Atamela ho Molimo
Ntate eo ho Seng ea Tšoanang le Eena
“NTATE.” Ke le leng la mantsoe ao batho ba a buang a bontšang lerato le tlhompho e tebileng. Ntate ea ratang bana ba hae ka pelo eohle o ba thusa hore ba atlehe. Ke kahoo Bibele e reng Jehova Molimo ke ‘Ntate.’ (Matheu 6:9) Jehova ke Ntate ea joang? Ho araba potso ena, a re hlahlobeng mantsoe ao Jehova a ileng a a bua ho Jesu ha a ne a kolobetsoa. Etsoe, tsela eo ntate a buang le bana ba hae ka eona e senola hore na ke motsoali oa mofuta ofe.
Hoo e ka bang ka October, 29 C.E., Jesu o ile a ea Nōkeng ea Jordane ho ea kolobetsoa. Bibele e re bolella se ileng sa etsahala, e re: “Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha, ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba o tla holim’a hae. Bonang! Hape, ha e-ba le lentsoe le tsoang maholimong le reng: ‘Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.’”a (Matheu 3:16, 17) Mantsoe ana a mofuthu a buuoeng ke Jehova ka ho toba a re bolella hore na ke Ntate oa mofuta ofe. Hlokomela lintho tse tharo tseo Jehova a ileng a li bolella Mora oa hae.
Ntho ea pele, ha Jehova a re “enoa ke Mora oa ka,” ha e le hantle o ne a re, ‘Ke motlotlo ho ba Ntate oa hao.’ Ntate ea elang hloko seo bana ba hae ba se hlokang oa ba ananela ebile oa ba thahasella. Ho hlokahala hore bana ba bolelloe khafetsa hore ke ba bohlokoa ka lapeng. Ak’u inahanele hore na Jesu o ile a ikutloa joang—le hoja a ne a se a le moholo—ha a utloa Ntate oa hae a mo ananela joalo!
Ntho ea bobeli, ha Jehova a re Mora oa hae ke “ea ratoang,” o ne a bolela phatlalatsa hore o rata Jesu. Ka mantsoe a mang, Ntate o ne a re, ‘Kea u rata.’ Ntate ea molemo o bolella bana ba hae hore o ba rata haholo. Mantsoe ao—ha a buuoa ka lerato le mofuthu—a thusa bana hore ba atlehe. E tlameha ebe Jesu o ile a thaba haholo ha a utloa Ntate oa hae a re oa mo rata.
Ntho ea boraro, ha Jehova a re, “eo ke mo amohetseng,” o ne a bolela hore o ananela Mora oa hae. Ho ne ho tšoana le hore Jehova o re, ‘Mora, u ntlhatsoitse pelo.’ Ntate ea lerato o malala-a-laotsoe ho tsebisa bana ba hae hore o thabisoa ke lintho tse ntle tseo ba li buang kapa ba li etsang. Bana baa khothala ebile ba tiea moko ha ba tseba hore batsoali ba bona baa ba ananela. Ka sebele e tlameha ebe Jesu o ile a khothala haholo ha a utloa hore Ntate oa hae oa mo ananela.
Ka sebele, Jehova ke Ntate eo ho seng ea tšoanang le eena. Na u lakatsa ho ba le ntate ea joalo? Haeba ho joalo, khothala hobane u ka khona ho ba le kamano ena le Jehova. Haeba u bontša tumelo ’me u ithuta ka eena u bile u leka ka hohle ho etsa thato ea hae, o tla etsa ho hong. Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Na ho na le se ka etsang hore u ikutloe u sireletsehile ho feta ho ba le kamano e haufi le Ntate ea molemo ka ho fetisisa, e leng Jehova Molimo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho latela tlaleho e batlileng e tšoana le ena e Kospeleng ea Luka, Jehova o ile a sebelisa seemeli “u,” ha a re: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse.”—Luka 3:22.