba thabela ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Morero oa lingoliloeng tseo re li tsamaisang ke ho ba thusa hore ba iphepe moeeng. (Matheu 5:3; 24:14) Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Cameroon e Douala e romela lingoliloeng kamehla ho bahoeletsi ba ’Muso le batho ba thahasellang ba fetang 30 000 ba lulang Cameroon le linaheng tse ’nè tsa boahelani.

Lingoliloeng tsena li se li ntse li tsoa hōle. Boholo ba tsona li hatisitsoe Engelane, Finland, Jeremane, Italy le Spain. Eaba li romeloa ka sekepe li tsoa Fora. Ka tloaelo, beke e ’ngoe le e ’ngoe ea bobeli ho fihla k’hontheinara e tšetseng lingoliloeng tsa Bibele boema-kepeng ba Douala.

K’hontheinara ena e laeloa terakeng e e isang ofising ea lekala. Batho ba sebetsang Lefapheng la Thomello ba hlophisa lingoliloeng tsena ho ea ka libaka tseo li eang ho tsona. Ho isa lingoliloeng libakeng tse hōle le lebōpo hase thaka motho. Empa ke tsela e ’ngoe ea ho isa litaba tse molemo “karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Lekala le tšepetse ho baithaopi ba itetseng ba ikemiselitseng ho nka maeto ana a kotsi ka literaka. Ka lebaka leo, batho ba limilione ba karolong e bohareng ea Afrika ba fumana lingoliloeng tsa Bibele kamehla.

Ho Tsamaea ka Teraka ho Joang?

Lingoliloeng tse tsamaisoang ka teraka li romeloa Cameroon, Chad, Equatorial Guinea, Gabon le Central African Republic. A re utloe hore na ho tsamaea ka teraka ho joang. Nahana u se u tsamaea le bakhanni ’me u itokiselitse ho nka leeto la matsatsi a leshome kapa ho feta moo, le nang le mathata a mangata.

Leeto lena le nkoa ke bakhanni ba tšeletseng. E tlameha e be batho ba matla, ba nang le bokhoni, ba sa feleng pelo le ba apereng hantle. Ba ka apara liaparo tsa Seafrika kapa ba apara hempe ’me ba fasa thae. Nakong e fetileng, basebeletsi ba ’muso ba lefisang lekhetho la thepa ba ile ba re: “Ak’u bone teraka ena e hloekileng le bakhanni ba eona ba shebahalang hantle joaloka litšoantšong tsa lingoliloeng tsa bona.” Ntho ea bohlokoa ho feta ponahalo ea bakhanni ke boikemisetso ba bona ba ho ea kae kapa kae moo ho hlokahalang hore ba ee teng e le ho sebeletsa batho ba bang.—Pesaleme ea 110:3.

Teraka e tloha Douala ka hora ea botšelela hoseng, ha letsatsi le qeta ho chaba, e le hore ho ka qojoa sephethephethe motseng ona o nammeng. Ka mor’a ho tšela borokho bo haufi le ofisi ea lekala le ho haola le motse ona o phetheselang, re ea re habile ka bochabela sebakeng sa pele seo re eang ho sona—e leng Yaoundé, motse-moholo oa Cameroon.

Bakhanni bohle ba tšeletseng ba tla u bolella hore na ho thata hakae ho khanna teraka e laetseng lithane tse leshome tsa libuka. Ha ho na mathata a makaalo matsatsing a pele a mararo litseleng tse katiloeng, empa ho hlokahala hore motho a falimehe ’me a tsepamise mohopolo. Ho sa le joalo, re khaoletsoa ke pula ea litloebelele. Ho tloha mona tsela ha ea katoa. Tsela ha e sa bonahala hantle, ea thella, ’me re tlameha ho tsamaea butle ka lebaka la tsela e matsutla-tsutla. Shoalane ea tšoara. Ke nako ea hore re khefutse, re fumane lijo, ’me re roba-robale re nametse maoto deshebotong. Ke kamoo lintho li tsamaeang kateng maetong ana!

Letsatsing le latelang re qala leeto la rōna esale ka matjeke. Mokhanni e mong o lula a shebile maemo a tsela ka leihlo le nchocho. Haeba teraka e atamela haufi le foro e ka thōko ho tsela o re lemosa hang-hang. Bakhanni ba tseba hantle hore ha teraka e ka khetšemela ka forong, ba ka ’na ba tsoa ka mor’a matsatsi a mangata. Litsela li batla li ntse li tšoana ha re tšela leliboho re kena Central African Republic. Lik’hilomithara tse 650 tse latelang, re haola le naha e ntle e talana le e lithaba. Bana, maqheku le maqhekoana le bo-’mè ba pepileng bana ba re phahamisetsa matsoho ha re ntse re feta metseng ea habo bona. Ka lebaka la ntoa ea bana ba thari, ho na le likoloi tse seng kae feela tseleng matsatsing ana, kahoo batho ba re makaletse.

Liphihlelo Tse Monate

Mokhanni e mong ea bitsoang Janvier o re ho sa tsotellehe kemiso e sa faneng ka tšoeea, ba atisa ho emisa metsaneng e itseng hore ba phomo-phomole ’me ba abe lingoliloeng tsa Bibele. O re: “Ka linako tsohle ha re le Baboua re ne re leka ho bua le molebeli oa sepetlele ea neng a thahasella molaetsa oa ’Muso haholo, ebe re mo khannela thuto ea Bibele ka nako e khutšoanyane. Ka letsatsi le leng re ile ra ba ra mo bontša video ea Noe a e-na le lelapa la hae. Ho ile ha fihla metsoalle le baahelani, ’me ka ho panya ha leihlo ntlo ea hae ea tlala batho ba thabileng. Kaofela ha bona ba ne ba kile ba utloela ka Noe, joale ba ne ba ka shebella tlaleho ea hae thelevisheneng. Re ne re amehile maikutlo ha re bona kananelo ea bona. Ka mor’a moo, ba ile ba re leboha ka ho lokisetsa lijo tse khethehileng, ’me ba re kōpa hore re robaletse. Re ne re tlameha ho tsamaea hang-hang ’me re tsoele pele ka leeto la rōna, empa re ne re thabile hore ebe re khonne ho bolella batho bana ba ikokobelitseng litaba tse molemo.”

Mokhanni e mong ea bitsoang Israel, o hopola se ileng sa etsahala leetong le eang Bangui, e leng moo re eang teng. O re: “Ha re ntse re atamela Bangui, re ile ra fihla libakeng tse ngata tseo ho tsona tsela e neng e koetsoe ke masole. Ka lehlohonolo, masole a mangata a ne a le botsoalle ’me a hopola hore a kile a bona teraka ena maetong a fetileng. A ile a re re lule fatše, ’me a amohela lingoliloeng tsa Bibele ka lipelo tse tšoeu. A nka libuka e le tsa bohlokoa haholo, kahoo a li ngola mabitso a ’ona le letsatsi le lebitso la motho ea a fileng tsona. Masole a mang a na le beng ka ’ona bao e leng Lipaki, ’me ke le leng la mabaka a entseng hore a be botsoalle hakana.”

Mokhanni oa nako e telele ka ho fetisisa ea bitsoang Joseph, o re ntho eo a e nkang e le molemo ka ho fetisisa maetong ana ke ho fihla moo a eang teng. Ha a hopola leeto le leng, o re: “Ha re saletsoe ke limaele tse seng kae feela pele re fihla Bangui, re ile ra letsetsa barab’abo rōna re ba bolella hore re tla tloha re fihla. Ba ile ba re felehetsa ho pholletsa le motse, ba re thusa ka litokomane tsa molao. Ha re fihla ofising ea lekala, e mong le e mong o ile a re lumelisa ka mofuthu ’me a re haka. Bathusi ba ile ba tla ba tsoa liphuthehong tse haufi, ’me ka mor’a lihora tse seng kae feela, ho ne ho se ho laollotsoe mabokose a makholo-kholo a Libibele, libuka, libukana le limakasine ’me a pakoa depong.”

Joseph o phaella ka ho re: “Ka linako tse ling, thepa ea rōna e ne e akarelletsa liaparo, lieta, le lintho tsa bana tse nehetsoeng tse eang naheng ea boahelani ea Democratic Republic of Congo. Ruri re ne re thabela ho bona barab’abo rōna ba bososelang ka kananelo!”

Ka mor’a ho phomola letsatsi le le leng, re lokisetsa teraka ea rōna ho menahana le mehlala. Mathata a sa larile ka pele, empa thabo eo re bileng le eona e tla etsa hore mathata leha e le afe ao re tla thulana le ’ona e be lefeela.

Motho a ka nyahamisoa ke maeto a malelele, lipula tsa litloebelele, litsela tse mpe, ho pancheloa ke mabili le ho robeheloa ke teraka. Masole a morusu ke phephetso ka linako tsohle. Leha ho le joalo, ntho e khotsofatsang bakhanni bana ka ho fetisisa ke ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso likarolong tse hōle tsa Afrika le ho bona phello eo li bang le eona bophelong ba batho ba li amohelang.

Ka mohlala, ka lebaka la maeto ana a ho tsamaisa thepa, hona joale moahi e mong oa motse o hōle oa Central African Republic o haufi le leliboho la Sudan o bala phetolelo ea morao-rao ea Bibele. Mosali oa hae o ithuta Melula-Qhooa ea morao-rao, ’me bana ba bona ba rua molemo bukeng ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.b Batho bana hammoho le ba bang ba bangata ba lulang metseng ena ea mahaeng ba fumana lijo tsa moea joaloka barab’abo bona ba Bakreste ba lulang metseng e mengata e meholo. Ka sebele ena ke ntho e khotsofatsang haholo!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho tloha ka nako eo, ho entsoe boiteko bo matla ba ho ntlafatsa tšireletseho tseleng e pakeng tsa Douala le Bangui.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Limmapa/Setšoantšo se leqepheng la 9]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CAMEROON

Douala

CENTRAL AFRICAN REPUBLIC

Bangui

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Joseph

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Emmanuel

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lekala la Central African Republic, le Bangui

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho laolloa teraka Bangui

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela