Ke Ile ka Ithuta Kamoo Bophelo bo Leng Bohlokoa Kateng
E NE E LE HOSENG KA LA 16 APRIL, 2007. Ha ke ikharile k’honeng ea ofisi e mokatong oa boraro Norris Hall, Virginia Polytechnic Institute and State University, kapa Virginia Tech, ke ile ka boela ka hopola hore re lokela ho ananela hakaakang kamoo letsatsi ka leng e leng la bohlokoa bophelong ba rōna.
Ke ne ke le ofising ea ka ke itokisetsa ho theohela mokatong oa bobeli ho ea nka mangolo a ka. Moprofesa e mong o ile a nkōpa hore ke ee ofising ea hae ke mo thuse ho lokisa bothata ba k’homphieutha. Ha re kena ka ofising ea hae, ra utloa molumo oa lethala la likulo mokatong oa bobeli. Kaha re ne re sa tsebe hore na ho etsahala’ng, ra chobela ka ofising ea hae, ra notlela lemati, ’me ka matsoalo ra letela se tla etsahala. Ke ile ka ipata k’honeng eaba ke tšollela pelo ea ka ho Jehova Molimo ka thapelo, ke kōpa tataiso ea hae bakeng sa ho talimana le eng kapa eng e tla etsahala.
Ha re ntse re letile, ke ile ka hopola se ileng sa etsahala lilemong tse 15 tse fetileng. Ke ne ke le mak’henike oa likoloi. Lepane le lenyenyane la peterole le neng le nkiloe ke mosebetsi-’moho le ’na le ile la tuka. Kaha o ne a tšohile, a sa rera o ile a lahlela peterole ena e tukang sefahlehong sa ka! Ka hema mosi eaba ke cha hampe ho tloha hloohong ho theosa. Ke ile ka isoa sepetlele ka seroala-nkhoana ’me ka robala karolong ea batho ba kulang haholo ka likhoeli tse tharo le halofo, ho apoloa ho apesoa. Ka mor’a ho okoa ka likhoeli tse hlano, ka boela hae, ke leboha hore ebe kea phela. Sena se ile sa nthuta hore ke nke letsatsi ka leng la bophelo ba ka e le la bohlokoa. Se ile sa boela sa etsa hore ke ikemisetse ka matla ho sebelisa bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova Molimo, ea mphileng bophelo boo—ke le e mong oa Lipaki tsa hae.—Pesaleme ea 90:12; Esaia 43:10.
Kaha ke ne ke sitoa ho tsoela pele ke le mak’henike ka lebaka la mefokolo e bakiloeng ke ho cha, ke ile ka ithuta k’homphieutha ’me ka hiroa ke Virginia Tech. Ke ka lebaka leo ke neng ke le Norris Hall hoseng hoo.
Ha sethunya se ntse se khabola joalo, re ne re sa tsebe hore mokatong o ka tlas’a rōna ho na le motho ea ntseng a bolaea batho ba bangata ka ho fetisisa ba kileng ba bolaoa ke motho a le mong United States. Ho ile ha re khoe! ha rasethunya eo a ipolaea ka mor’a hore a bolaee batho ba 32 ba se nang molato. Ka mor’a metsotso e 20, ra utloa mapolesa phasejeng. Ra a hoeletsa, ’me a re isa moo ho sireletsehileng.
Ketsahalo ena e harolang letsoalo e ile ea nthuta kamoo bophelo bo felang kapele le kamoo bo sa tsitsang kateng. (Jakobo 4:14) Ruri ke habohlokoa hore re tšepe Jehova Molimo Ea re fileng bophelo, ’me re nke letsatsi ka leng e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho eena.—Pesaleme ea 23:4; 91:2.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
AP Photo/The Roanoke Times, Alan Kim