Boprofeta ba 6. Mosebetsi oa ho Bolela Lefatšeng Lohle
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—MATHEU 24:14.
● Vaiatea o lula sehlekehlekeng se hōle sa Pacific, seo e leng karolo ea Lihlekehleke Tsa Tuamotu. Le hoja Tuamotu e e-na le lihlekehleke tse nyenyane tse ka bang 80 sebakeng se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 802 900, e na le baahi ba ka bang 16 000 feela. Leha ho le joalo, Vaiatea le baahelani ba hae ba ’nile ba eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. Lebaka? Hobane Lipaki li rata ho bolella bohle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae.
BOEMO BA LITABA BO BONTŠA ENG? Molaetsa oa ’Muso o fihla likarolong tsohle tsa lefatše. Ka 2010 feela, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qeta lihora tse fetang libilione tse 1,6 li bolela litaba tse molemo linaheng tse 236. Ka karolelano seo se bolela hore letsatsi le leng le le leng Paki e ’ngoe le e ’ngoe e ne e qeta metsotso e 30 e etsa mosebetsi oa ho bolela. Ka lilemo tse leshome tse fetileng, li ’nile tsa hlahisa le ho aba lingoliloeng tse rutang Bibele tse fetang libilione tse 20.
KA TLOAELO HO THOE’NG HO HANYETSA SEE? Ke lilemo tse likete joale molaetsa oa Bibele o ntse o boleloa.
NA LEBAKA LEO LEA UTLOAHALA? Ke ’nete hore ba bangata ba ’nile ba ruta ho itseng ka molaetsa oa Bibele. Leha ho le joalo, ba bangata ba entse joalo ka nakoana feela le hona sebakeng se senyenyane. Ha ho bapisoa, Lipaki Tsa Jehova tsona li bolela lefatšeng lohle ka tsela e hlophisehileng ’me li finyella batho ba limilione tse makholo. Lipaki li ’nile tsa tsoela pele mosebetsing oa tsona oa ho bolela ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea e meng ea mekhatlo e matla ka ho fetisisa le e sehlōhō e kileng ea e-ba teng historing ea batho.a (Mareka 13:13) Ho feta moo, Lipaki Tsa Jehova ha li lefelloe ho bolela. Ho e-na le hoo, li tela nako ea tsona ebile li aba lingoliloeng ntle ho tefo. Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa ka ho feletseng ke menehelo e etsoang ka ho ithatela.
U NAHANA’NG? Na ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li boleloa lefatšeng lohle? Na ho phethahala ha boprofeta boo ho bontša hore ho na le ho itseng ho molemo ho tla tloha ho etsahala haufinyane?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, shebella livideo tse tharo tse buang ka se ileng sa etsahalla Lipaki, e leng ea “Faithful Under Trials,” “Purple Triangles,” le “Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault,” tseo u ka li fumanang ho Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Hafeela Jehova a sa ntse a lumeletse tsamaiso ena hore e be teng, re tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho, re sebelisa monyetla o mong le o mong hore re pakele batho.”—BUKA EA SELEMO EA LIPAKI TSA JEHOVA EA 2010.