Lethathamo la Tse ka Hare
October 15, 2008
Khatiso e Ithutoang
SEHLOOHO SE ITHUTOANG BEKENG EA:
La 1-7 December, 2008
‘Mahlo a Jehova a Khanyang’ a Hlahloba Bohle
LEQEPHENG LA 3
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 160, 34
La 8-14 December, 2008
Jehova o re Talima Hore a re Tsoele Molemo
LEQEPHENG LA 7
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 81, 80
La 15-21 December, 2008
Jehova o Araba Thapelo e Tsoang Botebong ba Pelo
LEQEPHENG LA 12
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 74, 90
La 22-28 December, 2008
Na U Etella Pele ho Bontšeng Tlhompho?
LEQEPHENG LA 21
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 216, 155
La 29 December, 2008 –la 4 January, 2009
U Ikemiselitse ho Tela Eng e le Hore U Phele ka ho sa Feleng?
LEQEPHENG LA 25
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 177, 212
Morero oa Lihlooho Tse Ithutoang
Lihlooho Tse Ithutoang 1, 2 LEQEPHENG LA 3-11
Lihlooho tsena tse peli li re tiisetsa hore Jehova o tseba lintho tsohle tse re etsahallang. O ananela mamello ea rōna ebile o tseba lintho tseo re khathatsehileng ka tsona. Oa tseba hore na re sebetsa ka thata hakae ebile ha ho letho le etsahallang bahlanka ba hae leo a sa le tsebeng. Ho tseba sena ho re khothatsa haholo.
Sehlooho se Ithutoang 3 LEQEPHENG LA 12-16
Boholo ba rōna re tseba mantsoe a Pesaleme ea 83:18. Empa na re tseba pesaleme eo kaofela? Sehlooho sena se bontša kamoo Pesaleme ea 83 e khothatsang Bakreste ka matla kateng kajeno.
Sehlooho se Ithutoang 4 LEQEPHENG LA 21-25
Pauluse o ile a re: “Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” Ho bontša ba bang tlhompho ho bolela’ng? Ke bo-mang ba lokelang ho bontša tlhompho, ’me ke bo-mang ba lokelang ho hlomphuoa? Re na le mehlala efe ka Bibeleng? Sehlooho sena se tšohla taba ena ka tsela e tla re tsoela molemo.
Sehlooho se Ithutoang 5 LEQEPHENG LA 25-29
Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a botsa a re: “Motho o tla fana ka eng e le phapanyetsano bakeng sa moea oa hae?” U ne u tla araba potso eo joang? Ke “moea” ofe oo Jesu a neng a bua ka oona? Tsela eo u phelang ka eona e bontša hore u nka moea hao e le oa bohlokoa hakae? Sehlooho sena se tla u thusa hore u nahanisise ka potso ena ea Jesu e etsang hore motho a inahane.
LIHLOOHO TSE LING TOKOLLONG ENA:
“Ka Sebele Lena ke Lebitso la Molimo le Halalelang le le Leholo ka ho Fetisisa”
LEQEPHENG LA 16
LEQEPHENG LA 17
Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu
LEQEPHENG LA 30