Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • cl khao. 12 maq. 118-127
  • “Na re re Molimo ha a na Toka?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na re re Molimo ha a na Toka?”
  • Atamela ho Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Hloile ho Hloka Toka
  • Taba ea Bohlokoa
  • Tseko ea Botšepehi ba Batho
  • Lebaka Leo ka Lona Toka ea Molimo e Phahameng
  • Tšepa Toka ea Jehova
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Jehova o Rata Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Atamela ho Jehova
cl khao. 12 maq. 118-127
Lota le barali ba hae ba babeli ba fihla Zooare ba sireletsehile ha ho ntse ho na mollo le sebabole Sodoma le Gomora.

KHAOLO EA 12

“Na re re Molimo ha a na Toka?”

1. Liketso tse hlokang toka li ka ’na tsa re ama joang?

MOHLOLOHALI e mong ea tsofetseng oa qhekelloa ’me o nkeloa chelete eo a e bokeletseng bophelo bohle ba hae. Lesea le se nang mang-oe le lahloa kherehloa ke motsoali ea se nang kutloelo-bohloko. Monna e mong o koalloa chankaneng ka lebaka la tlolo ea molao eo a sa e etsang. U ikutloa joang ka liketsahalo tsee? U ka ’na oa tšosoa ke e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, ’me e le ka ho utloahalang. Rona batho re na le boikutlo bo tebileng mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ho etsoa ketso e hlokang toka, re ikutloa re halefile. Re batla hore ea entsoeng hampe a buseletsoe ’me mofosi a ahloloe. Haeba seo se sa etsahale, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ebe Molimo o bona se etsahalang? Ke hobane’ng ha a sa nke khato?’

2. Habakuke o ile a itšoara joang mabapi le ho hloka toka, hona ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a mo nyatsa ka seo?

2 Ho theosa le histori, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ’nile ba botsa lipotso tse tšoanang. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a rapela Molimo: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone ho hloka toka ho tšabehang tjee? Ke hobane’ng ha u tlohella pefo, ho hloka molao, tlolo ea molao le sehloho hore li ate hohle?” (Habakuke 1:3; Contemporary English Version) Jehova ha aa ka a nyatsa Habakuke ka ho botsa a sa hlathe koana le koana, kaha ke eena ea kentseng maikutlo a toka ho batho. E, Jehova o re file tekanyo e itseng ea boikutlo bo tebileng ba toka boo a nang le bona.

Jehova o Hloile ho Hloka Toka

3. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova o hlokomela ho hloka toka ho re feta?

3 Ha se hore Jehova ha a tsotelle ho hloka toka. O bona se etsahalang. Ha e bua ka mehla ea Noe, Bibele e re: “Jehova a bona hore motho o etsa lintho tse ngata tse mpe le hore menahano le litakatso tsa pelo ea hae li mpe ka linako tsohle.” (Genese 6:5) Nahana ka seo polelo eo e se hlalosang. Hangata, maikutlo a rona ka ho hloka toka a itšetlehile ka liketsahalo tse seng kae tseo re utloileng ka tsona kapa tseo rona ka borona re fetileng ho tsona. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o hlokomela ho hloka toka ho etsahalang lefatšeng lohle. O ho bona kaofela! Ho feta moo, o khona ho bona tšekamelo ea pelo le monahano o litšila o susumetsang liketso tse hlokang toka.—Jeremia 17:10.

4, 5. (a) Bibele e bontša joang hore Jehova o tsotella ba tšoeroeng ka ho hloka toka? (b) Jehova ka boeena o anngoe joang ke ho hloka toka?

4 Empa Jehova ha a hlokomele ho hloka toka feela. O boetse o tsotella ba hlokofalitsoeng ke hona. Ha lichaba tsa lira li ne li tšoara batho ba hae ka sehloho, Jehova o ile a utloa bohloko “ha ba lla ka lebaka la batho ba neng ba ba hateletse le ba neng ba ba hlorisa.” (Baahloli 2:18) Mohlomong u hlokometse hore ha batho ba bang ba ntse ba bona ho hloka toka ka ho eketsehileng, ba ea ba ntse ba thatafala lipelo le ho feta. Jehova eena ha a joalo! O bone ho hloka toka hohle ka lilemo tse ka bang 6 000, empa o ntse a ho hloile joaloka qalong. Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore Jehova o nyonya lintho tse kang “leshano, ho bolaea batho ba se nang molato” le “ho fana ka bopaki ba bohata.”—Liproverbia 6:16-19.

5 Hape, nahana kamoo Jehova a ileng a nyatsa baeta-pele ba Iseraele ba hlokang toka ka matla kateng. O ile a bululela moprofeta oa hae ho ba botsa: “Na ha se mosebetsi oa lona ho tseba hore na toka ke’ng?” Ka mor’a ho hlalosa ka ho qaqileng kamoo ba sebelisang matla a bona hampe kateng, Jehova o ile a bolela esale pele qetello ea banna bana ba bolileng: “Ba tla llela ho Jehova ba kopa thuso empa a ke ke a ba araba. O tla ba furalla ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe.” (Mikea 3:1-4) Jehova o hloile ho hloka toka hakaakang! Ho mo amme ka seqo! Satane o ’nile a mo rohaka ka ho hloka toka ka lilemo tse likete. (Liproverbia 27:11) Ho feta moo, Jehova o ile a utloisoa bohloko ke ketso e sehloho ka ho fetisisa e hlokang toka ha Mora oa hae, ea sa kang a “etsa sebe,” a bolaoa joaloka motloli oa molao. (1 Petrose 2:22; Esaia 53:9) Ka ho hlakileng, Jehova ha a hlokomolohe ebile ha a iphapanyetse tlokotsi ea ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka.

6. Re ka ’na ra ikutloa joang ha re talimane le ho hloka toka, hona hobane’ng?

6 Leha ho le joalo, ha re bona ho hloka toka kapa re tšoaroa ka tsela e leeme, ke ha tlhaho ho ikutloa re halefile. Re bopiloe re tšoana le Molimo, ’me ho hloka toka ho fapane ka ho feletseng le sohle seo Jehova a se emelang. (Genese 1:27) Joale, ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho hloka toka?

Taba ea Bohlokoa

7. Hlalosa kamoo lebitso la Jehova le tsela eo a busang ka eona li ileng tsa phephetsoa kateng.

7 Karabo ea potso ena e amana le taba ea bohlokoa. Joalokaha re bone, ’Mopi o na le tokelo ea ho busa lefatše le tsohle tse ho lona. (Pesaleme ea 24:1; Tšenolo 4:11) Leha ho le joalo, lebitso la Jehova le ile la rohakoa ’me tsela eo a busang ka eona e ile ea phephetsoa qalong ea histori ea batho. See se ile sa etsahala joang? Jehova o ile a laela monna oa pele, e leng Adama, hore a se ke a ja tsa sefate se seng se serapeng sa Edene moo e neng e le lehae la hae la Paradeise. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba a ne a ke ke a mamela? Molimo o ile a re ho eena: “Kannete u tla shoa.” (Genese 2:17) Taelo eo ea Molimo e ne e sa thatafalletse Adama kapa mosali oa hae Eva ka letho. Leha ho le joalo, Satane o ile a kholisa Eva hore Molimo o mpa a ba thibela feela tjee ntle ho mabaka. Ho ne ho tla etsahala’ng haeba a ne a ka ja tsa sefate seo? Satane o ile a re ho Eva sefahla-mahlo: “Ho hang le ke ke la shoa. Molimo oa tseba hore mohlang le li jang, mahlo a lona a tla buleha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:1-5.

8. (a) Ha Satane a bua le Eva o ile a fana ka maikutlo afe? (b) Satane o ile a etsa phephetso efe ka lebitso la Molimo le bobusi ba hae?

8 Ka mantsoe ana Satane ha aa ka a fana feela ka maikutlo a hore Jehova o patetse Eva boitsebiso ba bohlokoa empa o ile a boela a fana ka maikutlo a hore o mo thetsitse. Satane o ile a etsa hore Eva a belaelle seo lebitso la Jehova le se emelang. Ka tsela ena o ne a rohaka lebitso la Molimo. O ile a boela a phephetsa tsela eo Jehova a busang ka eona. Satane o ne a le hlokolosi hore a se ke a phephetsa ’nete ea hore Molimo ke eena ’musi. Empa o ile a phephetsa ho nepahala, ho tšoaneleha le ho loka ha seo. Ka mantsoe a mang, o ile a pheha khang ea hore Jehova ha a buse ka ho loka le molemong oa lithahasello tsa batho ba hae.

9. (a) Ho se mamele ha Adama le Eva ho ile ha ba tlisetsa phello efe, hona see se ile sa hlahisa lipotso life tsa bohlokoa? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a timetsa bafetoheli bao?

9 Hamorao, Adama le Eva ha ba aa ka ba mamela Jehova ka ho ja tsa sefate se thibetsoeng. Ho se mamele ha bona ho ile ha ba tlisetsa kotlo ea lefu, feela joalokaha Molimo a ne a chulo. Leshano la Satane le ile la hlahisa lipotso tse ling tsa bohlokoa. Na ka sebele Jehova o na le tokelo ea ho busa batho, kapa motho o lokela ho ipusa? Na Jehova o busa ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang? Jehova a ka be a sebelisitse matla ’ohle a hae ho felisa bafetoheli bana hang-hang. Empa lipotso tse neng li hlahisitsoe li ne li ama lebitso la Molimo le tsela eo a busang ka eona, eseng matla a hae. Kahoo ho felisa Adama, Eva le Satane ho ne ho sa tl’o paka ho loka ha puso ea Molimo. Ho e-na le hoo, ho ne ho ka ’na ha hlahisa lipelaelo tse eketsehileng le ho feta ka bobusi ba hae. Tsela feela ea ho fumana hore na batho ba ne ba ka ipusa ka katleho ntle ho Molimo e ne e le hore ho lumelloe nako e eketsehileng e fete.

10. Histori e senotse eng ka puso ea motho?

10 Ho feta ha nako ho senotse eng? Ho theosa le lilemo tse likete, batho ba ’nile ba leka mefuta e mengata ea puso, e akarelletsang ea bompoli, ea sechaba ka sechaba, ea moruo o kopanetsoeng ke sechaba le ea bokomonisi. Kaofela ha eona e akaretsoa ke tlhaloso ea Bibele e tobang taba e reng: “Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.” (Moeklesia 8:9) Ka ho utloahalang, moprofeta Jeremia o ile a re: “Jehova, ke tseba hantle hore motho ha a fuoa matla a ho laola tsela ea hae. Motho ha a khone ho laola mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella moloko oa batho hore o utloe bohloko?

11 Ho tloha qalong, Jehova o ne a tseba hore ho ipusa ha batho, kapa ho itaola ha bona, ho ne ho tla fella ka mahlomola a mangata. Na o ne a hloka toka ha a lumella seo a tsebang hantle hore se tla etsahala hore se etsahale? Le hanyenyane! Ka mohlala: A re re u na le ngoana ea hlokang ho etsoa opereishene e le hore a phekoloe boloetse bo itseng bo bolaeang. Oa tseba hore ho etsa opereishene ho tla mo utloisa bohloko ka tsela e itseng, ’me sena se u utloisa bohloko haholo. Ka nako e tšoanang, oa tseba hore ho etsa opereishene ho tla etsa hore ngoana a thabele bophelo bo molemonyana hamorao. Ka ho tšoanang, Molimo o ne a tseba ebile o ile a bolela esale pele hore ho lumella ha hae hore batho ba ipuse ho ne ho tla tlisa bohloko le mahlomola. (Genese 3:16-19) Empa o ne a boetse a tseba hore tharollo e tšoarellang le e sebetsang e ne e tla khoneha feela ka ho lumella moloko oa batho hore o iponele litholoana tse babang tsa bofetoheli. Ka tsela ena tseko eo e ne e ka rarolloa ka ho feletseng, le ka ho sa feleng.

Tseko ea Botšepehi ba Batho

12. Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jobo, Satane o qositse batho ka eng?

12 Ho na le ntlha e ’ngoe hape e amehang tabeng ena. Ha a phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa le ho loka ha puso ea hae, Satane ha aa ka a etselletsa lebitso la Jehova le bobusi ba hae feela. O ile a boela a etselletsa bahlanka ba Molimo ka ho tšepahala ha bona. Ka mohlala, hlokomela seo Satane a ileng a se bua ho Jehova ka monna ea lokileng Jobo: “Na ha se ’nete hore u sirelelitse lelapa la hae le lintho tsohle tseo a nang le tsona? U atlehisitse mosebetsi oohle oa hae le liphoofolo tsa hae li tletse hohle lefatšeng. Empa hanngoe feela, ak’u nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”—Jobo 1:10, 11.

13. Satane o ile a fana ka maikutlo afe ha a qosa Jobo, hona see se ama batho bohle joang?

13 Satane o ile a tsitlallela hore Jehova o sebelisa matla a hae a tšireletso ho reka boinehelo ba Jobo. Kahoo, sena se ile sa fana ka maikutlo a hore botšepehi ba Jobo e ne e mpa e le boikaketsi feela tjee, hore o ne a rapela Molimo molemong feela oa seo a neng a ka se fumana. Satane o ile a pheha khang ea hore haeba Jobo a ne a ka amohuoa tlhohonolofatso ea Molimo, le eena o ne a tla rohaka ’Mopi oa hae. Satane o ne a tseba hore Jobo ke motho ea tummeng ka ho ba ‘monna ea lokileng le ea tšepahalang, ea tšabang Molimo ebile a hloile lintho tse mpe.’a Kahoo haeba Satane a ne a ka senya botšepehi ba Jobo, seo se ne se tla bolela’ng ka batho ba bang bohle? Ka hona, Satane o ne a hlile a belaella botšepehi ba batho bohle ba batlang ho sebeletsa Molimo. Ha e le hantle, ha a atolosa tseko eo, Satane o ile a re ho Jehova: “Motho o tla fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a pholose bophelo ba hae.”—Jobo 1:8; 2:4.

14. Histori e bontšitse eng ka qoso eo Satane a qositseng batho ka eona?

14 Histori e bontšitse hore batho ba bangata, joaloka Jobo, ba lutse ba tšepahala ho Jehova ha ba lekoa, e leng ho shanofatsang Satane. Ba thabisitse pelo ea Jehova ka tsela ea bona ea botšepehi, ’me sena se file Jehova karabo phephetsong e tletseng boikhohomoso ea Satane ea hore batho ba tla khaotsa ho sebeletsa Molimo ha ba le mathateng. (Baheberu 11:4-38) E, ba lipelo li lokileng ba hanne ho furalla Molimo. Esita le ha lintho li hlile li nyolosetsa, ba ’nile ba itšetleha ka Jehova le ho feta hore a ba fe matla a ho mamella.—2 Bakorinthe 4:7-10.

15. Ho ka ’na ha hlaha potso efe ka likahlolo tsa Molimo tsa nakong e fetileng le tsa nakong e tlang?

15 Empa ho sebelisa ha Jehova toka ha ho ame feela tseko ea bobusi le ea botšepehi ba batho. Bibele e re tlalehela ka likahlolo tsa Jehova ho batho ka bomong esita le ho lichaba. E fupere le boprofeta ba likahlolo tseo a tlang ho fana ka tsona nakong e tlang. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o sebelisitse ho loka likahlolong tsa hae le hore o tla ’ne a ho sebelise?

Lebaka Leo ka Lona Toka ea Molimo e Phahameng

Lota le barali ba hae ba babeli ba fihla Zooare ba sireletsehile ha ho ntse ho na mollo le sebabole Sodoma le Gomora. Ka mor’a bona, mosali oa Lota o fetohile seemahale sa letsoai.

Jehova a ke ke a “felisa ea lokileng le ea khopo”

16, 17. Ke mehlala efe e bontšang hore batho ba na le pono e lekanyelitsoeng ha ho tluoa tabeng ea toka ea sebele?

16 Ka nepo ho ka thoe ka Jehova: “Litsela tsohle tsa hae li na le toka.” (Deuteronoma 32:4) Ha ho le ea mong oa rona ea ka itlhalosang joalo, kaha hangata pono ea rona e lekanyelitsoeng e bipetsa kutloisiso ea rona ea se nepahetseng. Ka mohlala, nahana ka Abrahama. O ile a ipiletsa ho Jehova mabapi le ho timetsoa ha Sodoma le hoja e ne e tletse bokhopo. O ile a botsa Jehova: “Na kannete u tla felisa ea lokileng le ea khopo?” (Genese 18:23-33) Ha e le hantle karabo e ile ea e-ba che. E bile feela ha Lota ea lokileng le barali ba hae ba fihla ba sireletsehile motseng oa Zooare moo Jehova a ileng a “nesa mollo le sebabole” holim’a Sodoma. (Genese 19:22-24) Ka lehlakoreng le leng, Jonase o ile a “tuka ke bohale” ha Molimo a hauhela batho ba Ninive. Kaha Jonase o ne a se a phatlalalitse timetso ea bona, o ne a tla thabela ho bona ba felisoa ho sa tsotellehe pako ea bona e tlohang pelong.—Jonase 3:10–4:1.

17 Jehova o ile a tiisetsa Abrahama hore ha a sebelise toka ea hae ho timetsa ba khopo feela empa le ho pholosa ba lokileng. Ka lehlakoreng le leng, Jonase o ile a tlameha ho ithuta hore Jehova o mohau. Haeba ba khopo ba fetola litsela tsa bona, o “ikemiselitse ho tšoarela.” (Pesaleme ea 86:5) Ho fapana le batho ba sebelisang matla a bona hampe, Jehova ha a fane ka kotlo hore feela a bonahatse matla a hae, ebile ha a hlolehe ho bonahatsa kutloelo-bohloko hobane a tšaba hore ho tla thoe oa fokola. O bonahatsa mohau neng le neng ha ho e-na le motheo oa hore a etse joalo.—Esaia 55:7; Ezekiele 18:23.

18. Bibele e bontšang joang hore Jehova ha a etse lintho ka ho nkeha maikutlo.

18 Leha ho le joalo, Jehova ha a ee le khongoana holimo ka lebaka la ho nkeha maikutlo. Ha batho ba hae ba ne ba qoetse borapeling ba litšoantšo, Jehova o ile a phatlalatsa ka tieo: ‘Ke tla le ahlola ho ea ka liketso tsa lona ke be ke le fe kotlo ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo le li entseng. Nke ke ka le utloela bohloko kapa ka le qenehela hobane ke tla le ahlola ho ea ka liketso tsa lona.’ (Ezekiele 7:3, 4) Kahoo ha batho ba ngangella tseleng ea bona, Jehova o ba ahlola ka ho loketseng. Empa kahlolo ea hae e thehoa bopaking bo tiileng. Kahoo, ha Jehova a utloa batho ba tletleba ka Sodoma le Gomora, o ile a re: “Ke tla ea ke e’o bona hore na lintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke ’nete.” (Genese 18:20, 21) Re motlotlo hakaakang hore ebe Jehova ha a tšoane le batho ba bangata ba etsang liqeto ka lepotlapotla pele ba utloa lintlha kaofela! Ka sebele, Jehova o joalokaha Bibele e mo hlalosa, ke “Molimo ea tšepahalang le ea se nang leeme.”—Deuteronoma 32:4.

Tšepa Toka ea Jehova

19. Re ka etsa’ng haeba re sa utloisise litlaleho kapa boprofeta bo buang ka toka ea Jehova?

19 Bibele ha e arabe potso e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le liketso tsa Jehova tsa nakong e fetileng, hape ha e fane ka makolopetso ’ohle mabapi le kamoo Jehova a tlang ho ahlola batho ka bomong le lihlopha kateng nakong e tlang. Ha re sa utloisise litlaleho tse itseng kapa boprofeta bo itseng ba Bibele bo sa qaqiseng makolopetso a joalo, re ka bontša ho tšepahala joaloka moprofeta Mikea, ea ileng a ngola: “Ke tla ba le mamello, ke letele Molimo oa ka ea mpholosang.”—Mikea 7:7.

20, 21. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore kamehla Jehova o tla etsa se nepahetseng?

20 Re ka kholiseha hore boemong bo bong le bo bong, Jehova o tla etsa se nepahetseng. Esita le ha ho bonahala eka batho ba hlokomolohile ho hloka toka, Jehova oa tšepisa: “Phetetso ke ea ka, ke tla fana ka kotlo.” (Baroma 12:19) Haeba re bonahatsa boikutlo ba ho leta, re tla lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse a bontšang kholiseho e tiileng: “Na re re Molimo ha a na toka? Ha ho joalo.”—Baroma 9:14.

21 Hona joale, re phela ‘mehleng ea bofelo ’me bophelo bo thata hape ho kotsi.’ (2 Timothea 3:1) Ho hloka toka le ‘liketso tsa khatello’ li bakile hore maemong a mangata ho sebelisoe matla ka sehloho. (Moeklesia 4:1) Leha ho le joalo, Jehova ha aa fetoha. O ntse a hloile ho hloka toka, ’me o hlile o tsotella ba tšoaroang ka ho hloka toka. Haeba re lula re tšepahala ho Jehova le bobusing ba hae, o tla re fa matla a ho mamella ho fihlela nakong e behiloeng eo ka eona a tla lokisa ho hloka toka hohle pusong ea hae.—1 Petrose 5:6, 7.

a Jehova o ile a re ka Jobo: “Ha ho motho ea tšoanang le mohlanka oa ka Jobo.” (Jobo 1:8) Kahoo, e ka ’na eaba Jobo o phetse ka mor’a lefu la Josefa le pele Moshe e e-ba moeta-pele ea khethiloeng oa Iseraele. Kahoo, ka nako eo ho ne ho ka boleloa ka nepo hore ho ne ho se ea tšepahalang joaloka Jobo.

Lipotso Tsa ho Thuisa

  • Deuteronoma 10:17-19 Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova ha a ee ka leeme litšebelisanong tsa hae?

  • Jobo 34:1-12 Ha u tobane le ho hloka toka, mantsoe a Elihu a ka matlafatsa kholiseho ea hao ka ho loka ha Molimo joang?

  • Pesaleme ea 1:1-6 Ke hobane’ng ha e le ho khothatsang ho tseba hore Jehova o hlahloba ka hloko liketso tsa ba lokileng le ba khopo?

  • Malakia 2:13-16 Jehova o ne a ikutloa joang ka ho hloka toka ho neng ho etsoa ho basali bao banna ba bona ba neng ba ba hlala ntle ho mabaka a utloahalang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela