THUTO EA 11
Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla
Abrahama o ile a ruta mora oa hae Isaka hore a rate Jehova le hore a tšepe litšepiso tsohle tsa hae. Empa ha Isaka a le lilemo li ka bang 25, Jehova o ile a re Abrahama a etse ntho e boima haholo. O ile a re a etse’ng?
Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore u nke mora oa hao ea mong, u mo etse sehlabelo ho e ’ngoe ea lithaba tse naheng ea Moria.’ Abrahama o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a re a etse joalo. Empa o ile a etsa seo Jehova a itseng a se etse.
Letsatsi le latelang hoseng, Abrahama o ile a kena tseleng le Isaka le bahlanka ba hae ba babeli, ba ea thabeng ea Moria. Ka mor’a matsatsi a mararo, ba bonela thaba eo hole. Abrahama o ile a re bahlanka ba hae ba sale moo, ha eena le Isaka ba il’o etsa sehlabelo. O ile a fa Isaka patsi ’me eena a nka thipa. Isaka o ile a botsa ntate oa hae a re: ‘E hokae nku eo re tl’o etsa sehlabelo ka eona?’ Abrahama a re: ‘Mora oa ka, Jehova o tla re fa eona.’
Qetellong ha ba fihla thabeng eo, ba haha aletare. Eaba Abrahama o tlama Isaka maoto le matsoho, o mo beha holim’a aletare.
Abrahama o ile a ntša thipa. Hang-hang lengeloi la Jehova la hoeletsa Abrahama le le leholimong, la re: ‘Abrahama! U se ke oa bolaea mora oa hao. Joale kea tseba hore u na le tumelo ho Molimo hobane ha oa hana ho etsa sehlabelo ka mora oa hao.’ Abrahama o ile a bona nku e le har’a sehlahla. Eaba o fasolla Isaka maoto le matsoho ’me o etsa sehlabelo ka nku eseng ka Isaka.
Ho tloha letsatsing leo, Jehova o ile a bitsa Abrahama motsoalle oa hae. Hobane’ng? Abrahama o ne a etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a re a e etse, leha a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Jehova a re a e etse.
Jehova o ile a tšepisa Abrahama a re: ‘Ke tla u hlohonolofatsa ’me bana ba hao ba tla ba bangata.’ Sena se bolela hore Jehova o ne a tla sebelisa lelapa la Abrahama ho hlohonolofatsa batho bohle ba lokileng.
“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16