Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Mokreste o lokela ho ba le pono efe ka ho tsoma le ho tšoasa litlhapi?
Bibele ha e nyatse ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi. (Deuteronoma 14:4, 5, 9, 20; Matheu 17:27; Johanne 21:6) Leha ho le joalo, Bakreste ba tsomang kapa ba tšoasang litlhapi ba lokela ho nahana ka melao-motheo e seng mekae ea Mangolo.
Molimo o ile a lumella Noe le bana ba hae hore ba bolaee liphoofolo le ho li ja, hafeela ba ne ba ntša liphoofolo tseo mali pele ba li ja. (Genese 9:3, 4) Taelo ena e ne e hatisa taba ea hore bophelo ba liphoofolo bo ne bo lokela ho hlomphuoa kaha bo tsoa ho Molimo. Kahoo, Bakreste ha ba bolaee liphoofolo ka morero feela oa ho ithabisa kapa bakeng sa monyaka feela le ka sehlōhō ba sa hlomphe bophelo.—Liproverbia 12:10.
Taba e ’ngoe eo re lokelang ho nahana ka eona ke maikutlo a rōna. Ho ka etsahala hore ebe baapostola bao e neng e le batšoasi ba litlhapi ba ne ba thaba haholo ha ba tšoasitse litlhapi tse ngata. Leha ho le joalo, ha ho na sesupo sa hore ba ne ba ikotla sefuba ka bokhoni ba bona ba ho tšoasa litlhapi kapa ba ho tsoma leha e le hore ba ne ba tšoasa litlhapi kapa ba tsoma liphoofolo e le hore ba hlōlisane le ba bang, ba bontše matla a bona a bonna, kapa hona hore ba ne ba thabela ho lelekisa phoofolo, ho e hlōla, kapa ho e bolaea.—Pesaleme ea 11:5; Bagalata 5:26.
Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke beha mohlala tabeng ea ho bontša hore ke hlompha tsela eo Jehova a talimang bophelo ka eona? Na ka linako tsohle ke lula ke nahana ke bile ke bua ka ho tsoma le ho tšoasa litlhapi? Na tsela eo ke phelang ka eona e bontša hore ke rata ho tsoma le ho tšoasa litlhapi haholo, kapa e bontša hore ke mosebeletsi oa Molimo? Na ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi ho etsa hore ke tloaelane haholo le batho ba sa lumelang kapa hore ke hlokomolohe lelapa la ka?’—Luka 6:45.
Ba bang ba iphelisang ka ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi ba ka ’na ba ikemela ha ba behella mesebetsi ea Bokreste ka thōko ha ho fihla linako tsa selemo tsa ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi. Leha ho le joalo, re bontša hore re lumela ho Molimo le hore rea mo tšepa ha re sa lumelle letho hore le tle pele ho lithahasello tsa hae. (Matheu 6:33) Ho feta moo, Bakreste ba mamela melao eohle ea “Cesare” e mabapi le ho tsoma le ho tšoasa litlhapi, ebang ba boholong ba e sala morao kapa che.—Matheu 22:21; Baroma 13:1.
Ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona e le hore ba iphaphathe le melao ea Jehova le tsela eo a talimang ho tsoma le ho tšoasa litlhapi ka eona. (Baefese 4:22-24) Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho hlompha liqeto tseo ba bang ba li entseng ho latela matsoalo a bona. Moapostola Pauluse o fane ka keletso e loketseng tabeng ena: “A re se keng ra hlola re ahlolana, empa ho e-na le hoo le etse qeto ea hore le se ke la beha khopiso kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo lōna.” (Baroma 14:13) Ho bontša lerato le joalo le se nang boithati le tlhompho ho tlisa khotso ka phuthehong ’me ho thabisa Moetsi oa rōna, Mohloli oa bophelo bohle.—1 Bakorinthe 8:13.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hape sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa May 15, 1990.