Na Jesu o ne a Bolela Mollo oa Lihele?
BA BANG ba lumelang thuto ea mollo oa lihele ba qotsa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Mareka 9:48 (kapatemaneng ea 44 le 46). O ile a bua ka libōkō (kapa tšenyane) tse sa shoeng le mollo o sa timeng. Haeba motho a ne a ka u botsa hore na mantsoe ao a bolela’ng, u ne u tla mo araba joang?
Ho ea ka phetolelo ea Bibele eo motho a e sebelisang, a ka fumana mantsoe a tšoanang temaneng ea 44 le ea46, kapa ea48, hobane liphetolelong tse ling litemana tsena li na le mantsoe a tšoanang.a Phetolelo ea Lefatše le Lecha e baleha tjena: “Haeba leihlo la hao le etsa hore u khoptjoe, u le lahlele hōle; ho molemo hore u kene ’musong oa Molimo u e-na le leihlo le le leng ho e-na le hore u lahleloe Gehena, u e-na le mahlo a mabeli, moo tšenyane ea bona e sa shoeng le mollo o sa tingoeng.”—Mar. 9:47, 48.
Leha ho le joalo, ba bang ba re mantsoe a Jesu a tšehetsa maikutlo a hore ka mor’a lefu meea ea batho ba khopo e hlokofatsoa ka ho sa feleng. Ka mohlala, Sagrada Biblia ea Sepanishe ea Univesithi ea Navarre e re: “Ha Morena oa rōna a bua [mantsoe ana], o bolela ho hlokofatsoa liheleng. Hangata ha ho hlalosoa ‘sebōkō se sa shoeng’ ho thoe ke mesarelo ea ka ho sa feleng ea ba leng liheleng; ’me ‘mollo o sa timeng’ ke bohloko boo ba bo utloang ’meleng.”
Leha ho le joalo, ak’u bapise mantsoe a Jesu le mantsoe a temana ea ho qetela ea boprofeta ba Esaia.b Na ha ho pepenene hore Jesu o ne a bua ka taba e ngotsoeng ho Esaia khaolo ea 66? Ho bonahala eka moo moprofeta o bua ka ho tsoa “Jerusalema ho ea Phuleng ea Hinome (Gehena), e leng sebaka seo ho neng ho etsoa batho mahlabelo ho sona (Jer 7:31) se ileng sa qetella e le thotobolo ea motse.” (The Jerome Biblical Commentary) Ho totobetse hore papiso e boletsoeng ho Esaia 66:24 ha e bolele hore batho ba ne ba hlokofatsoa; e bua ka litopo. E re libōkō ke tsona tse neng li sa shoe—eseng batho ba phelang kapa meea e sa shoeng. Joale ebe mantsoe a Jesu a bolela’ng?
Ela hloko mantsoe a hlalosang Mareka 9:48 bukeng ea K’hatholike e bitsoang El evangelio de Marcos. Análisis lingüístico y comentario exegético, Volume II, e reng: “Mantsoe [ana] a qotsitsoe ho Esaia (66,24). Moo moprofeta o bontša lintho tse peli tse neng li qetella li etsahetse ka litopo: li ne li bola li bile li chesoa . . . Ha temana ena e bua ka tšenyane le mollo, hoo ho hatisa timetso. . . . Lintho tsena tse matla tse timetsang ka bobeli li hlalosoa e le tsa ka ho sa feleng (‘o sa timeng, e sa shoeng’): ha ho kamoo motho a ka phonyohang kateng ho tsona. Tlhalosong ena, tšenyane le mollo ke tsona feela tse phonyohang—eseng motho—ebile ka bobeli li felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e fumanang. Kahoo, sena ha se bolele tlhokofatso ea ka ho sa feleng, empa se bolela timetso e feletseng ’me kaha ba timelitsoeng joalo ba ke ke ba tsoha, timetso eo ke lefu la ho qetela. Kahoo, [mollo] o tšoantšetsa timetso e feletseng.”
Motho e mong le e mong ea tsebang hore Molimo oa ’nete o lerato ebile ha a na leeme a ka khona bona hore hoa utloahala ho utloisisa mantsoe a Jesu ka tsela eo. O ne a sa bolele hore ba khopo ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng. Ho e-na le hoo, ba kotsing ea ho timetsoa ka ho feletseng le ea hore ba se ke ba tsosoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tse ka tšeptjoang ka ho fetisisa ha li na temana ea 44 le ea46. Litsebi lia lumela hore e ka ’na eaba litemana tseo tse peli li ile tsa kenyelletsoa hamorao. Moprofesa Archibald T. Robertson ha a ngola o re: “Libuka tsa khale haholo tse bileng li ka tšeptjoang ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho ha li na litemana tsena tse peli. Li hlaha sehlopheng sa libuka tse ngotsoeng ka letsoho sa Bophirimela le sa Syria (Byzantine). Li mpa feela li phetatemana ea 48. Kahoo ha re ngola litemana re [siea] 44 le 46 [ka thōko], kaha li ke ke tsa tšeptjoa.”
b “Ba tla tsamaea ’me ba talime litopo tsa batho ba neng ba ntšiteloa; etsoe libōkō tse holim’a bona li ke ke tsa shoa le mollo oa bona o ke ke oa tima, ’me ba tla fetoha ho hong ho nyonyehang ho nama eohle.”—Esa. 66:24.