Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 14
  • Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Abrahama e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bopaki bo Boholo ka ho Fetisisa ba Lerato la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 14

PALE EA 14

Molimo o Leka Tumelo ea Abrahama

NA U bona seo Abrahama a se etsang moo? O nkile thipa, ’me ho bonahala eka o tlil’o bolaea mora oa hae. Ke hobane’ng ha a etsa seo? A re ke re bone hore na ho tlile joang hore Abrahama le Sara ba be le mora.

Hopola hore Molimo o ile a ba tšepisa hore ba tla ba le mora. Empa ho ne ho bonahala eka seo ha se na ho etsahala kaha Abrahama le Sara ba ne ba se ba tsofetse. Leha ho le joalo, Abrahama o ne a lumela hore Molimo a ka etsa ntho eo ho bonahalang eka e ke ke ea etsahala. Joale ha etsahala’ng?

Ka mor’a hore Molimo a etse tšepiso eo, ho ile ha feta selemo. Joale ha Abrahama a le lilemo li 100 ’me Sara a le lilemo li 90, ba ile ba e-ba le ngoana oa moshemane ea bitsoang Isaka. Molimo o ne a phethile tšepiso ea hae!

Empa ha Isaka a se a hōlile, Jehova a leka tumelo ea Abrahama. A mo bitsa a re: ‘Abrahama!’ Abrahama a araba a re: ‘Ke ’na enoa!’ Eaba Molimo o re: ‘Nka mora oa hao, mora oa hao ea mong, Isaka, ’me u ee thabeng eo ke tla u bontša eona. Ebe moo u bolaea mora oa hao, u mo etse sehlabelo.’

Mantsoe ao a ile a utloisa Abrahama bohloko, kaha o ne a rata mora oa hae haholo. U hopole hape hore Molimo o ne a tšepisitse hore bana ba Abrahama ba tla lula naheng ea Kanana. Empa seo se ne se tla etsahala joang haeba Isaka a shoele? Abrahama o ne a sa utloisise, empa leha ho le joalo a mamela Molimo.

Eitse ha a fihla thabeng, Abrahama a tlama Isaka ’me a mo beha aletareng eo a e hahileng. Eaba o ntša thipa ho bolaea mora oa hae. Empa hona hoo lengeloi la Molimo la hoeletsa la re: ‘Abrahama, Abrahama!’ Abrahama a araba a re: ‘Ke ’na enoa!’

Molimo a re: ‘U se ke ua ntša moshanyana kotsi kapa ua mo etsa letho. Joale kea tseba hore u na le tumelo ho ’na, hobane ha ua nkhanela ka mor’a hao ea mong feela.’

Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla hakaakang ho Molimo! O ne a lumela hore ha ho letho leo Jehova a ka sitoang ho le etsa le hore Jehova o ne a ka tsosa Isaka bafung. Empa ha e le hantle Molimo o ne a sa batle hore Abrahama a bolaee Isaka. Kahoo Molimo o ile a etsa hore nku e tšoasoe lihlahleng tse haufi le moo, ’me a re Abrahama a etse sehlabelo ka eona eseng ka mora oa hae.

Genese 21:1-7; 22:1-18.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela