Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 5/15 maq. 30-31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na ho Fosahetse ho ja Nama?
    Tsoha!—1997
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 5/15 maq. 30-31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

◼ Na ho loketse hore Mokreste a ka tsoma kapa a tšoasa litlhapi?

Hangata ho arabela ka mekhoa e sa tšoaneng mabapi le ho tsoma ho akarelletsa maikutlo a tebileng. Ka hona ke hantle hore Bakreste ba loanele ho utloisisa le ho sebelisa monahano oa Jehova Molimo tabeng eo joalokaha o fumanoa ka Bibeleng.

Molimo o ile oa fa batho matla a ho busa liphoofolo tse “hlaha” le “tse lulang hae.” Qalong, batho ba ne ba se na tumello ea ’Mōpi, leha e le hore mohlomong ba ne ba e-na le tlhokahalo leha e le efe ea nama, hore ba bolaele liphoofolo lijo. (Genese 1:24, 29, 30, NW) Ke ka mor’a Moroallo feela Molimo o ileng oa fana ka tokelo ea hore batho ba je nama ea phoofolo e neng e fophisitsoe hantle “bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Genese 9:3, 4) Eno e ne e ka ba nama ea liphoofolo tse lulang hae kapa liphoofolo tse hlaha.

Baiseraele ba ne ba ruile liphoofolo, joaloka linku le likhomo, tse neng li bolaeloa lijo ha ba ne ba lakatsa nama. Ba ne ba boetse ba tsoma ’me ba tšoasa litlhapi hore ba fumane lijo. (Deuteronoma 12:20-24; 14:4-20) Sena se lumellana le polelo ea Molimo ea tšoantšetso ea hore o ne o tla ‘bitsa batšoasi ba bangata hore ba tšoase batho ba oona le litsomi tse ngata hore li ba tsome.’ (Jeremia 16:16) Hamorao, Jesu o ile a kopanyelletsa batšoasi ba litlhapi har’a baapostola ba hae ’me a tataisa mesebetsi ea sebele ea ho tšoasa.—Mattheu 4:18-22; 17:27; Luka 5:2-6; Johanne 21:4-7.

Ha mopatriareka ea hōlileng Isaaka a kōpa lijo tse khethehileng tsa nama tse latsoehang hamonate, mora oa hae Jakobo o ne a ikemiselitse ho bolaea lipotsanyane tse peli hore a mo etsetse lijo. Leha ho le joalo, Esau o ile a tsoma phoofolo e hlaha hore a fumanele ntat’ae nama ea khama. Hlokomela hore le hoja nama ea liphoofolo tse lulang hae e ne e fumaneha, Isaaka o ile a kōpa nama ea phoofolo e hlaha. Hape, hlokomela hore bara bao ba babeli ba ile ba bolaea liphoofolo tseo e neng e tla ba lijo tsa motho e mong osele, eseng bakeng sa bona.—Genese 27:1-19.

Liphoofolo li ka ’na tsa bolaeloa mabaka a mang ntle le nama ea tsona. Matlalo a tsona a ka ’na a etsoa liaparo. (2 Marena 1:8; Mareka 1:6; Ba-Heberu 11:37) Lintho tse koahelang tse sireletsang le lisebelisoa tse ling tse itseng le tsona li ne li etsoa ka matlalo a liphoofolo, esita le a liphoofolo tse sa hloekang hore li ka jeoa le tseo Baiseraele ba neng ba sa li je.—Exoda 39:33, 34; Numere 24:7; Baahloli 4:19; Pesaleme ea 56:8.

Tlhokahalo ea Molimo ea hore mali a phoofolo e bolailoeng a tšolloe e tšoanela ho hopotsa litsomi hore bophelo ba phoofolo bo tsoa ho oona ’me ka hona bo tšoanela ho tšoaroa ka tlhompho, eseng bo bolaeloe papali. (Levitike 17:13) Ka ho totobetseng Nimrode o ne a bolaea liphoofolo ’me mohlomong o ile a ikhohomosa ka tsebo ea hae ea ho tsoma, boholo kapa palo ea liphoofolo tseo a neng a li bolaea, kapa lintho tse khabisang tseo e ka ’nang eaba li ne li entsoe ka tsona. E ne e le “setsomi sa senatla pel’a Jehova.”—Genese 10:9.

Taba-tabelo e joalo ea ho tsoma kapa ho bolaea liphoofolo, kapa ea ho tšoasa litlhapi, e ka ’na ea hōla ka ho Mokreste. Litsomi tse ngata kapa batšoasi ba litlhapi ba hlahlobisisitseng lipelo tsa bona ba hlokometse hore ba ile ba tšoaetsoa ke ‘thabo ea ho bolaea liphoofolo.’ Thabo e joalo e tsamaea ’moho le ho nka bophelo ba phoofolo ka papali. Ka hona le hoja e se phoso ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi (ha phoofolo e bolailoeng kapa tlhapi e tšoasitsoeng e tla sebelisoa ke e mong bakeng sa lijo kapa morero o mong o tšoanelang), e ne e tla ba ho sa lokelang ho etsa joalo haeba Mokreste a ne a e-na le moea o hopotsang motho ka tlaleho ea Nimrode. Empa ho na le likotsi tse itseng ka ntle le ho fumana thabo ka ho tsoma, ho bolaea liphoofolo, kapa ho khabisa ka lintho tse bolailoeng.

Molula-Qhooa oa January 1, 1984, o ile oa tšohla hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba sa nke kapa hona bo boloka lithunya hore li sebelisoe khahlanong le batho kapa e le ho itšireletsa ho bona. (Maqephe 21-5) Ho thuisa ka keletso eo ho ile ha lebisa Lipaki tse ling hore li rere hore na ho bohlokoa hakae ho ba le lithunya tsa ho tsoma. Ba bangata ba khethile ho lahla lithunya tsa bona ka ho felletseng kapa hore ba qobe ho li beha moo li bonahalang ’me li fumaneha habobebe. Ka hona Bakreste bana ba ne ba ke ke ba fana ka maikutlo a hore ba motlotlo ka libetsa kapa hore ba li tšepile. Ho phaella moo, esita le ho se be le lithunya tsa ho tsoma, kapa ho se li behe moo li ka fumanehang habobebe, ho ka thibela kotsi. Ka hona libetsa tseo tse bolaeang li ne li ke ke tsa ba matsohong a bana ba ka ’nang ba ntša e mong kotsi kapa ba ’molaea ka phoso, leha e le hore lithunya li ne li tla ba haufinyane haeba e mong a ne a tšohile haholo kapa a tepelletse maikutlo.—Bapisa le Liproverbia 22:3.

Bakreste ba bang ba ka ’na ba rata tatso ea phoofolo e itseng e tsonngoeng kapa tlhapi, ’me tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho fumana lijo tse joalo ke ka ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi. Ba bang ba thabela moea le ho itlhakisa ho amanang le ho tsoma har’a meru, kapa ba fumana hore lihora tsa khutso tsa ho tšoasa litlhapi lia khatholla. Bibele ha e nyatse hona, kahoo ha ho hlokahale ho ahlola ba bang ka hore na ba thabela lintho tse joalo kapa che. ’Me mohlala oa Isaaka le bara ba hae o bontša hore ha ho hlokahale ho etsa khang ka hore na ke mang ea tla ja phoofolo e tsonngoeng kapa tlhapi.—Mattheu 7:1-5; Ba-Roma 14:4.

Ka ho totobetseng moapostola Petrose o ne a khomaretse ho tšoasa litlhapi. Litlhapi tse ling li ne li le haufi, Jesu ea tsositsoeng o ile a mo thusa ho hlahlobisisa maikutlo a hae ka litlhapi kapa mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi. Jesu o ile a botsa: “Simone, mor’a Jona, a u nthata haholo ho fetisa bana na?”—Johanne 21:1-3, 9-15; bona Molula-Qhooa, oa November 1, 1988, leqephe 31.

Ka ho tšoanang, Mokreste eo ka letsoalo le letle a khethang ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi o lokela hore a behe lintho tsa hae tse tlang pele ka tatellano. Ka mohlala, haeba nako ea ho tsoma kapa ea ho tšoasa litlhapi e ne e hlaha ka nako eo liboka tsa phutheho li neng li lokiselitsoe ka eona, o ne a tla etsa joang? Kapa na moqoqo oa hae o bontša hore o motlotlo ka tsebo ea hae ea ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi? Ke hantle hakaakang haeba Mokreste ea hōlileng eo ka nako e itseng, a khethang ho tsoma kapa ho tšoasa litlhapi ka kholiseho a ka re: “E, Morena, u tseba hoba kea u rata [ho feta lipakane tsena].”—Johanne 21:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela