Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/15 maq. 3-6
  • Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moutloa Nameng”
  • Mefokolo e Patehileng
  • Se re Kholisang Hore Jehova o Tla re Tšehetsa
  • Se ka re Thusang ho Hlōla Mefokolo e Patehileng
  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Loana le “Moutloa Nameng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Bibele e Ntse e Fetola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • “Ha ke Fokola Joale ke ha ke le Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/15 maq. 3-6

Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo

MEFOKOLO ea hao e ka u tetebetsa. E ka u homela joaloka linotši. U ka ’na ua nahana hore ha ho mohla u tla ke u e hlōle, ua inka u sa tšoanelehe, kapa ua ikutloa u se letho ha u ipapisa le batho ba bang. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba u tobane le boloetse bo u monyang matla bo bileng bo u nyotobetsang. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, u ka ’na ua ikutloa u tlaletsoe ke nōka. U ka ’na ua ikutloa joaloka Jobo ha a ne a re ho Molimo: “Hoja u ka mpata Sheole, ua mpoloka sephiring ho fihlela bohale ba hao bo tloha, ua ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola!”—Jobo 14:13.

Ke eng e ka u imollang boemong bo nyahamisang joalo? Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata, u lokela ho lebala hanyenyane ka mathata a hao. Ka mohlala, u ka ’na ua nahana ka lipotso tsena tse bululetsoeng tseo Jehova a ileng a li botsa mohlanka oa hae ea tšepahalang Jobo: “U ne u le hokae ha ke theha lefatše? Mpolelle, haeba u tseba kutloisiso. Ke mang ea behileng litekanyo tsa lona, haeba u tseba, kapa ke mang ea ileng a otlolla khoele ea ho lekanya holim’a lona?” (Jobo 38:4, 5) Ha re ntse re nahana ka hore na lipotso tsena ke tsa bohlokoa hakae, mohlomong re tla lemoha hore Jehova o na le bohlale bo phahameng le matla a maholo. O na le lebaka le utloahalang la ho lumella boemo bo teng lefatšeng la kajeno hore bo tsoele pele.

“Moutloa Nameng”

Mohlanka e mong oa Jehova ea tšepahalang o ile a kōpa Jehova hore a tlose “moutloa nameng,” e leng bothata bo sa eeng moriting boo a neng a e-na le bona. Ka makhetlo a mararo moapostola Pauluse o ile a kōpa Molimo ka tieo hore a tlose teko ena. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, joaloka moutloa o bohloko, e ne e ka etsa hore Pauluse a felloe ke thabo tšebeletsong ea hae ho Jehova. Pauluse o ile a e bapisa le ho lula a jabeloa. Jehova o ile a mo araba ka ho re: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Jehova ha aa ka a tlosa moutloa oo nameng. Pauluse o ile a lokela ho loana le oona, empa o ile a phaella ka ho re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakor. 12:7-10) O ne a bolela’ng?

Bothata ba Pauluse ha boa ka ba nyamela ka mohlolo. Ho ntse ho le joalo, ha boa ka ba mo sitisa ho etsa lintho tse babatsehang tšebeletsong ea Jehova. Pauluse o ile a itšetleha ka tšehetso ea Jehova ’me kamehla o ne a kōpa thuso ea hae. (Bafil. 4:6, 7) Ha Pauluse a se a ea a lebile qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng, o ne a ka bua mantsoe ana: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.”—2 Tim. 4:7.

Jehova o sebelisa batho ba sa phethahalang ho phetha thato ea hae ho sa tsotellehe mefokolo ea bona le mathata a bona, kahoo o tšoaneloa ke thoriso. A ka ba tataisa a ba a ba fa bohlale ba ho sebetsana le mathata a bona e le hore ba lule ba thabela ho mo sebeletsa. Ka sebele, a ka sebelisa batho ba sa phethahalang hore ba etse lintho tse khōlō le hoja ba e-na le mefokolo.

Pauluse o ile a bolela lebaka leo ka lona Molimo a sa kang a tlosa moutloa nameng ea hae ha a re: “E le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa.” (2 Bakor. 12:7) “Moutloa” oo o ile oa hopotsa Pauluse hore o na le mefokolo oa ba oa mo thusa hore a lule a ikokobelitse. Sena se lumellana le seo Jesu a re rutileng sona: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Mat. 23:12) Liteko li ka ruta bahlanka ba Molimo boikokobetso tsa ba tsa ba thusa ho lemoha hore ba lokela ho itšetleha ka Jehova e le hore ba mamelle ka botšepehi. Kahoo, joaloka moapostola enoa, ba ka ‘ithorisa ka Jehova.’—1 Bakor. 1:31.

Mefokolo e Patehileng

Ba bang ba ka ’na ba e-ba le mefokolo eo ba sa e lemoheng kapa eo ba leng lesisitheho ho lumela hore ba na le eona. Ka mohlala, motho a ka ’na a itšepa ho tlōla, a itšetleha ka matla a hae. (1 Bakor. 10:12) Bofokoli bo bong bo tloaelehileng ho batho ba sa phethahalang ke ba ho batla ho hlahella.

Joabe, eo e neng e le molaoli oa lebotho la Morena Davida, o ne a le sebete, a sa qeaqee ha a tšoanela ho etsa liqeto a bile a khona ho rarolla mathata. Leha ho le joalo, Joabe o ile a etsa lintho tse mpe haholo tse ileng tsa bontša hore oa ikakasa ebile o rata maemo. O ile a bolaea baeta-pele ba babeli ba sesole ka mabifi. O ile a qala ka ho bolaea Abnere ka boiphetetso. Hamorao Joabe o ile a etsa eka o lumelisa Amasa mor’a ’mangoan’ae, eaba o tšoara litelu tsa Amasa ka letsoho la hae le letona joalokaha eka oa mo aka a ntoo mo hlaba ka sabole e ka letsohong la hae le letšehali ’me a mo bolaea. (2 Sam. 17:25; 20:8-10) Amasa o ne a nketse Joabe sebaka sa ho ba molaoli oa lebotho, kahoo Joabe o ile a nka monyetla ona hore a bolaee motho eo ea qothisanang lehlokoa le eena, mohlomong a tšepile hore o tla boela a khutlisetsoe setulong sa ho ba molaoli oa lebotho. Ho totobetse hore Joabe o ne a sa khone ho laola maikutlo a hae, ho akarelletsa le litakatso tsa hae tsa boithati. O ne a le sehlōhō a bile a sa ikoahlaee. Ha Morena Davida a le haufi le ho shoa o ile a laela mor’a hae Solomone hore a tiise hore Joabe o ahloleloa bokhopo boo a bo entseng.—1 Mar. 2:5, 6, 29-35.

Ka sebele ha rea lokela ho inehella litakatso tse fosahetseng; re ka hlōla mefokolo ea rōna. Taba ea pele ke hore re e hlokomele re be re lumele hore re na le eona. Joale re ka nka bohato ba ho e loantša. Re ka rapela Jehova kamehla, ra kōpa hore a re thuse ho hlōla mefokolo ea rōna ra ba ra khothalla ho ithuta Lentsoe la hae, ebe re batla litsela tsa ho laola lintho tseo tse metseng ka metso lipelong tsa rōna. (Baheb. 4:12) Ho ka ’na ha hlokahala hore re tsoele pele ho loantša mefokolo ea rōna ’me re se ke ra nyahama. Ntoa eo e ka ’na ea tsoela pele bophelo bohle ba rōna hafeela re ntse re sa phethahala. Pauluse o ile a bontša hore o utloisisa taba ena ha a ne a ngola mantsoe ana: “Seo ke se lakatsang, ha kea tloaela ho se etsa; empa seo ke se hloileng ke sona seo ke se etsang.” Joalokaha u tseba, Pauluse ha aa ka a inehella bofokoli bona joalokaha eka ho hang ha a khone ho laola liketso tsa hae. Empa o ile a tsoela pele ho loana le mefokolo ea hae, a itšetlehile ka matla a Molimo ka Jesu Kreste. (Bar. 7:15-25) Lengolong le leng, Pauluse o ile a re: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolelle ba bang, ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakor. 9:27.

Batho ba atisa ho ikemela. Re ka loantša bofokoli boo ka ho ithuta ho talima lintho joaloka Jehova, ka hore re etse seo Pauluse a ileng a khothalletsa Bakreste ho se etsa ha a re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.” (Bar. 12:9) Ha re ntse re loantša mefokolo ea rōna, re lokela ho tšepahala, ho mamella le ho itaea. Davida o ile a kōpa ntho ena ho Jehova: “Hloekisa liphio tsa ka le pelo ea ka.” (Pes. 26:2) O ne a tseba hore Molimo a ka lemoha hantle lintho tse metseng ka metso lipelong tsa rōna le ho re thusa ha ho hlokahala. Haeba re latela tataiso eo Jehova a fanang ka eona ka Lentsoe la hae le moea oa hae o halalelang, re ka hatela pele e le hore re ka hlōla mefokolo ea rōna.

E ka ’na eaba ba bang ba tšoenngoa ke mathata ao ba nahanang hore ba ke ke ba sebetsana le ’ona ka bobona. Ka sebele baholo ba phutheho ba ka re thusa ka lerato ba ba ba re khothatsa. (Esa. 32:1, 2) Empa ho ka ba hotle hore re se ke ra lebella mehlolo. Ho na le mathata a ke keng a rarolloa ka ho feletseng tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, ba bangata ba ithutile ho sebetsana le ’ona ’me seo se ba thusitse hore ba phele bophelo bo khotsofatsang.

Se re Kholisang Hore Jehova o Tla re Tšehetsa

Ho sa tsotellehe hore na re tobana le mathata a mofuta ofe matsatsing ana a mahlonoko, re ka kholiseha hore Jehova o tla re tataisa a be a re tšehetse. Bibele e re khothatsa ka ho re: “Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.”—1 Pet. 5:6, 7.

Ha Kathy, ea seng a qetile lilemo tse ngata a le Bethele, a hlokomela hore monna oa hae o ne a tšoeroe ke lefu la Alzheimer, o ne a sa kholoe hore a ka mamella mathata ao a neng a tobane le ’ona. Ho ne ho hlokahala hore a rapele Jehova letsatsi le leng le le leng hore a mo fe bohlale ’me a mo tšehetse maikutlong. Ha boemo ba monna oa hae bo ntse bo mpefala, barab’abo rōna ba ile ba bontša lerato la Bokreste ka ho batlisisa tsela ea ho sebetsana le lefu lena ’me baralib’abo rōna ba neng ba amehile ka Kathy le monna oa hae ba ile ba ba tšehetsa maikutlong. Jehova o ile a sebelisa Bakreste bao ho tšehetsa Kathy, kahoo o ile a khona ho hlokomela monna oa hae ho fihlela a hlokahala ka mor’a lilemo tse 11. O re: “Ke leboha Jehova ho tsoa botebong ba pelo ka tsela eo a ileng a nthusa ka eona; ke sona se ileng sa ntiisa moko. Ke ne ke sa kholoe hore ke tla khona ho tsoela pele ho etsa lintho tse hlokahalang ka nako e telele hakaalo le hoja ke ne ke fokolloa ke matla!”

Se ka re Thusang ho Hlōla Mefokolo e Patehileng

Ha batho ba ikutloa ba se na thuso, ba ka ’na ba nahana hore Jehova a ke ke a ba mamela ha ba kōpa thuso nakong ea ha ba le mahlomoleng. Ka sebele ho molemo hore nakong e joalo ba nahane ka seo Davida a ileng a se bua ha a ne a ikoahlaela sebe sa hae se tebileng le Bathe-sheba, ha a re: “Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” (Pes. 51:17) Davida o ne a bakile e le kannete a bile a kholisehile hore a ka bua le Molimo le hore o tla mo hauhela. Jesu o bontša tsela eo Jehova a tsotellang batho ka eona. Mongoli oa Kosepele Matheu o ile a bontša kamoo mantsoe a Esaia a ileng a phethahala ho Jesu kateng, ha a re: “Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, ’me ha ho khoele ea lebone ea folakse e kunkelang eo a tla e tima.” (Mat. 12:20; Esa. 42:3) Ha Jesu a le lefatšeng o ile a bontša hore o hauhela batho ba tlaase le ba hateletsoeng. Ka puo ea tšoantšetso, ha aa ka a tima tlhase ea bophelo ba motho ea tšoanang le khoele ea lebone la oli le seng le le haufi le ho tima. Ho e-na le hoo, ka bonolo o ile a tšehetsa ba mahlomoleng a ba thusa hore ba boele ba phele hantle. Ke kamoo a neng a le kateng ha a ne a le lefatšeng. Na u kholisehile hore Jesu o ntse a le joalo le hore a ka utloela mefokolo ea rōna bohloko? Hlokomela hore Baheberu 4:15 e bontša hore ke eena Ea ka ‘utloelang mefokolo ea rōna bohloko.’

Lengolong la hae ha a bua ka “moutloa nameng,” Pauluse o ile a re matla a Kreste a ile a ba “joaloka tente” holim’a hae. (2 Bakor. 12:7-9) O ile a utloa hore Molimo o mo sirelelitse ka Kreste, joalokaha motho ea ka har’a tente a ikutloa a sireletsehile maemong a itseng a leholimo. Re ka etsisa Pauluse ka hore re se ke ra inehella mefokolo ea rōna kapa mathata. Re ka sebelisa litokisetso tsohle tseo Jehova a fanang ka tsona ka phutheho ea hae e lefatšeng, e le hore re lule re le matla moeeng. Re ka etsa sohle seo motho a ka se khonang ’me re kholisehe ka hohle-hohle hore Jehova o tla re tataisa. Ha re bona kamoo matla a Molimo a re thusang kateng mefokolong ea rōna, re tla khona ho bua joaloka Pauluse ha a ne a re: “Ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”—2 Bakor. 12:10.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Pauluse o ile a tsoela pele ho rapela Jehova hore a mo thuse ho phetha bosebeletsi ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Morena Davida o ile a khetha Joabe hore a okamele mabotho a hae

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Joabe o ile a bolaea Amasa eo a neng a qothisana lehlokoa le eena

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ka lerato baholo ba re fa tataiso ea Mangolo e ka re thusang ho sebetsana le mathata a rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela