Ke Bone ha Keketseho e E-ba Teng Korea
Joalokaha ho boletse Milton Hamilton
“Re masoabi ho le bolella hore ’muso oa Rephabliki ea Korea o hlakotse mangolo ’ohle a lōna baromuoa a tumello ea ho kena naheng eo ’me o boletse hore ha o le hloke naheng eo. . . . Ka lebaka la sena, le tla romelloa Japane ka nakoana.”
’NA LE mosali oa ka re ile ra fumana molaetsa o boletsoeng ka holimo qetellong ea 1954, o tsoa Brooklyn, New York, U.S.A. Pejana selemong seo, re ne re ile ra fumana mangolo sehlopheng sa bo23 sa Sekolo sa Gileade ka leboea New York. Ha re fumana lengolo leo, re ne re sebeletsa Indianapolis, Indiana, ka nakoana.
’Na le mosali oa ka, Liz (eo pele e neng e le Liz Semock), re ne re le sehlopheng se le seng ha re le sekolong se phahameng. Hamorao ka 1948, re ile ra nyalana. O ne a rata tšebeletso ea nako e tletseng empa o ne a le leqe ho tloha United States ho ea sebeletsa naheng e ’ngoe. Ke sefe se ileng sa etsa hore a fetole maikutlo?
Liz o ile a lumela ho ea le ’na sebokeng sa batho ba ratang ho ea koetlisoa Gileade. Seboka seo se ne se tšoeroe nakong ea kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York, lehlabuleng la 1953. Ka mor’a seboka seo se khothatsang, re ile ra tlatsa liforomo tsa rōna tsa ho kōpa ho ea Gileade. Re ile ra makala ha re memeloa ho ea sehlopheng se latelang, se neng se tla qala thupelo ka February 1954.
Re ile ra romeloa Korea, le hoja ntoa e nkileng lilemo tse tharo e kupa e ne e sa tsoa lala lehlabuleng la 1953, ’me e ne e siile naha eo e le lesupi. Joalokaha ho boletsoe lengolong le qotsitsoeng ka holimo, re ile ra ea Japane pele. Ka mor’a leeto le ileng la nka matsatsi a 20 leoatleng, re ile ra fihla moo ka January 1955 re e-na le baromuoa-’moho le rōna ba tšeletseng bao le bona ba neng ba abetsoe ho ea sebeletsa Korea. Lloyd Barry, eo e neng e le molebeli oa lekala la Japane ka nako eo, o ile a re khahlanyetsa sebakeng seo ho palameloang likepe ho sona ka 6:00 hoseng. Hang-hang re ile ra kena tseleng ho ea lehaeng la baromuoa Yokohama. Hamorao hona letsatsing leo, re ile ra ea tšimong.
Qetellong re Ile ra Fihla Korea
Qetellong, re ile ra fumana mangolo a ho kena Rephabliking ea Korea. Ka la 7 March, 1955, sefofane sa rōna se ile sa tloha Haneda International Airport, Tokyo, ho nka leeto la lihora tse tharo ho ea Yoido Airport, Seoul. Lipaki tsa Makorea tse fetang 200 li ile tsa re amohela ka mofuthu, ’me re ile ra ntša meokho ea thabo. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse 1 000 feela Korea eohle. Joaloka batho ba bang ba bangata ba tsoang Linaheng Tsa Bophirimela, re ne re nahana hore batho ba Linaha Tsa Bochabela baa tšoana ba bile ba etsa lintho ka mokhoa o tšoanang ho sa tsotellehe hore na ba tsoa naheng efe. Ka mor’a nakoana re ile ra ithuta hore ha ho joalo. Makorea a na le puo ea ’ona le alfabeta ea ’ona a bile a na le lijo tsa ’ona, moaparo le litšobotsi tse a khethollang hammoho le lintho tse ling tse ikhethang, tse kang mehaho ea ’ona.
Bothata ba rōna ba pele bo boholo e bile ho ithuta puo ea moo. Ho ne ho se na libuka tse ka re thusang ho ithuta Sekorea. Kapele re ile ra hlokomela hore ho ne ho ke ke ha khoneha ho etsisa melumo ea mantsoe a Sekorea hantle re sebelisa melumo ea mantsoe a Senyesemane. Motho a ka ithuta ho bitsa mantsoe hantle ka hore feela a ithute alfabeta ea Sekorea.
Re ile ra etsa liphoso. Ka mohlala, Liz o ile a botsa mong’a ntlo hore na o na le Bibele. Mong’a ntlo o ile a bonahala a maketse ha a tloha ’me a khutla a nkile ntloana ea mollo. Liz o ne a kōpile sungnyang (mollo) ho e-na le sungkyung, e leng lentsoe le bolelang “Bibele.”
Ka mor’a likhoeli tse seng kae, re ile ra fuoa kabelo ea ho bula lehae la baromuoa Pusan, e leng motse o koung ea leoatle o ka boroa. Re ile ra khona ho hira likamore tse nyenyane tse tharo bakeng sa rōna le baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba abetsoe ho ea sebeletsa moo le rōna. Likamore tseo li ne li se na metsi ka tlung le ntloana ea metsi. Ke bosiu feela moo ho neng ho e-ba le matla a lekaneng ho nyollela metsi mokatong o ka holimo ka lethopo. Kahoo, re ne re tsoha ka matjeke re chenchana ho khella metsi ka linkhong. Re ne re lokela ho belisa metsi ao kapa re a tšele chlorine e le hore a lokele ho nooa.
Ho ne ho e-na le mathata a mang. Phepelo ea motlakase e ne e fokola hoo re neng re ke ke ra tseba ho sebelisa mochine o hlatsoang kapa aene. Kichine ea rōna e ne e le phaseje, ’me e e-na le setofo sa parafine feela. Kapele feela, e mong le e mong oa rōna o ile a ithuta ho pheha letsatsing leo a abetsoeng ho pheha ka lona. Lilemo tse tharo ka mor’a hore re fihle moo, ’na le Liz re ile ra tšoaroa ke lefu la sebete. Baromuoa ba bangata lilemong tseo ba ile ba tšoaroa ke lefu lena. Ho ile ha feta likhoeli re e-s’o fole, ’me re ile ra tšoaroa ke maloetse a mang.
Ba Thusoa Hore ba Hlōle Mathata
Boemo ba lipolotiki hloahloeng ea Korea e bile bo sa tsitsang lilemong tse 55 tse fetileng. Moeli o arohantseng hloahloa ena ke sebaka seo masole a sa lumelloang ho sona. Se lik’hilomithara tse 55 ka leboea ho motse-moholo oa Rephabliki ea Korea, e leng Seoul. Ka 1971, Frederick Franz ea tsoang ntlo-khōlō Brooklyn o ile a etela Korea. Ke ile ka tsamaea le eena ho ea sebakeng seo, seo masole a sa lumelloang ho sona, e leng moeli o nang le tšireletso e matla ka ho fetisisa lefatšeng. Ka lilemo tse ngata, liofisiri tsa Machaba a Kopaneng li ’nile tsa kopana moo le baemeli ba mebuso e ’meli ea Korea.
Ho hlakile hore re lula re sa jele paate lipolotiking tsa lefatše lena, ho akarelletsa le boemong bo teng hloahloeng ea Korea. (Joh. 17:14) Ka lebaka la ho hana ho loantša batho ba bang, ka kakaretso, Lipaki tsa Korea tse fetang 13 000 li sebelitse lilemo tse 26 000 teronkong. (2 Bakor. 10:3, 4) Bara bohle babo rōna ba bacha naheng eo baa tseba hore ba tla tobana le boemo bona, empa seo ha se ba tšose. Hoa soabisa hore ebe ’muso o ka bitsa basebeletsi ba Bakreste “batlōli ba molao” empa “tlōlo ea molao” eo ba e entseng e le feela hore ha ba jele paate hobane e le Bakreste.
Khale koana ka 1944, nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, le ’na ke ile ka hana ho kenela sesole ’me kahoo ke ile ka tlameha ho qeta lilemo tse peli le halofo chankaneng ea United States, Lewisburg, Pennsylvania. Kahoo le hoja barab’abo rōna ba Korea ba ’nile ba thulana le mathata a maholo le ho feta teronkong, ke tseba seo bacha bana ba Lipaki ba ’nileng ba thulana le sona. Ba bangata ba ile ba khothatsoa ke ho tseba hore ba bang ba rōna baromuoa ba Korea re ’nile ra feta mathateng a tšoanang le a bona.—Esa. 2:4.
Re Thulana le Bothata
Ho se jele paate ha rōna ho ile ha ameha tabeng e ileng ea hlaha ka 1977. Ba boholong ba ne ba nahana hore re ne re susumelitse bacha ba Makorea hore ba hane ho kenela sesole le ho nka lihlomo. Kahoo ’muso o ile oa etsa qeto ea ho hanela baromuoa ba neng ba tsoela ka ntle ho naha ka lebaka lefe kapa lefe ka tumello ea ho boela ba kena ka hare ho naha. Thibelo ena e ile ea lula e le teng ho tloha ka 1977 ho fihlela ka 1987. Haeba re ne re ile ra tloha Korea lilemong tseo, re ka be re sa ka ra lumelloa hore re khutle. Kahoo, lilemong tseo le ka mohla ha rea ka ra ea hae esita le ka ho chaka feela.
Ka makhetlo a mangata re ile ra kopana le ba boholong ’musong eaba re hlalosa boemo ba rōna ba ho se jele paate hobane re le balateli ba Kreste. Qetellong, ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba re tšosa, kahoo thibelo eo e ile ea qetella e tlositsoe—ka mor’a lilemo tse leshome. Lilemong tseo, baromuoa ba seng bakae ba ile ba tlameha ho tsoa ka hare ho naha ka mabaka a kang ho kula, empa ba bang ba rōna ha rea ka ra tsamaea, ’me re thabela hore ebe re ile ra etsa joalo.
Bohareng ba lilemo tsa bo-1980, batho ba neng ba hanyetsa mosebetsi oa rōna, ka bohata ba ile ba qosa batsamaisi ba mokhatlo oa rōna o ngolisitsoeng ka molao ka hore ba ruta bahlankana hore ba hane ho kenela sesole. Ka lebaka leo, ’muso o ile oa re bitsa ka bonngoe ho tla re hloma lipotso. Ka la 22 January, 1987, ofisi ea bochochisi e ile ea fumana hore liqoso tseo li ne li se na motheo. Sena se ile sa hlakisa litaba e le hore le ka moso ho se ke ha hlola ho e-ba le maikutlo a fosahetseng.
Molimo o Hlohonolofatsa Mosebetsi oa Rōna
Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ne o ile oa hanyetsoa ka matla Korea ka lilemo tse ngata ka lebaka la ho se jele paate ha rōna. Kahoo, ho ile ha e-ba thata le ho feta hore re fumane libaka tse loketseng tsa ho tšoarela likopano tsa rōna tse khōlō. Ka lebaka leo, Lipaki li ile tsa nka khato eaba li haha Holo ea Kopano Pusan, ’me e ile ea e-ba eona ea pele Linaheng Tsa Bochabela. Ke ile ka ba le tokelo ea ho fana ka puo ea nehelo ka la 5 April, 1976, ka pel’a bamameli ba 1 300.
Ho tloha ka 1950, masole a likete tse mashome a tsoang United States a ’nile a romeloa Korea. Ka mor’a hore a khutlele United States, a mangata e ile ea e-ba Lipaki tse mafolofolo. Re atisa ho fumana mangolo a tsoang ho ’ona, ’me re nka hore ke tlhohonolofatso hore ebe re ile ra a thusa moeeng.
Ka masoabi, moratuoa oa ka Liz, o ile a hlokahala ka la 26 September, 2006. Ke mo hloloheloa haholo. Lilemong tse 51 tseo a bileng mona ka tsona, o ne a thabela ho etsa mosebetsi o mong le o mong oo a neng a o fuoa ’me ho ne ho se mohla a tletlebang. Ha ho mohla a kileng a bua kapa a fana ka maikutlo a hore o batla ho khutlela United States, e leng naha eo a kileng a bolela hore a ke ke a rata ho tloha ho eona le ka mohla!
Ke ntse ke sebetsa ke le setho sa lelapa la Bethele la Korea. Lelapa la Bethele le eketsehile ho tloha ho ba seng bakae ba neng ba le teng lilemong tsa pele ho fihlela ho ba 250 kajeno. Ke tlotla ho sebetsa le Komiti ea Lekala ea banna ba supileng ba tsamaisang mosebetsi naheng ena.
Le hoja naha ea Korea e ne e futsanehile haholo ha re ne re fihla ho eona, hona joale ke e ’ngoe ea linaha tse tsoetseng pele ka ho fetisisa lefatšeng. Ho na le Lipaki tse ka holimo ho 95 000 Korea, hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea tsona e sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Sena sohle se eketsa mabaka ao ka ’ona ke ananelang hore ebe ke sebeletsa Molimo mona le hore ke bone ha mohlape oa Molimo o eketseha.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Re fihla Korea le baromuoa ba bang
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Re sebeletsa Pusan
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ke na le Mor’abo rōna Franz ka 1971, sebakeng seo masole a sa lumelloang ho sona
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le Liz pelenyana ho lefu la hae
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lekala la Korea leo ke ntseng ke sebeletsa ho lona ke le setho sa lelapa la Bethele