Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 1/1 maq. 9-10
  • Abrahama—O ne a Ikokobelitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Abrahama—O ne a Ikokobelitse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Abrahama e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Abrahama le Sara—U ka Etsisa Tumelo ea Bona!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 1/1 maq. 9-10

Abrahama—O ne a Ikokobelitse

Abrahama o lutse ka tenteng, moriting o monate letsatsing le bataolang la motšehare. Ha a sheba thōkoana mane, Abrahama o hlokomela banna ba bararo ba etetseng motseng moo.a Ntle le ho tsilatsila, oa matha o khahlanyetsa baeti, o kōpa hore ba lule ho se hokae ’me a ba phomosetse. O ba fa “sengoathoana sa bohobe,” empa ha a etse joalo feela, o ba lokisetsa le lijo tse hlabosang tse akarelletsang bohobe bo sa tsoa phehoa, sereleli, lebese le nama ea boleng bo botle e bonojoana. Ha a ngoathela baeti ba hae lijo tsena, Abrahama ha a bontše kamohelo ea baeti feela, empa hape o bontša le boikokobetso ba sebele.—Genese 18:1-8.

BOIKOKOBETSO KE ENG? Boikokobetso bo bolela ho se ikhohomose kapa hona ho se ikakase. Motho ea ikokobelitseng o nka hore batho bohle ba mo phahametse. (Bafilipi 2:3) O mamela maikutlo a batho ba bang ’me o itella ho etsetsa ba bang mesebetsi e nkeloang tlaase.

ABRAHAMA O ILE A BONTŠA BOIKOKOBETSO JOANG? Abrahama o ne a thabela ho sebeletsa ba bang. Joalokaha ho boletsoe qalong, ha Abrahama a bona baeti ba bararo, hang-hang o ile a ba lokisetsa seo ba se hlokang. Kapele mosali oa hae, Sara, o ile a qala ho pheha lijo. Leha ho le joalo, hlokomela hore na ke mang ea neng a etsa mosebetsi o mongata: Abrahama o ile a matha a khahlanyetsa baeti, ke eena ea ileng a ithaopela ho ba ngoathela lijo, ke eena ea ileng a mathela mohlapeng eaba o khetha phoofolo eo a ka e hlabang, hape ke eena ea ileng a tlisetsa baeti lintho tsohle tse hlokahalang. Ho e-na le hore a tlohelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho bahlanka ba hae, monna enoa ea neng a ikokobelitse ke eena ea ileng a etsa mesebetsi ena e neng e lokela ho etsoa ke bahlanka. O ne a sa nke ho sebeletsa ba bang e le ntho e mo theolang seriti.

Abrahama o ne a mamela maikutlo a bohle ba leng tlas’a hae. Bibele e tlaleha ho seng ho kae feela ka lipuisano tseo Abrahama le Sara ba ileng ba ba le tsona. Leha ho le joalo, re bala hore ka makhetlo a mabeli Abrahama o ile a mamela maikutlo a Sara eaba o phetha seo a se buileng. (Genese 16:2; 21:8-14) Lekhetlong le leng ho ao, qalong tlhahiso ea Sara “ha ea ka ea khahlisa Abrahama.” Empa ha Jehova a bua le Abrahama, a mo bolella hore tlhahiso ea Sara e ntle, ka boikokobetso Abrahama o ile a mamela eaba o latela tlhahiso ea Sara.

RE ITHUTA’NG? Haeba re hlile re ikokobelitse, re tla thabela ho sebeletsa ba bang. Re tla etsa sohle seo re ka se khonang e le hore ba thabele bophelo haholoanyane.

Re ka boela ra bontša boikokobetso ka tsela eo re etsang lintho ka eona ha ba bang ba ntša maikutlo a bona. Ho e-na le ho qhelela ka thōko tlhahiso ea bona hobane feela e se rōna ba tlileng ka eona, e ka ba bohlale hore re amohele litlhahiso tsa ba bang. (Liproverbia 15:22) Boikutlo bo joalo ba ho ikemisetsa ho amohela litlhahiso tsa ba bang bo ka tsoela ba maemong a bolaoli molemo o moholo. Mookameli e mong ea bitsoang John ea seng a e-na le boiphihlelo, o re: “Ke hlokometse hore mookameli ea hloahloa o etsa hore batho ba lokolohe ho ntša maikutlo a bona.” O phaella ka ho re: “Ho hlokahala hore u be le boikokobetso e le hore u khone ho hlokomela hore motho eo u mo okametseng a ka ba le bokhoni bo itseng bo fetang ba hao. Empa le teng, ha ho motho ea lulang a nepile ka linako tsohle—esita le eena mookameli.”

Ha re etsisa Abrahama ka hore re mamele maikutlo a ba bang le ka hore re ba etsetse mesebetsi e nkeloang tlaase, Jehova o tla re amohela. Etsoe “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Petrose 5:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja e ka ’na eaba Abrahama o ne a sa hlokomele pele, baeti bana e ne e le mangeloi a ronngoeng ke Molimo.—Baheberu 13:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela