Ho Haha ho Rorisang Jehova
“Khele! Ke ne ke sa nahane hore re ka kopanela sebakeng se setle hakana ho rorisa Jehova. Thabo ea ka ea khaphatseha!”—MARIA, MEXICO.
LIPAKI TSA JEHOVA li thabela ho bokana e le hore li ithute Lentsoe la Molimo, Bibele. (Pesaleme ea 27:4; Baheberu 10:23-25) Haholo-holo li thabela ho bokana libakeng tse hlomphehang tsa borapeli. Lilemong tsa morao tjena li hahile libaka tse ncha tse likete-kete tsa borapeli—tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso—linaheng tse ngata lefatšeng ka bophara.
Ke eng se entseng hore ho hahoe hakaale? Mosebetsi o etsoa ke bo-mang? Mosebetsi oo oa ho haha o ama batho ba o etsang joang? Ho araba lipotso tseo, nahana ka se etsahetseng Mexico le Belize.
Ho Hlokahala Liholo Tsa ’Muso Tse Likete-kete!
Nakong e fetileng, Lipaki Tsa Jehova tsa Mexico li ne li bokana kae kapa kae bakeng sa borapeli—ebang ke ka mor’a ntlo, malapeng a Lipaki, libakeng tsa polokelo, likaracheng kapa liholong tse hiriloeng. Nakong ena, hangata Lipaki tsena tse tšepahalang li ne li nahana kamoo ho neng ho tla ba monate kateng haeba li ka ikahela Liholo tsa tsona Tsa ’Muso.
Ka 1994 ho ne ho e-na le Lipaki tse 388 000 Mexico. Ho ile ha hlahlojoa boemo selemong seo ’me ha fumanoa hore ho ne ho tla hlokahala ho hahoe Liholo Tsa ’Muso tse 3 300 e le hore kaofela li be le libaka tsa borapeli. Ruri e ne e tla ba mosebetsi oa motonanahali.
Liphutheho tse ling tse neng li khona li ne li se li ntse li ikahela Liholo Tsa ’Muso. Empa lilemong tse hlano tse latelang, ho ile ha hlaka hore re ne re lokela ho haha liholo tse eketsehileng ’me re li hahe ka potlako. Joale ho etsoa eng ho finyella see?
Lihlopha Tsa Baithaopi ba Nang le Tsebo li ea Libakeng Tse Fapaneng
Ka 1999 ho ile ha thakholoa letšolo le lecha la ho haha. Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso li ile tsa qala ho thehoa Mexico. Lipaki Tsa Jehova naheng eohle—tseo bongata ba tsona bo neng bo tseba ho haha—li ile tsa ithaopela ho kopanela letšolong lena le thabisang. Hona joale, Mexico e na le lihlopha tse 35, ’me ho thehiloe sehlopha se le seng Belize.
Hangata Lihlopheng tsena Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso ho na le baithaopi ba ka bang robeli sehlopheng ka seng, banna le basali ba sebetsang ka nako eohle ba sa lefuoe. Baithaopi bana ba thabileng ba ea libakeng ka ho fapana naheng ena e le hore ba ka etella pele mosebetsing oa kaho. Moithaopi e mong le e mong o sebetsa lihora tse robeli ka letsatsi ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano hammoho le Moqebelo o mong le o mong oa bobeli oa khoeli. Ho qaloa ka 7:00 hoseng ka ho tšohla temana ea Bibele, ebe ka mor’a moo ho jeoa lijo tsa hoseng. E mong le e mong o ikemiselitse ho etsa eng kapa eng eo ho thoeng a e etse. Ka mohlala, basali ba sebetsa le banna mesebetsing e kang ho plastara, ho kenya lithaele le ho penta.
Phutheho e haheloang holo e amohela basebetsi bana ba baithaopi, e ba hlatsoetsa liaparo ’me e ba phehela lijo. Ntle le ho sebetsa hammoho ha ho hahoa, baithaopi bana le Lipaki tsa sebakeng seo ba thabela ho ba hammoho libokeng tsa Bokreste le ha ba bolela evangeli ka ntlo le ntlo.
Melemo ea ho ba Moithaopi
Baithaopi baa ba ikutloa joang ka mosebetsi oa bona? Daniel, eo e bileng moithaopi ka lilemo tse fetang tse tharo, o re: “Ke ’nete hore re sebetsa mochesong le serameng, re ja lijo tseo re sa li tloaelang, re bo-hloma-u-hlomole, re hōle le ba habo rōna, ’me maemong a mangata ha re na lintho tsa sejoale-joale tse nolofatsang bophelo.” O tsoela pele ho re: “Empa mathata ana hase letho ha a bapisoa le melemo eo re e fumanang.”
E meng ea melemo eo ke efe? Baithaopi ba bangata ba ithuta mesebetsi e mecha ea ho haha. Empa moithaopi ea bitsoang Carlos, ea okametseng se seng sa lihlopha tse khōlō, o bolela molemo oo a nahanang hore ke oa bohlokoa haholo. O re: “Ekare re lelapa la batho ba 20. Re ja hammoho, re sebetsa hammoho, re ithuta hammoho, re rapela hammoho. Re metsoalle ea hlooho ea khomo.”
Baithaopi bana ba boetse ba ba le metsoalle ea hlooho ea khomo liphuthehong tseo ba li thusang. José, eo e bileng moithaopi ha ho hahoa liholo tse fetang 100, o re: “Hoa hlolla ho bona Lipaki tsa moo li ntša meokho ea thabo ’me li bososela ka lebaka la kananelo ha li bona Holo ea tsona e ncha ea ’Muso.” O eketsa ka ho re: “Re thabela ho bona ha tumelo ea ba bang e matlafatsoa ke karolo e nyenyane eo re e phethang ha re haha ntlo e ’ngoe ea borapeli ba ’nete.”
Mosebetsi o Tsoileng Matsoho!
Libaka tsena tsa borapeli ha li majabajaba. Ho e-na le hoo, Liholo tsena Tsa ’Muso li entsoe ka tsela e itekanetseng, e le hore li ka hahoa ka potlako le ka bochipi. Ha ho khoneha, ho sebelisoa thepa ea mohaho le mekhoa ea sebakeng ka seng. Ha ho sebelisoa mokhoa ona, holo e ncha e ka phethoa ka libeke tšeletseng feela!
Ka 2007, liphutheho tsohle tsa Belize li ne li se li e-na le Liholo tse ncha Tsa ’Muso—tse 17 ka kakaretso. Mexico liholo tse fetang 1 400 li hahiloe ho tloha ka 1999!
Le hoja ho entsoe mosebetsi o motle, ho sa ntse ho e-na le o mongata o lokelang ho etsoa. (Matheu 9:37) Hona joale palo ea Lipaki tsa Mexico e se e feta 600 000—kaofela ha tsona li bokana hararo ka beke e le hore li rutoe Lentsoe la Molimo. Ka lebaka leo, ho sa ntse ho hlokahala liholo tse ncha tse ka bang 2 000. Hoja mosebetsi ona o ne o etsoa ka matla a batho, ho ne ho tla ba thata ho o finyella. Empa lenane la tse hahiloeng le bontša hore ka thuso ea Jehova Molimo, “lintho tsohle lia khoneha.”—Matheu 19:26.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Li Phelela Lentsoe la Tsona”
Mosebetsi oa ho haha Liholo Tsa ’Muso ha o ame Lipaki Tsa Jehova tsa phutheho ea sebakeng ka seng feela. Ka mohlala, ha ho ntse ho hahoa Holo ea ’Muso Belize, monna eo mosali oa hae a kenang kereke ea Pentekonta o ile a mo bolella hore ha Lipaki Tsa Jehova li qeta ho haha “kereke” ea tsona, o batla ho e kena. O ne a khahliloe ke eng? O itse: “Kea bona hore Molimo o na le tsona. Li sebetsa hammoho ka khotso. ’Me li phelela lentsoe la tsona.”
[Setšoantšo]
Holo ea ’Muso ea Orange Walk, Belize
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
Mosebetsi o Etsoang Lefatšeng Lohle
Ho na le Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso linaheng tse 120. Tlaase mona ho thathamisitsoe linaha tse seng kae feela tseo ho tsona baithaopi ba etsang mosebetsi ona ka thabo:
Angola, Bolivia, Croatia, Dominican Republic, Ethiopia, Fiji, Ghana, Hong Kong, India, Jamaica, Kazakhstan, Liberia, Moldova, Nigeria, Papua New Guinea, Rwanda, Tuvalu, Ukraine, Venezuela, Zambia.
[Litšoantšo]
Holo ea ’Muso ea Acapulco, Mexico
Sehlopha sa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso Mexico
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]
Holo ea ’Muso ea Tlaxcala, Mexico