Ke Hobane’ng ha re Tsofala ’me re Shoa?
HAESALE bo-rasaense ba ntse ba ipotsa potso ena, Ke hobane’ng ha batho ba tsofala ’me ba shoa? Bo-rasaense ba bang ba nahana hore liphatsa tsa lefutso ke tsona tse laolang hore na sele ka ’ngoe e lokela ho phela nako e kae. Ba bang ba fana ka litlhaloso tse ling, tse akarelletsang thuto ea hore boko bo ntša li-hormone tseo e leng tsona lisosa tse khōlō tsa botsofali bo qetellang ka lefu. Bo-rasaense ha ba na bonnete ba hore na ehlile lithuto tseo li nepahetse, ebile ba bangata baa lumela hore ha ho tsejoe hore na ke hobane’ng ha batho ba tsofala.
Ha motho a hlahloba lintho tseo bo-rasaense ba li sibolotseng le liqeto tseo ba li fihletseng, o lokela ho hopola hore boholo ba bona ha ba lumele hore ’Mōpi ke eena mohloli oa bophelo. Ba tšepa hore qetellong ba tla be ba fumane hore na ha e le hantle ke eng e bakang botsofali le lefu, e leng se tla etsa hore ba khone ho lelefatsa bophelo ba motho ka ho sa feleng. Ba iphapanyetsa taba ea hore ’Mōpi ke eena ea ileng a ahlolela banyalani ba pele lefu, a ba a phethahatsa kahlolo eo ka tsela eo motho a ke keng a e utloisisa ka botlalo; ka ho tšoanang, o fa batho ba bontšang tumelo ho Mora oa hae moputso oa bophelo bo sa feleng.—Genese 2:16, 17; Johanne 3:16.
Sesosa sa Lefu Sea Senoloa
Nakong ea ha a bōpa Adama, Molimo o ile a hloma “sefate sa bophelo” serapeng sa Edene. (Genese 2:9) Kamoo ho bonahalang kateng, litholoana tsa sefate sena ka botsona li ne li se na matla a ho phelisa, empa se ne se emela tiiso eo Molimo a neng a fane ka eona ea hore motho eo a tla mo lumella ho ja tholoana ea sona o tla phela “ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ha Adama a etsa sebe, o ile a thibeloa ho ja tholoana ea sefate seo. Jehova o ile a re: “Joale e le hore a se ke a isa letsoho eaba o kha le litholoana tsa sefate sa bophelo a ja ’me a phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang,—.” Eaba Jehova o phethahatsa seo a se buileng. O ne a ke ke a lumella motho ea sa tšoaneleheng hore a lule serapeng seo se etselitsoeng batho ba lokileng le hore a je litholoana tsa sefate sa bophelo.—Genese 3:22, 23.
Joale Adama, ea neng a thabela bophelo bo phethahetseng ha a ne a ntse a mamela Jehova, o ne a se a utloa litholoana tsa sebe le liphello tsa sona, e leng lefu. Leha ho le joalo, o ne a ntse a e-na le matla a ho phela. Le hoja a ne a le boemong bo hlobaetsang ba ho hloka kamano le Molimo le ho se fumane lijo tsa moea, o ile a phela lilemo tse 930 pele a khaoletsoa ke lefu. Khabareng ha aa ka a khona ho fetisetsa bophelo bo phethahetseng ho litloholo tsa hae, empa o ile a li siela bophelo ba nakoana, kaha tse ngata har’a tsona li ile tsa phela lilemo tse 700 ho ea ho tse 900.—Genese 5:3-32.
Seo Batho ba se Hlokang Hore ba Phele
Ntle le hore bo-rasaense ba bangata ba iphapanyetsa sesosa sa lefu molokong oa batho kaofela, taba ea bohlokoa le ho feta ke hore ba bile ba iphapanyetsa ntho e ka sehloohong e hlokahalang hore batho ba phele ka ho sa feleng. Le hoja e le habohlokoa hore ’mele oa motho o lule o feptjoa hantle o bile o matlafatsoa ka ho hema, ho noa le ho ja, ho na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa e hlokahalang hore motho a tsoele pele a phela ho ea ho ile. Jehova o ile a bolela molao-motheo oo ha a re: “Motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.”—Deuteronoma 8:3.
Ha Molimo a ne a bōpa motho, o ile a mo etsa ka setšoantšo sa Hae, ho ea ka sebōpeho sa Hae. (Genese 1:26, 27) Ke ’nete hore sena se ne se sa bolele ponahalo kapa sebōpeho sa ’mele, hobane Molimo ke Moea ’me motho ke nama. (Johanne 4:24) Seo se ne se bolela hore kaha motho o fapane le “liphoofolo tse sa nahaneng,” o ne a e-na le matla a ho nahana, a e-na le litšobotsi tse kang tsa Molimo, tse kang lerato, ho utloisisa toka, bohlale le matla. (2 Petrose 2:12; bapisa le Bakolose 3:10.) O ne a ka utloisisa hore na o phelela’ng le hore na morero oa ’Mōpi ke ofe mabapi le eena. Ka hona o ne a filoe matla a ho utloisisa lintho tsa moea. O ne a ka leboha ’Mōpi oa hae a ba a mo rapela. O ne a hloka ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta lijo tsa nama; o ne a lokela ho fumana lijo tsa moea. Kantle ho Jehova Molimo le lijo tsa moea, motho a ke ke a tsoela pele a phela ho ea ho ile. Ha Jesu a bua ka ho phela ka ho sa feleng, o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Ho latela ’nete ho tla thusa motho hore a tsebe tokisetso ea Molimo ka Jesu Kreste, ea ileng a itela hore e be “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Jesu Kreste o bitsoa “Adama oa ho qetela . . . moea o fanang ka bophelo.” (1 Bakorinthe 15:45) Ho ea ka boprofeta o bitsoa “Ntate oa ka ho sa Feleng” ea ileng a ‘tšolla moea oa hae lefung,’ eo ‘moea oa hae o behiloeng e le nyehelo ea molato.’ A ka khona ho etsa hore moloko oa batho o boele o be le bophelo bo phethahetseng, kahoo a phelisa ba mo mamelang le ba bontšang tumelo nyehelong eo a e entseng ka ho tela moea oa hae.—Esaia 9:6; 53:10-12.
Tsela Feela e Isang Bophelong bo sa Feleng
Moapostola Johanne o qotsa mantsoe a Jesu ha a re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ha Jesu a etsa papiso ea linku le lipōli, o ile a re batho ba lichaba bao a ba beheletseng ka letsohong le letona e le linku ba fumana ‘bophelo bo sa feleng.’ (Matheu 25:46) Ha Adama a bōptjoa e le motho ea phethahetseng, e ne e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Pono ea boprofeta e ho Tšenolo 21:1-4 e bua ka nako eo ka eona ho tla ba le “leholimo le lecha” le “lefatše le lecha” ’me e tšepisa hore ka nako eo “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Kaha tšepiso ena ha ea fuoa libōpuoa tsa moea, empa ka ho khetheha e filoe “moloko oa batho,” e re tiisetsa hore moloko o mocha oa batho o phelang lefatšeng o busoang ke “leholimo le lecha,” o tla boela o phele hantle ’meleng le kelellong o be o phele ka ho sa feleng e le “bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.
Taelo eo Molimo a ileng a e fa Adama e fana ka maikutlo a hore haeba Adama a ne a ka mo mamela, o ne a ke ke a shoa. (Genese 2:17) Kahoo ha sera sa ho qetela sa batho, e leng lefu, se se se entsoe lefeela ’me ho setse batho ba mamelang, ba tla be ba e-na le ’mele e se nang sebe se bakang lefu. Ba ke ke ba hlola ba shoa le ka mohla. (1 Bakorinthe 15:26) Lefu le tla etsoa lefeela qetellong ea puso ea Kreste, eo buka ea Tšenolo e bolelang hore e tla nka lilemo tse 1 000. Buka eo e bontša hore bao e tla ba marena le baprista hammoho le Kreste ba ile “ba phela eaba ba busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete.” E tlameha ebe “bafu ba bang kaofela” ba sa kang ba phela “ho fihlela lilemo tseo tse sekete li felile” ke ba tla be ba phela qetellong ea lilemo tse sekete, empa pele Satane a lokolloa mohohlong ’me a tlisetsa moloko oa batho teko ea makhaola-khang. Qetellong ea lilemo tse sekete, batho ba phelang lefatšeng ba tla be ba phethahetse, ba le boemong boo Adama le Eva ba neng ba le ho bona pele ba etsa sebe. Joale bophelo ba bona bo tla be bo hlile bo phethahetse. Ka mor’a moo, ba hlōlang teko ha Satane a lokolloa mohohlong ka nakoana, ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:4-10.
Mantsoe a Jesu a totobatsa hore boiteko ba batho ba ho lelefatsa bophelo ho ea ho ile, kapa lithuto tsa hore ha batho ba ja lijo tse itseng kapa ba latela melao e itseng ea ho itlhokomela ’meleng seo se tla etsa hore ba lule ba phela, ke lefeela. Lintho tseo li ka ntlafatsa bophelo ka nakoana feela. Tsela feela ea ho fumana bophelo ke ho mamela litaba tse molemo, e leng “lentsoe la bophelo.” (Bafilipi 2:16) E le hore motho a fumane bophelo, o lokela ho tsepamisa mohopolo “linthong tse holimo, eseng linthong tse lefatšeng.” (Bakolose 3:1, 2) Jesu o ile a re ho bamameli ba hae: “Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo bo sa feleng, ’me ha a tle kahlolong empa o fetile lefung ho ea bophelong.”—Johanne 5:24; 6:40.