Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
“HO HANG ke leeme.” Ho ne ho totobetse hore seithuti se senyenyane se hlabehile maikutlo, se tletse bohale ka mor’a hore se latsoe hoo ho neng ho totobetse hore ke ho khopamisoa ha toka. Sa tsoela pele: “Haeba kannete Molimo o teng, ke joang o ka lumellang ho hloka toka ho joalo?” Na u ka be u ile ua qenehela mofumahatsana eo? Mohlomong ho joalo. Empa na hape u ka be u ile ua arabela khanyetso ea hae?
Ha u sa le ngoana, mohlomong ka linako tse ling u ne u ee u ikutloe hore batsoali ba hao ba lumella hore u tšoaroe ka tsela e hlokang toka. Empa ho hloka toka hoo ho totobetseng ho hang ho ne ho sa pake hore ha ba eo, na ha ho joalo? Ka ho tšoanang, ho lumella ha Molimo ho hloka toka ho hang ha ho pake hore ha o eo.
Leha ho le joalo, seithuti se senyenyane se ile sa arabela hore ena e ne e le taba e fapaneng ho hang. Se ile sa supa hore ntate ea sa phethahalang oa motho le eena ka boeena a ka ba le ho hloka toka ho itseng. Kapa ka lebaka la ho se tsebe lintlha tsohle, a ka ’na a se ke a hlokomela ho hloka toka ha a ho bona. Ho feta moo, ka lebaka la likhaello tsa botho, a ka ’na a hloka matla a ho etsa ho hong ka ho hloka toka hoo a hlileng a ho bonang. Seithuti sena se ile sa phea khang hore ha ho letho la sena le neng le ka sebetsa ho Molimo oa toka o nang le tsebo eohle le o matla ’ohle.
Le uena u ka ’na ua ikutloa hore ho lumelloa ha ho hloka toka ho hang ha ho lumellane le litšobotsi tsa bomolimo. Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore e be bohlaleng ba oona bo felletseng, Molimo o na le lebaka le utloahalang la ho lumella ho hloka toka ka nako e telele bo itseng?
Bangoli ba Bibele ba ne ba nka Molimo e le ‘o ratang ho loka le toka.’ Moshe o ile a ngola: “Litsela tsa oona kaofela ke toka. Molimo o tšepehang, oo ho seng ho hloka toka ho oona.”—Pesaleme ea 33:5, NW; Deuteronoma 32:4, NW; Jobo 37:23.
Ntle le ho talima Jehova e le Molimo oa toka o sa thabeleng ho hloka toka, bangoli ba Bibele ba ile ba lumellana hore ka letsatsi le leng o ne a tla ho tlosa. Ka mohlala, Esaia o ile a bolela esale pele boemo bona: “Bonang, morena o tla busa ka ho lōka mahosana le ’ona a lise ka ho loka. Ke moo ho loka ho tla ikahela lefeelleng, bokhabane bo hlole bo le teng serapeng.” (Esaia 32:1, 16) Empa neng? Hona haeba Molimo o lakatsa ho felisa ho hloka toka lefatšeng, ke hobane’ng ha o ile oa tloha o ho lumelletse?
Ho Hloka Toka—Ho Lumelletsoe Hobane’ng?
Ho na le nako eo ka eona ho hloka toka ho neng ho le sieo bokahohleng. E bile feela ho tloha bofetoheling ba Adama le Eva tlas’a khatello ea Satane Diabolose moo batho ba ileng ba tseba ho hloka toka. Satane ha aa ka a timetsoa hang-hang nakong ea bofetoheli. Molemong oa morero oa oona o motle, Molimo o ile oa lumella nako eo ka eona motho a neng a tla etsa ho hloka toka ha mefuta-futa, ’me ena e ne e tla ba ka morero oa ho leka ba inehetseng ho Oona, hore na e be ba tla ipaka ba tšepahala ho Oona kapa che. Ho khetha ha bona ho ba ba bolokang botšepehi e ne e tla ba ho latola matla a Satane a ho etsa hore pōpo eohle ea batho e furalle Molimo. Ha bobusi ba Molimo bo phahamisitsoe ka tsela eo, mesebetsi ea Satane e ne e tla senngoa, ’me ho hloka toka hohle ho tlosoe.
Ho sa le joalo, haeba Molimo ka likhoka o ne o tla thibela batho hore ba se ke ba etsa ho hloka toka, o ne o tla be o ba amoha bolokolohi ba ho khetha. Ntle ho moo, ka ho lumella batho hore ba utloe liphello tse sa lokang tsa liketso tse fosahetseng tsa ba bang, Molimo o bontša hore na ke ho kotsi hakaakang hore e be Adama le Eva ka ho hloka toka ba ile ba fetohela litaelo tsa bomolimo, ba li nkela sebaka ka litekanyetso tsa bona tse fosahetseng. Ka ho lumella batho hore ba kotule seo ba se jetseng, Molimo o thusa batho ba tšepahalang ho hlokomela bophahamo ba ho etsa lintho ka tsela ea oona.—Jeremia 10:23; Ba-Galata 6:7.
Ho phaella moo, liketso tsa toka kapa tsa ho hloka toka tseo batho ka bomong ba li etsang li fana ka bopaki bo senolang. Liketso tsena li neha Molimo motheo o nepahetseng oo o ka ahlolang ka oona hore na ke bafe ba tšoanelang ho phela lefatšeng le lecha ha toka e felletseng e tla be e tsosolositsoe. Ho bontša seo, rea bala: “Ha e le e mobe, ha a ka sokoloha libeng tsohle tseo a neng a li etsa, a boloka likomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela.”—Ezekiele 18:21.
Ho Hloka Toka ho Tla Fela Neng?
Ka linako tsohle litšebelisano tsa Jehova Molimo le batho e ’nile ea e-ba tsa toka ’me li tšoauoa ka mosa o lerato. Ho bontša sena, ha mohlanka ea tšepahalang oa Molimo Abrahama a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ntho e ’ngoe eitseng e ne e etsahala, o ile a re ho Molimo: “Oho! u se ke ua etsa taba e joalo le hanyenyane, ua bolaea ea lokileng hammoho le ea bolotsana, hore ea lokileng a hlaheloe ke ntho e le ’ngoe le molotsana. Taba eo e be hole le uena! Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” (Genese 18:25) Ka ho tla ha Kreste, litšobotsi tsa Molimo tsa toka le mosa o lerato li ile tsa hōlisoa. Tokisetso ea sehlabelo sa topollo ka Kreste Jesu e ile ea bula tsela bakeng sa e mong le e mong, Mojode le eo e seng Mojode ka ho tšoana, hore a fumane bophelo bo sa feleng. Hona ho ile ha khannela moapostola Petrose hore a re: “Kannete kea hlokomela hore Molimo ha a ee ka tšobotsi; empa, lichabeng tsohle, ea mo tšabang, ea etsang toka, oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35, TLP.
Lipaki tsa Jehova li mafolo-folo ho boleleng hore Morena oa Molimo oa Messia o qalile puso ea hae le hore nako e atametse ea ha toka e tla tsosolosoa lefatšeng la rōna ka tekanyo e phethahetseng.a Hona ho tla finyelloa ha Morena eo a timetsa lefatše la joale le se nang toka ’me a senya matla a molimo oa lona o sa bonahaleng, Satane Diabolose. Bibele e bontša hore sena se tla etsahala haufi ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,’ eo ka tloaelo e bitsoang Harmagedone.—Tšenolo 16:14, 16.
“Hase ho hloka toka ha Molimo o tšolla bohale ba oona bo iphetetsang,” ka hona Harmagedone e tla ba ntoa ea toka. (Ba-Roma 3:5, NW) Ka morao ho eona, Kreste Jesu le babusi ’moho le eena, ba kang baapostola, ba tla busa ho tsoa leholimong ka lilemo tse sekete. (Tšenolo 20:4) Batho ba limillione ba hlokofalitsoeng ke ho hloka toka ha mefuta-futa nakong e fetileng ba tla tsosetsoa tsamaisong e lokileng lefatšeng, lehae la motho la tšimolohong, hore ba latsoe toka e phethahetseng ka lekhetlo la pele bophelong ba bona.
“Na Hoa Utloahala Hore Molimo ha o na Toka?”
Moapostola Pauluse o ile a botsa seo mabapi le e ’ngoe ea litšebelisano tsa Molimo. Karabelo ea e-ba efe? Pauluse a ngola: “Che, ha ho joalo.” Ha a tšoantša batho le letsopa le bōpiloeng ke sebōpi hore e be lipitsa tse tšoaneloang ke bohale bo phetetsang kapa mohau, Pauluse o ile a hlalosa: “Le hoja Molimo o lutse o loketse hore o bontše bohale ba oona le ho bonahatsa matla a oona, empa ka tiisetso o mamella batho ba o halefisang, ho sa tsotellehe hore na ba lokeloa ke ho timetsoa hakae. O ba mamella ka lebaka la batho bao ba bang, bao o batlang ho ba mohau ho bona, bao o batlang ho senola ho bona monono oa khanya ea oona.”—Ba-Roma 9:14, 20-24, The Jerusalem Bible.
Joaloka seithuti se senyenyane se boletsoeng pejana, ka linako tse ling u ka fumana ho le thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse ho hloka toka ka kakaretso kapa phoso e ’ngoe e itseng. Empa re bo-mang—’mōpo oa letsoho la oona—hore re ka belaella mamello ea oona le bohlale ba oona ho etseng joalo? Jehova Molimo o ile a re ho Jobo: “Ka sebele, na u tla etsa toka ea ka lefeela? Na u tla bolela hore ke khopo e le hore u hlahe u nepile?”—Jobo 40:8, NW.
Ha ho mohla re tla rata ho ba molato oa ho etsa joalo. Ho e-na le hoo, re tla batla ho thabela ho tseba hore le hoja ho hloka toka ho sa ntsane ho le teng har’a rōna, Molimo oa toka o tla tloha o ho tlosa lefatšeng lohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki ba hore ’Muso oa Molimo o qalile puso ea oona e sa bonahaleng holim’a lefatše ka 1914, bona maqephe a 134-41 a buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Buka ena e boetse e na le khaolo e buang ka sehlooho “Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Tumello ea ho hloka toka ho hang e ke ke ea sebelisetsoa ho paka hore Molimo ha o eo
Na Molimo o molato bakeng sa moqhobi ea tahiloeng ha a hana ho sebelisa litšobotsi tsa kelello e tloaelehileng, boitšoaro, le ho nahanela?
Nako e atametse ea ha toka e felletseng e tla tsosolosoa lefatšeng la rōna