U ka Sebetsana le ho Hloka Toka!
KE MANG ea e-s’o tšoaroe ka tsela e hlokang toka bophelong ba hae? Le hoja liketso tse ling tsa ho hloka toka e ka ’na eaba ke tse inahaneloang feela, tse ling tsona ke tsa sebele.
Neng le neng ha re tšoaroa ka ho hloka toka, re utloa bohloko ’me re ka lemala moeeng. Re ka ’na ra ba le takatso e matla ea ho lokisa boemo. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hobane ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, “eo ho eena ho se nang ho hloka toka,” o kentse ka hare ho batho maikutlo a matla a ho rata toka. (Deuteronoma 32:4; Genese 1:26) Leha ho le joalo, re ka ’na ra talimana le maemo ao ho ’ona re nkang hore ha hoa sebelisoa toka. Monna ea bohlale o kile a re: “Ke ile ka khutla e le hore nka bona liketso tsohle tsa khatello tse ntseng li etsoa tlas’a letsatsi, ’me, bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; bahatelli ba bona ba ne ba e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi.” (Moeklesia 4:1) Joale, re ka sebetsana le ho hloka toka joang?
Ha e le Hantle ho Hloka Toka Ke’ng?
Ho hloka toka ke boemo kapa liketso tse khahlanong le litekanyetso tsa toka. Tekanyetso ea toka e ne e tla ba efe bakeng sa batho? Ho hlakile hore ’Mōpi oa rōna ea lokileng le ea sa fetoheng o na le tokelo ea ho beha tekanyetso ea se lokileng le se sa lokang. Ponong ea hae, ho tsamaea “litaelong . . . tse hlomamisitsoeng tsa bophelo” ho akarelletsa “ho se etse ka ho hloka toka.” (Ezekiele 33:15) Kahoo, ha Jehova a ne a bōpa motho oa pele, O ile a mo fa letsoalo—e leng kelello e neng e ka mo thusa hore a khetholle se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baroma 2:14, 15) Ho phaella moo, Jehova o ile a ngola lipolelo tse hlalosang hore na se lokileng le se sa lokang ke sefe ka Lentsoeng la hae Bibele.
Ho thoe’ng haeba re nka hore re tšoeroe ka ho hloka toka? Ho molemo hore re hlahlobe taba re sa susumetsoe ke maikutlo e le ho bona hore na ho hlile ho joalo. Ka mohlala, nka boemo boo Jonase, moprofeta oa Moheberu, a ileng a iphumana a le ho bona. Jehova o ile a mo roma hore a bolelle batho ba Ninive ka koluoa e neng e atamela. Qalong, Jonase o ile a baleha a sa phetha kabelo eo. Leha ho le joalo, qetellong o ile a ea Ninive ’me a lemosa baahi ka timetso e atamelang. Kaha ba ile ba nka khato e nepahetseng, Jehova o ile a etsa qeto ea hore a se ke a timetsa motse oo le baahi ba oona. Jonase o ile a ikutloa joang? “Ho Jonase e ne e le ho sa khahliseng ho hang, ’me a tuka ke bohale.” (Jonase 4:1) O ile a nka hore ho hang Jehova ha aa sebelisa toka.
Ho totobetse hore kaha Jehova o khona ho bona lipelo ’me “o rata ho loka le toka,” o ne a sa fosa. (Pesaleme ea 33:5) Kahoo Jonase o ne a lokela ho ithuta hore qeto eo Jehova a e entseng e ne e lumellana le toka e phethahetseng. Ha re nka hore re tšoeroe ka ho hloka toka, re ka ’na ra ipotsa potso e reng, ‘Na ho ka etsahala hore ebe Jehova o ne a tla talima taba ee ka tsela e fapaneng?’
Ho Tobana le ho Hloka Toka
Bibele e tlaleha mehlala e mengata ea batho ba ileng ba tšoaroa ka ho hloka toka. Re ka ithuta ho hongata ka ho hlahloba kamoo ba ileng ba talimana le mathata a bona a boima kateng. Nahana ka Josefa, eo barab’abo ba mōna ba ileng ba mo rekisa hore e e’o ba lekhoba Egepeta. Ha a le Egepeta mosali oa mong’a hae o ile a leka ho mo hoka, ’me ha Josefa a hana, mosali enoa a mo etselletsa ka hore o ne a batla ho robala le eena. Ka lebaka leo, Josefa o ile a iphumana a le teronkong. Empa, tumelo ea hae e ne e le matla ho feta litlamo tsa tšepe tseo a neng a tlanngoe ka tsona. Ha aa ka a lumella ho hloka toka hoo hore ho mo fokolise moeeng kapa hona hore ho fokotse tšepo ea hae ho Jehova.—Genese 37:18-28; 39:4-20; Pesaleme ea 105:17-19.
Monna e mong ea ileng a talimana le ho hloka toka ke Nabothe. Jezebele, mosali oa Morena Akabe oa Iseraele o ile a mo tšoara ka ho hloka toka ho sehlōhō. Morena o ne a batla serapa se pel’a ntlo ea borena seo Nabothe a neng a se filoe e le lefa. Moiseraele o ne a sa lumelloa ho fana ka lefa leo a le filoeng, ka hona Nabothe o ile a hana kōpo ea morena ea ho reka serapa seo. (Levitike 25:23) Ha litaba li se li lutse joalo, mosali ea khopo oa Akabe a batla lipaki tsa bohata tse ileng tsa etselletsa Nabothe ka hore o nyefotse Molimo le morena. Ka lebaka leo, Nabothe le bara ba hae ba ile ba bolaoa. Ak’u inahanele hore na e tlameha ebe Nabothe o ile a ikutloa joang ha batho ba nka majoe e le hore ba mo bolaee!—1 Marena 21:1-14; 2 Marena 9:26.
Empa, maemo a ka holimo hase letho ha a bapisoa le kamoo Kreste Jesu a ileng a tšoaroa ka ho hloka toka kateng. O ile a ahloleloa lefu ka lebaka la liqoso tsa mashano le nyeoe e seng molaong. ’Musisi oa Moroma ea neng a le setulong sa kahlolo ha aa ka a emela ka tieo seo a neng a bona hore se nepahetse. (Johanne 18:38-40) Ka sebele, Satane o ile a sebetsa Kreste Jesu ka ho hloka toka ho fetang hoo mang kapa mang a kileng a tšoaroa ka hona!
Na mehlala ee e bontša hore Jehova o iphapanyetsa ho hloka toka? Che! Jehova ha aa ka a talima maemo ao ho latela pono ea motho. (Esaia 55:8, 9) Josefa o ile a khona ho pholosa lelapa labo, hobane a ne a rekisitsoe hore e e’o ba lekhoba. E ile ea e-ba molaoli oa lijo oa Egepeta pele ho fihla tlala ea boja-likata e ileng ea ama lelapa labo. Ak’u nahane, haeba Jehova a ne a sa ka a lumella ho hloka toka hoo, Josefa a ka be a sa ka a ba teronkong. Ke hona moo a ileng a hlalosa litoro tsa batšoaruoa ba babeli, bao e mong oa bona hamorao a ileng a bolella Faro ka Josefa, e leng se ileng sa fella ka hore Josefa e be molaoli oa lijo.—Genese 40:1; 41:9-14; 45:4-8.
Ho thoe’ng ka Nabothe? Le tabeng ena, leka ho talima lintho kamoo Jehova a ileng a li talima kateng. Ho Jehova, ea ka khonang ho tsosa bafu, ho ne ho tšoana leha Nabothe a phela, le nakong eo setopo sa hae se neng se rapaletse fatše. (1 Marena 21:19; Luka 20:37, 38) Nabothe o lokela ho leta ho fihlela nako eo Jehova a tla mo tsosa ka eona, empa ho joalokaha eka nako e fetang e khutšoanyane, hobane bafu ha ba tsebe letho. (Moeklesia 9:5) Ntle le moo, Jehova o ile a pheteletsa Nabothe ka ho ahlola Akabe le ba ntlo ea hae.—2 Marena 9:21, 24, 26, 35, 36; 10:1-11; Johanne 5:28, 29.
Jesu eena o ile a shoa. Empa Molimo o ile a mo tsosa ’me a mo phahamisetsa boemong bo “ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong le lebitso le leng le le leng le bitsoang.” (Baefese 1:20, 21) Ho hloka toka hoo Satane a ileng a tšoara Kreste Jesu ka hona ho ne ho ke ke ha thibela Jehova ho putsa Mora oa hae. Jesu o ne a kholisehile hore le hoja a ne a tšoeroe ka tsela e seng molaong, Jehova o ne a ka etsolla ho hloka toka hoo hang-hang, haeba e ne e le thato ea Hae. Empa, Kreste o ne a boetse a tseba hore Jehova o na le nako ea ho phethahatsa Mangolo le ea ho etsolla ho hloka toka leha e le hofe.
Ke ’nete hore Satane le mahlahana a hae ba ile ba tšoara batho ba lokileng ka ho hloka toka, empa qetellong Jehova o ile a lokisa litaba, ’me a etsolla ho hloka toka ka ho feletseng, kapa ke hona a tla etsa joalo. Kahoo, re lokela ho letela Molimo hore a felise ho hloka toka.—Deuteronoma 25:16; Baroma 12:17-19.
Lebaka Leo ka Lona Jehova a ka ’Nang a Lumella ho Hloka Toka
Jehova a ka boela a ba le mabaka a ho se lokise boemo bo itseng. E le karolo ea koetliso ea rōna ea Bokreste, a ka ’na a lumella hore re tšoaroe ka ho hloka toka. Ho hlakile hore ‘Molimo ha a leke leha e le mang ka lintho tse mpe.’ (Jakobo 1:13) Ho ntse ho le joalo, a ka ’na a lumella boemo bo itseng hore bo etsahale a sa kenelle, ’me a ka matlafatsa ba lumelang hore ba koetlisoe ka tsela eo. Bibele e re tiisetsa ho re: “Ka mor’a hore le utloe bohloko ka nakoana, Molimo oa mosa oohle o sa tšoanelang . . . o tla qetela koetliso ea lōna, o tla le tiisa, o tla le matlafatsa.”—1 Petrose 5:10.
Ho feta moo, ho lumella ha Jehova ho hloka toka ho itseng ho ka ’na ha fa batho ba entseng ho hloka toka nako ea ho baka. Libeke li se kae feela ka mor’a hore Jesu a bolaoe, Bajuda ba bang ba ileng ba mamela keletso ea Petrose ba ile “ba hlabeha ho fihla lipelong.” Ba ile ba amohela lentsoe la Molimo ka pelo eohle ’me ba kolobetsoa.—Liketso 2:36-42.
Ke ’nete hore hase bohle ba hlokang toka ba tla baka. Ba bang ba ka ba ba susumelletseha ho etsa liketso tse feteletseng tsa ho hloka toka. Empa, Liproverbia 29:1 e re: “Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta empa a thatafatsa molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.” Ka sebele, Jehova o tla qetella a felisitse ba phehellang ho etsa bobe.—Moeklesia 8:11-13.
Ho sa tsotellehe hore na ho nka nako e kae hore liphello tsa ho hloka toka li fele, re ka kholiseha hore Jehova o tseba kamoo a ka re thusang kateng. Ka sebele o tla felisa ho hloka toka hofe kapa hofe hoo re ’nileng ra tšoaroa ka hona tsamaisong ena ea lintho e khopo. Ho feta moo, o re tšepisitse hore qetellong o tla re fa moputso, e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha leo “ho loka ho tla aha” ho lona.—2 Petrose 3:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
E tlameha ebe Nabothe o ile a ikutloa joang ha a talimane le ho hloka toka ho tebileng?