Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w11 5/1 maq. 18-21
  • Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo bo Ntseng bo E-ba Kotsi bo Nkeloa Khato ka Potlako
  • Letšolo le Ama ba Bangata
  • Bokamoso ke Bofe Russia?
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
  • Leeto la ho Boela Russia
    Tsoha!—1995
  • Lipaki Tsa Jehova Russia
    Tsoha!—1997
  • Bokamoso ba Bolumeli ke Bofe?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
w11 5/1 maq. 18-21

Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona

HO BAAHI BA RUSSIA: Boitsebiso bo latelang bo tla etsa hore batho ba limilione tse mashome linaheng tse fetang 230 ba tsebe ka khatello ea tokoloho ea bolumeli e etsoang Russia ntle le mabaka a utloahalang. Makasine ea Molula-Qhooa ke koranta e fetoleloang le ho ajoa ka bongata ka ho fetisisa lefatšeng. Sehlooho sena se tla hatisoa ka lipuo tse 188. Ho tla hatisoa limakasine tse ka holimo ho limilione tse 40. Ba bang ba boholong ba ka ’na ba se rate hore lichaba tse ling li tsebe ka se etsahallang Lipaki Tsa Jehova Russia. Empa mantsoe a Jesu a tla lula e le ’nete, ha a ne a re: “Ha ho letho le patiloeng ka hloko le ke keng la senoloa, le leo e leng sephiri le ke keng la tsejoa.”—LUKA 12:2.

KA December 2009 le January 2010, makhotla a mabeli a phahameng ka ho fetisisa Russia a ile a phatlalatsa hore tumelo ea Lipaki Tsa Jehova e fetelletsa litaba. Ntho e neng e kile ea etsahala e ile ea bonahala e ipheta. Ha Russia e ne e le tlas’a puso ea Masoviet, Lipaki tse likete li ile tsa qosoa ka leshano la hore ke lira tsa ’muso. Li ile tsa lelekeloa ka ntle ho naha, tsa hlahleloa lichankaneng le ho isoa ka sheshe likampong tsa mosebetsi o boima. Ka mor’a hore puso eo e oe, ho ile ha hlakoloa melato eohle eo Lipaki Tsa Jehova li neng li nyetuoe ka eona. ’Muso o mocha o ile oa khutlisa botumo ba tsona bo botle.a Joale ho bonahala ho boetse ho e-na le batho ba ikemiselitseng ho senya Lipaki lebitso.

Mathoasong a 2009, ba boholong ba ile ba hlasela tokoloho ea bolumeli eo Lipaki Tsa Jehova li nang le eona. Ka February feela, bachochisi ba ile ba etsa lipatlisiso tse fetang 500 naheng ka bophara. E ne e le ka sepheo sefe? E ne e le ho fumana lintho tseo ho thoeng Lipaki li tlōla molao ka tsona. Likhoeling tse latelang tseo, mapolesa a ile a hlasela liboka tsa borapeli tse renang khotso, tse tšoareloang Liholong Tsa ’Muso le malapeng a batho. A ile a nka lingoliloeng le thepa e ’ngoe ea batho. Ba boholong ba ile ba leleka liakhente tse tsoang ka ntle ho naha tse neng li thusa Lipaki ba ba ba li hanela ho khutlela ka har’a naha.

Ka la 5 October, 2009, basebeletsi ba ’muso ba lekhetho la thepa ba ile ba tšoara lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse neng li rometsoe ka sekepe haufi le moeli oa St. Petersburg. Lingoliloeng tseo li ne li hatisitsoe Jeremane ’me li ne li leba liphuthehong tse ngata tse Russia. Sehlopha se khethehileng se hlahlobang thepa e seng molaong e kenang le e tsoang Russia se ile sa hlahloba lingoliloeng tseo. Ka lebaka lefe? Tokomane ea ’muso e ile ea re “ho ka ’na ha etsahala hore ebe lingoliloeng tseo li na le boitsebiso bo reretsoeng ho baka moferefere bolumeling.”

Kapele ka mor’a moo, tšoaro ena e mpe e ile ea mpefala le ho feta. Makhotla a Phahameng a ’Muso oa Russia le Rephabliki ea Altay (karolo ea Russia) a ile a phatlalatsa hore lingoliloeng tse ’maloa tsa Lipaki, ho akarelletsa le eona makasine ena eo u ntseng u e bala, li fetelletsa litaba. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ipiletsa molaong, batho ba linaha tse ling le bona ba bontša hore ba tšoenyehile ka seo, empa ha ho letho le ileng la fetoha. Hona joale Russia ho ntse ho lateloa qeto eo ’me ho nkoa e le ntho e seng molaong ho kenya lingoliloeng tseo tse thehiloeng Bibeleng ka har’a naha kapa ho li fa batho ba bang.

Lipaki li entse’ng ka boiteko boo ba ho li senya lebitso le ho thibela mosebetsi oa tsona? Hona qeto ee ea Makhotla e bontša’ng ka tokoloho ea bolumeli ea baahi bohle ba Russia?

Na U Nahana Hore ke Lingoliloeng Tse Fetelletsang Litaba?

Tsena ke tse ling tsa libuka tsa Lipaki Tsa Jehova tseo Lekhotla le Phahameng la ’Muso oa Russia le ileng la re li fetelletsa litaba

  • Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibelec (e ka holimo)

  • Atamela ho Jehova

  • Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?

  • Moloko oa Batho o Batla Molimod

  • Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea 1e

  • Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?f

Libuka tsena li khothalletsa batho hore ba hlomphe Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. Li khothalletsa babali hore ba nahane ba be ba hlahlobisise lithuto le lifilosofi tseo ba li rutoang. Na u nahana hore libuka tse kang tsee li lokela ho thibeloa?

c U ka ipalla libuka tsena Inthaneteng ka lipuo tse ling ho www.watchtower.org.

d U ka ipalla libuka tsena Inthaneteng ka lipuo tse ling ho www.watchtower.org.

e U ka ipalla libuka tsena Inthaneteng ka lipuo tse ling ho www.watchtower.org.

f U ka ipalla libuka tsena Inthaneteng ka lipuo tse ling ho www.watchtower.org.

Mangolo a Hlakolang Tšenyo ea Lebitso

Lipaki tsa ho qetela tse neng li tšoeroe mehleng ea Soviet Union li ile tsa lokolloa ka 1990. Lipaki Tsa Jehova tse likete li ile tsa thaba haholo ha ho hlakisoa hore li ne li mpa li sentsoe lebitso, li bile li fumana litokomane tsa molao tse bontšang hore e ne e se “lira tsa ’muso,” empa e bile bahlaseluoa ba se nang molato. Litokomane tseo li tsejoa e le Mangolo a Hlakolang Tšenyo ea Lebitso.

Boemo bo Ntseng bo E-ba Kotsi bo Nkeloa Khato ka Potlako

Ka Labohlano la la 26 February, 2010, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 160 000 naheng eohle ea Russia li ile tsa qala ho aba lipampitšana tse khethehileng tse limilione tse 12, tse nang le sehlooho se reng Could It Happen Again? A Question for the Citizens of Russia (Na ho ka Etsahala Hape? Potso e Tjametseng Baahi ba Russia). Ka mohlala, motseng o mong oa Siberia o bitsoang Usol’ye-Sibirskoye, Lipaki tse makholo li ile tsa kopana literateng ka 5:30 hoseng. Har’a tsona ho ne ho e-na le batho ba ileng ba lelekelloa Siberia ka 1951 ka lebaka la tumelo ea bona. Ba ile ba mamella serame sa likhato tse 40 tsa Celsius tlas’a ntlha ea khoamo e le hore ba abe lipampitšana tse 20 000 tseo ba neng ba e-na le tsona.

E le hore li phatlalatse ka letšolo leo la matsatsi a mararo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa e-ba le seboka le baqolotsi ba litaba Moscow, motse-moholo oa Russia. Har’a ba neng ba menngoe hore ba tl’o bua e ne e le Monghali Lev Levinson, eo e leng setsebi Mokhatlong oa Litokelo Tsa Botho. O ile a pheta ka bokhutšoaane hore na mehleng ea puso ea Manazi Jeremane, le ea Soviet Union, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tšoaroa hampe ka tsela e hlokang kelello hakaakang tsa ba tsa hlorisoa, a ba a bontša hore ka mor’a moo ’muso o ile oa hlakola melato eohle eo Lipaki li neng li nyetuoe ka eona. O ile a boela a re: “Mopresidente Yeltsin o ile a laela hore malumeli ’ohle a ileng a hlorisoa nakong ea puso ea Soviet Union a khutlisetsoe litokelo tsa ’ona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a ile a e nkeloa e ne e lokela ho khutlisetsoa ho ’ona. Lipaki Tsa Jehova li ne li se na thepa e ikhethang mehleng ea puso ea Soviet Union, empa lebitso la tsona le letle le ile la khutlisoa.”

Hona joale lebitso leo le letle le boetse le kotsing. Monghali Levinson o ile a re: “Hona naheng ena e ileng ea ikoahlaea, batho bana ba se ba boetse ba hlorisoa ntle ho mabaka.”

Letšolo le Ama ba Bangata

Na letšolo la ho aba lipampitšana le ile la finyella sepheo? Monghali Levinson o ile a re: “Ha ke e-tla sebokeng sena, ke bone batho liteisheneng tsa terene ba lutse ’me ba bala pampitšana eo Lipaki Tsa Jehova li e fang batho naheng eohle ea Russia kajeno. . . . Batho ba lula fatše ho e bala, le hona ba e bala ka kelo-hloko eohle.”b Ka mohlala, hlokomela liketsahalo tse latelang.

Nkhono e mong ea lulang Russia bohareng moo Mamosleme a leng mangata haholo o ile a amohela pampitšana eo ’me a botsa hore na e bua ka eng. Ha a bolelloa hore e tšohla litokelo tsa batho le tokoloho ea bona Russia, o ile a re: “Qetellong, ha ka ha e-ba le motho ea phunyang seso sena! Ke bona eka Russia e khutlela mehleng ea Soviet Union. Ke leboha haholo. Le tšoare tsoho leo!”

Ha ’mè e mong oa Chelyabinsk a fuoa pampitšana eo, o ile a re: “Ke se ke e fumane ebile ke e balile. Ke lumellana le lōna hantle. Ha ke e-s’o bone bolumeli bo tsebang ho emela tumelo ea bona ka tsela e hlophisehileng joaloka bona ba lōna. Ke rata tsela eo le aparang ka eona, ebile ka linako tsohle le bua le batho ka tsela e mosa. Ho hlakile hore le na le tumelo e matla. Molimo o tlameha a e-na le lōna.”

St. Petersburg teng, ntate e mong ea ileng a re o se a fumane pampitšana eo o ile a botsoa hore na o ratile seo a se balileng kapa che. Ha a araba, o ile a re: “Ke ratile seo ke se balileng. Ke ile ka ameha haholo ka ba ka lla ha ke ntse ke e bala. Nkhono oa ka ke e mong oa ba ileng ba hatelloa [pusong ea Masoviet] ’me o ne a mpolelle lintho tse ngata ka batho bao a neng a tšoeroe le bona. Ho ne ho e-na le ba bangata bao e neng e le litlokotsebe, empa hape ho ne ho e-na le ba se nang molato ba neng ba mpa ba tšoaretsoe tumelo ea bona. Ke nahana hore motho e mong le e mong o lokela ho tseba se etsahetseng, le hlile le etsa hantle.”

Molaetsa o Matla

Pampitšana ea Could It Happen Again? A Question for the Citizens of Russia (Na ho ka Etsahala Hape? Potso e Tjametseng Baahi ba Russia) e bontša baahi ka ho hlaka hore Lipaki Tsa Jehova hase batho ba fetelletsang litaba. E pepesa liketsahalo tse etsahalang hona joale ho senya Lipaki Tsa Jehova lebitso tse tšoanang le tse ileng tsa etsahala ha Lipaki li tla hlorisoa ka sehlōhō ho sa hlokahale nakong ea puso ea Masoviet. Pampitšana ena e khothalletsa babali hore ba shebe Websaete e khethehileng ka Serussia ho www.jw-russia.org, moo ba ka balang ka histori le mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Russia. Pampitšana ena e boetse e qotsa mantsoe a hlahang videong e Inthaneteng puong ea Mopresidente oa Russia, Dmitri Medvedev, Letsatsing la Sehopotso sa ba Ileng ba Hatelloa ke Lipolotiki.g Le hoja mehleng eo ea Soviet Union Lipaki Tsa Jehova e ne e le sehlopha se senyenyane sa bolumeli, li ile tsa e-ba har’a ba hatelloang ka sehlōhō ke Puso ea Masoviet.

g Sheba lebokose le reng “Ho Hopola ba Neng ba Hateletsoe.”

Bokamoso ke Bofe Russia?

Lipaki Tsa Jehova li ananela haholo tokoloho eo li ’nileng tsa e-ba le eona Russia lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Leha ho le joalo, li tseba hantle hore na ho bonolo joang hore li nkeloe tokoloho eo. Ho se ho tla bonahala ha nako e ntse e-ea hore na tlhaselo e matla e senyang Lipaki lebitso e bontša hore Russia e khutlela mehleng ea bohatelli kapa che.

Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ho tsoela pele ka mosebetsi oa tsona oa ho bolela molaetsa oa Bibele o tlisang khotso le o fanang ka tšepo, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng. Pampitšana eo e khethehileng e phetha ka qeto ena eo li e entseng: “Khatello e ke ke ea atleha le ka mohla. Re ke ke ra khaotsa ho bua ka mosa le ka tsela e hlomphang ka Jehova Molimo le ka Lentsoe la hae, Bibele. (1 Petrose 3:15) Ha rea ka ra khaotsa ha re ne re tšoeroe ka tsela e sehlōhō haholo ke Jeremane ea Bonazi, ha rea ka ra khaotsa nakong eo naha ea rōna e neng e re hateletse ’me le kajeno re ke ke ra khaotsa.—Liketso 4:18-20.”

Ho Hopola ba Neng ba Hateletsoe

Haufinyane tjena ka letsatsi la sehopotso sa ba ileng ba hatelloa tlas’a puso ea Masoviet, Mopresidente Dmitri Medvedev o ile a bua mantsoe a latelang:

“Kajeno ke Letsatsi la Sehopotso sa ba Ileng ba Hatelloa ke Lipolotiki. . . . Ho thata ho utloisisa bokhopo bo tšabehang bo ileng ba aparela naha . . . Ho ile ha felisoa lihlopha tse itseng sechabeng sa rōna. . . . Ho ile ha hlorisoa bohle ba ipolelang hore ke balumeli. [Lena ke letsatsi la ho ikhopotsa] batho ba limilione bao bophelo ba bona bo ileng ba senngoa—batho ba ileng ba ahloleloa lefu ho sa ka ha e-ba le nyeoe kapa tlaleho e itseng e ngotsoeng ka bona; batho ba ileng ba lelekoa ’me ba romeloa likampong tsa mahloriso, ba ileng ba amohuoa litokelo tsa botho hobane feela ba ne ba etsa mesebetsi eo ho neng ho thoe e fosahetse kapa hobane ho thoe ke ba setso se itseng. Malapa ’ohle a ne a bitsoa ‘lira tsa ’muso’ le ‘bahlohlelletsi ba tlōlo ea molao.’ A re ke re nahaneng ka sena: Batho ba limilione ba ile ba shoa ka lebaka la tšoaro e sehlōhō le ka lebaka la liqoso tsa bohata. Ba ile ba tingoa litokelo tsohle, esita le seriti feela sa hore ba patoe hantle. Ho nkile lilemo tse ngata eka le ho phela ha ba e-s’o ka ba phela.

“Ha ho letho le ka lokafatsang ho hatella batho.”

a Sheba lebokose le reng “Mangolo a Hlakolang Tšenyo ea Lebitso.”

b Lihora tse ngata pele seboka sa baqolotsi ba litaba se tšoaroa, liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova Moscow li ile tsa qala ho aba pampitšana eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela