Kamoo ’Muso oa Boholo-holo oa Lydia o re Amang Kateng Kajeno
MOHLOMONG u qala ho utloa ka ’muso oa boholo-holo oa Lydia, kahoo, u ka ’na ua makala ho tseba hore se sibolotsoeng moo se ile sa fetola tsela eo lefatše le hoebang ka eona. Mohlomong babali ba Bibele le bona ba tla makala ho tseba hore se qapiloeng Lydia se re thusa ho utloisisa boprofeta bo thata ba Bibele. Baahi ba Lydia ba ile ba sibolla eng? Pele re araba, u tla thabela ho tseba ho itseng mabapi le kamoo ho neng ho pheloa kateng ’musong ona o seng o batla o lebaloa le hore na o bile teng neng.
Marena a Lydia a ne a busa a le motse-moholong oa eona, e leng Sarda, karolong e ka bophirimela ea seo ho neng ho thoe ke Asia Minor, eo hona joale e leng Turkey. Morena oa ho qetela oa Lydia, ea bitsoang Croesus, o ile a bokella leruo le leholo, empa hoo e ka bang ka 546 B.C.E., ’muso oa hae o ile oa haptjoa ke Cyruse e Moholo oa Persia—eena Cyruse ea ileng a hapa ’Muso oa Babylona lilemo tse seng kae hamorao.
Ho thoe bo-rakhoebo ba pele ba Lydia ke bona ba pele ba ileng ba sebelisa chelete ea tšepe. E ne e se e le khale ho sebelisoa khauta le silevera e le chelete, empa ka lebaka la boholo bo sa lekaneng ba litene le likotoana tsa khauta, ho ne ho hlokahala hore nako le nako batho ba bekhe chelete ha ba reka. Ka mohlala, Iseraele, moprofeta oa Molimo ea bitsoang Jeremia o ile a reka naha eaba o re: “Ka qala ho mo bekhela chelete, lishekele tse supileng le likotoana tsa silevera tse leshome.”—Jeremia 32:9.
Batho ba Lydia ba mehleng ea Jeremia ba ile ba sibolla ntho e neng e tla nolofatsa khoebo—e leng ho sebelisa chelete ea tšepe e tempiloeng ka setempe sa molao ho tiisa boima ba eona. Lichelete tsa tšepe tsa pele tsa Lydia li ne li entsoe ka khauta e tsoakaneng le silevera. Ha Croesus e e-ba morena, o ile a li nkela sebaka ka lichelete tsa tšepe tse entsoeng ka silevera le khauta e batlang e hloekile. Baahi ba Lydia ba ile ba qapa tšebeliso ea lichelete tsa tšepe tsa mefuta e ’meli eo ho eona lichelete tse 12 tsa tšepe tsa boleng bo tlaase li neng li lekana le e le ’ngoe e entsoeng ka tšepe ea boleng bo holimo. Empa sena se ne se ka baka bothata ba hore ho etsoe lichelete tsa maiketsetso tsa tšepe tse entsoeng ka khauta e tsoakiloeng le tšepe ea boleng bo tlaase. Ho ne ho hlokahala hore bahoebi ba fumane tsela e bonolo ea ho hlahloba hore na khauta eo e hloekile kapa che.
Baahi ba Lydia ba ile ba fumana hore mofuta oa lejoe le letšo le fumanehang hona moo le bitsoang lejoe la Lydia o ne o tla rarolla bothata boo. Ha chelete ea tšepe e hohloa holim’a lejoe lena le boreleli, le batlang le le khorofo, e siea letheba. Ha ’mala oa letheba leo o bapisoa le oa matheba a entsoeng ke tšepe eo ho tsejoang hore e na le khauta e kae, ho ne ho ka tsejoa hore na chelete eo ea tšepe e na le khauta e kae. Ha ho sibolloa mokhoa ona oa ho sebelisa lejoe le hlahlobang chelete ea tšepe, ho ile ha e-ba bonolo hore ho etsoe chelete ea tšepe e ka tšeptjoang. Ho tseba ka majoe a neng a hlahloba chelete ho re thusa joang hore re utloisise Bibele?
Majoe a Tšoantšetso a Hlahlobang ka Bibeleng
Ha ho hlahloba boleng ba khauta lejoeng ho ntse ho ata ho bahoebi, lentsoe le sebelisoang bakeng sa “lejoe le hlahlobang” le ile la bolela mokhoa oa ho hlahloba. Ka Segerike, e leng puo eo karolo e ’ngoe ea Bibele e ngotsoeng ka eona, lentsoe leo le ne le boetse le bolela ho hlokofatsoa ha batho.
Kahobane balebeli ba teronko ba ne ba hlokofatsa batšoaruoa, lentsoe le nkiloeng ho “lejoe le hlahlobang” le ne le boetse le sebelisoa ho balebeli ba teronko. Kahoo, ka Bibeleng ho boletsoe papiso ea Jesu eo ho eona lekhoba le se nang teboho le ileng la isoa ho “balebeli ba teronko,” kapa joalokaha Libibele tse ling li bolela, le ile la isoa ho “bahlokofatsi.” (Matheu 18:34; Bibele ea Sesotho, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ha The International Standard Bible Encyclopaedia e bua ka temana ena, e re: “Mohlomong ho kenngoa teronkong ka bohona ho ne ho nkoa e le ‘tlhokofatso’ (joalokaha ho se pelaelo ea seo), kahoo e tlameha ebe balebeli ba teronko ke ‘bahlokofatsi.’” Sena se re thusa ho utloisisa temana e thahasellisang ea Bibele.
Sephiri Sea Utolloa
Ke khale batho ba ratang ho bala Bibele ba ipotsa hore na Satane o tla fella kae. Bibele e re: “Diabolose . . . a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole, moo sebata le moprofeta oa bohata ba neng ba se ba le hona teng; ’me ba tla hlokofatsoa bosiu le motšehare ka ho sa feleng le kamehla.” (Tšenolo 20:10) Ka sebele, hore Jehova a ahlolele motho tlhokofatso ea ka ho sa feleng ha ho lumellane le lerato la Molimo le toka ea hae. (Jeremia 7:31) Ho phaella moo, Bibele e re bophelo bo sa feleng ke mpho eseng kotlo. (Baroma 6:23) Kahoo, ho hlakile hore Tšenolo 20:10 e ngotsoe ka puo ea tšoantšetso. Sebata le letša la mollo ke tsa tšoantšetso. (Tšenolo 13:2; 20:14) Na le tlhokofatso ee ke ea tšoantšetso? Ebe temana ee e bolela’ng?
Joalokaha re bone, lentsoe la Segerike le bolelang “tlhokofatso” le tsoa lentsoeng le bolelang “lejoe le hlahlobang” ’me le ka boetse la bolela tlhokofatso ea ho koalloa teronkong. Kahoo, ho hlokofatsoa ha Satane ka ho sa feleng ho ka ’na ha bolela hore o tla koalloa teronkong e lebetsoeng ka thata ka ho fetisisa—e leng lefu.
Mokhoa o neng o sebelisoa Lydia oa ho sebelisa lejoe le hlahlobang chelete ea tšepe o re thusa ho utloisisa ho hong ka ho “hlokofatsoa” ha Satane ka ho sa feleng ho lumellanang le lerato la Molimo. Ka lipuo tse ling, “lejoe le hlahlobang” ke mokhoa o tloaelehileng oo ho hlahlojoang lintho ka oona. Ka mohlala, ka Senyesemane, “lejoe le hlahlobang” le bolela “tlhahlobo kapa ho lekanyetsa boleng kapa ho tiea ha ntho.” Kahoo, ha ho buuoa ka ho “hlokofatsoa” ha Satane ka ho sa feleng, sena se bolela hore kahlolo ea hae e tla ba mohlala oa ka ho sa feleng oa se tla etsahala haeba ho ka hlaha bofetoheli leha e le bofe khahlanong le Jehova nakong e tlang. Le ka mohla bobusi ba Jehova bo ke ke ba hlola bo qholotsoa ka nako e telele bakeng sa ho paka hore ea bo qhololitseng o fositse.
Ho utloisisa lebaka leo ka lona bahoebi libakeng tsohle ba ileng ba amohela mokhoa o neng o sebelisoa Lydia oa ho sebelisa lejoe le hlahlobang chelete ea tšepe le ho utloisisa lipolelo tsa tšoantšetso tse bileng teng ka lebaka la mokhoa ona, ho etsa hore re utloisise se tla etsahalla Satane. Se tla mo hlahela e tla ba mohlala oa ka ho sa feleng oa kahlolo o tla etsa hore ho se ke ha hlola ho hlokahala hore Molimo a boele a mamelle bofetoheli.—Baroma 8:20.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Tlhokofatso ea Satane ea tšoantšetso e bolela hore kahlolo ea hae e tla ba mohlala oa ka ho sa feleng
[’Mapa leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leoatle le Letšo
LYDIA
SARDA
Leoatle la Mediterranean
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lithako tsa Sarda ea boholo-holo
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mehleng ea khale, chelete e ne e bekhoa sekaleng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
E. Strouhal/Werner Forman/Art Resource, NY
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 22, 23]
Mokhoa oa ho sebelisa lejoe le hlahlobang chelete o ntse o sebelisoa le kajeno
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Coins: Courtesy Classical Numismatic Group, Inc.; touchstone: Science Museum/Science & Society Picture Library
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Electrum coin: Courtesy Classical Numismatic Group, Inc.