Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 11/1 leq. 10
  • Ea Ratang Toka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea Ratang Toka
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebe ke Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Fumana Hore na ke Bofokoli, Bokhopo, Kapa Pako
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na ho na le Sebe se ke Keng sa Tšoareloa?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 11/1 leq. 10

Atamela ho Molimo

Ea Ratang Toka

Baheberu 10:26-31

NA U kile ua tšoaroa ka tsela e hlokang toka kapa e khopo, mohlomong ke motho eo ho bonahalang ho se mohla a fumanang kotlo a bile a sa bake? Ho ka ba thata ho sebetsana le ho tšoaroa ka leeme joalo, haholo-holo haeba motho ea u tšoarang joalo e le eo u neng u lebeletse hore o lokela ho u rata le ho u hlokomela. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse tjee hore li etsahale?’a ’Nete ke hore Jehova Molimo o hloile mefuta eohle ea ho hloka toka. Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le re kholisa hore o tla ahlola batho ba lipelo li thata ba tloaetseng ho etsa sebe. A re ke re hlahlobeng mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho Baheberu 10:26-31.

Pauluse o re: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe.” (Temana ea 26) Batho ba etsang sebe ka boomo ke bona ba molato ka ho fetisisa. Hobane’ng? Taba ea pele, ha ba etse sebe ngope-setšoha nakong eo ba fokolang—e leng phoso ea mofuta oo kaofela ha rōna re e etsang ka linako tse ling ka lebaka la ho se phethahale. Ba tloaela ho etsa sebe. Ea bobeli, ba etsa libe ka boomo. Ho ea ka The Bible in Basic English, ba “ikemisetsa ho etsa bokhopo.” Bobe bo metse ka metso lipelong tsa bona. Ea boraro, ha ba etse libe ka lebaka la ho hloka tsebo. Ba na le “tsebo e nepahetseng ea ’nete” mabapi le thato ea Molimo le litsela tsa hae.

Molimo o talima baetsalibe ba sa bakeng le ba khopo joang? Pauluse o re: “Ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe.” Sehlabelo sa Kreste​—e leng mpho eo Molimo a e fileng batho—​se koahela libe tseo re li etsang ka lebaka la ho se phethahale. (1 Johanne 2:1, 2) Empa ba tloaetseng ho etsa sebe ba sa bake ba bontša hore ha ba tsotelle mpho ena ea bohlokoa. Molimo o ba nka ba ‘hataketse Mora oa [Hae] le ho nka mali a [Jesu] e le a bohlokoa bo tloaelehileng.’ (Temana ea 29) Ba bontša ka liketso tsa bona hore ba eisa Jesu ba bile ba nka mali a hae e le “ntho feela,” joalokaha eka ke mali a motho leha e le ofe ea sa phethahalang. (Bibele ea Sesotho) Batho ba hlokang teboho joalo ba ke ke ba rua molemo sehlabelong sa Kreste.

Ba khopo ba ka lebella eng? Molimo oa toka o tšepisitse: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa.” (Temana ea 30) Kahoo bohle ba tloaetseng ho etsa sebe ka ho utloisa ba bang bohloko ba lokela ho hlokomela sena. Ha ho le ea mong ea tlōlang melao e lokileng ea Molimo ka boomo ea ke keng a fumana kotlo. Hangata ba kotula litholoana tsa bokhopo ba bona. (Bagalata 6:7) Ho feta moo, haufinyane ba tla tobana le kahlolo ea Molimo ha a tl’o felisa ho hloka toka ha mefuta eohle lefatšeng. (Liproverbia 2:21, 22) Pauluse oa lemosa: “Ke ntho e tšabehang ho oela matsohong a Molimo ea phelang.”​—Temana ea 31.

Ho tseba hore Jehova Molimo ha a lumelle sebe se etsoang ka boomo hoa tšelisa ebile hoa khothatsa, haholo-holo ho ba utloisitsoeng bohloko ke motho ea itseng ea tloaetseng ho etsa bokhopo. Ka kholiseho eohle, re ka tlohella litaba matsohong a Molimo ea hloileng ho hloka toka hohle, hore e be eena ea phetetsang bokhopo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le hore u fumane lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng ho utloa bohloko, sheba buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 106-114, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela