Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 12/1 leq. 32
  • Na Jesu o ne a E-na le Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Jesu o ne a E-na le Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 12/1 leq. 32

Na Jesu o ne a E-na le Bibele?

CHE, Jesu o ne a se na Bibele. Hobane’ng? Hobane Bibele e feletseng eo re nang le eona kajeno e ne e le sieo mehleng ea Jesu. Leha ho le joalo, ka lisynagogeng ho ne ho e-na le meqolo e nang le mangolo ao hona joale e seng e le karolo ea Bibele eo re e tsebang kajeno. Jesu o ile a bala moqolo oa Esaia synagogeng Nazaretha. (Luka 4:16, 17) Moapostola Pauluse o ile a utloa “’malo oa phatlalatsa oa Molao le oa Baprofeta” Antioke e Pisidia. (Liketso 13:14, 15) ’Me morutuoa Jakobo o ile a re mangolo a Moshe a ne a “balloa holimo ka lisynagogeng ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”—Liketso 15:21.

Na lekholong la pele la lilemo ho ne ho e-na le batho ba neng ba e-na le meqolo ea Mangolo a Halalelang? Ho hlakile hore leqhalaha la Moethiopia la lekhotla la Mofumahali Kandase le ne le e-na le eona, hobane le ne le ‘lutse ka koloing ea lona le balla holimo moprofeta Esaia’ ha morutuoa Filipi a kopana le eena tseleng e eang Gaza. (Liketso 8:26-30) Moapostola Pauluse o ile a kōpa Timothea hore a tle le “meqolo, haholo-holo matlalo a ho ngolla.” (2 Timothea 4:13) Le hoja Pauluse a sa ka a bolela hore na o ne a lokela ho tla le meqolo ea mofuta ofe, ho ka etsahala hore ebe e ne e le likarolo tsa Mangolo a Seheberu.

Ho ea ka Alan Millard, moprofesa oa lipuo tsa Sesema, har’a Bajuda, batho feela ba neng ba e-na le meqolo ea Mangolo e ne e le “sehlopha se khethehileng sa banna ba Palestina, bohle ba neng ba ipolela hore ba rutehile, Bafarisi ba itseng le mesuoe e kang Nikodemase.” Lebaka le leng la sena e ne e le theko. Millard o hakanya hore “kopi ea moqolo oa Esaia e ne e bitsa lidenari tse tšeletseng ho isa ho tse leshome” ’me o re Bibele e feletseng ea Seheberu “e ne e le meqolo e 15 ho isa ho e 20,” ka mantsoe a mang e ne e bitsa moputso oa halofo ea selemo.

Ha ho moo Bibele e reng Jesu kapa barutuoa ba hae ba ne ba e-na le meqolo ea bona ea Bibele. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba Mangolo hantle, a khona ho qotsa Mangolo kapa ho a pheta ka hlooho. (Matheu 4:4, 7, 10; 19:4, 5) Na kajeno see ha sea lokela ho re susumelletsa hore re tsebe Bibele hantle, kaha ka kakaretso e fumaneha ka theko e tlaase ebile e fumaneha habonolo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela