Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 5/1 maq. 22-23
  • Qoba ho Tloaelana le Batho ba Babe!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Qoba ho Tloaelana le Batho ba Babe!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Timetso ea Sodoma le Gomora
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Hanyetsa Teko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Phekola Batho ka Mohlolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Jesu o Siea Bamameli ba Hae ba Hloletsoe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 5/1 maq. 22-23

Tsa Bacha

Qoba ho Tloaelana le Batho ba Babe!

Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.

Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Dina, Shikeme, Jakobo, Simeone le Levi

Kakaretso: Dina o betoa ke Shikeme ’me likhaitseli tsa hae tse halefileng lia iphetetsa.

1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 34:1-31.

U nahana hore e ka ’na eaba Dina o ne a tloaetse ho etsa’ng le metsoalle ea hae Kanana?

․․․․․

U nahana hore Shikeme o ne a fana ka mabaka afe ha a ntse a “bua . . . ka mokhoa o susumetsang” le Dina?

․․․․․

U utloa eka Jakobo o ne a bua ka pelo e joang ha a khalemela Simeone le Levi temaneng ea 30?

․․․․․

2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.

U nahana hore ke hobane’ng ha Dina a ne a chakela banana ba Bakanana khafetsa? (Ka mohlala, ke lintho life tseo e ka ’nang eaba o ne a tšoana le bona ka tsona? E ka ’na eaba o ne a fumana eng ho batho ba Bakanana eo a neng a sa e fumane ho batho ba habo?)

․․․․․

Ke litšobotsi life tse khahlisang tseo e ka ’nang eaba Dina o ile a li bona ho Shikeme? (Bala temana ea 3, 12, le ea 19 hape.)

․․․․․

Bibele e bontša joang hore Dina o ne a sa ikemisetsa ho kopanela liphate le Shikeme? (Bala temana ea 2 hape.)

․․․․․

Na u nahana hore e ne e le hantle hore Simeone le Levi ba iphetetse ka ho bolaea batho ba motse oa Shikeme? Hobane’ng u nahana joalo?

․․․․․

3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .

Bohlokoa ba ho khetha batho bao u tloaelanang le bona ka hloko.

․․․․․

Molemo oa ho ithiba, le haeba u e-na le lebaka le utloahalang la ho halefa.

․․․․․

LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.

U ka etsa’ng e le hore u qobe ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate ke batho ba sa hlompheng melao ea Molimo ea boitšoaro?

․․․․․

4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?

․․․․․

Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela