Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w12 6/15 leq. 32
  • Mosa o Felisa Bohale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosa o Felisa Bohale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
w12 6/15 leq. 32

Mosa o Felisa Bohale

NKHONO e mong o ile a bontša hore ho hang ha aa thaba ha George le Manon, bao e leng Lipaki tsa Netherlands ba ne ba bua le eena ka molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso. O ile a ba bolella hore o ile a shoeloa ke banna ba babeli le mora le hore o ne a tšoeroe ke lefu la masapo le lebe haholo. Le hoja a ile a phutho-phutholoha ha ba ntse ba qoqa, ho hang ha aa ka a bontša botsoalle.

Leha ho le joalo, George o ile a khothalletsa Manon hore ha ba khutla ba ele nkhono eo lipalesa hobane o ne a bonahala a hlorile a bile a halefile. Ba ile ba etsa joalo ’me nkhono eo, e leng Rie, o ile a hlolloa. Leha ho le joalo, maemo a ne a sa mo lumelle hore a ka bua le bona ka nako eo, kahoo ba ile ba lumellana hore ba mo etele ka nako e ’ngoe. Ha George le Manon ba khutla ka nako eo ba lumellaneng ka eona, ha ho motho ea ileng a araba ha ba kokota. Le hoja ba ile ba leka ka makhetlo a fapaneng, ha baa ka ba hlola ba mo fumana. Ba ile ba ba ba nahana hore oa ba baleha.

Ka letsatsi le leng George o ile a qetella a fumane Rie lapeng. Rie o ile a kōpa hore ba mo inele matsoho metsing ka hore ebe o ne a le sieo lapeng ha ba ne ba tlile ’me a hlalosa hore o ne a le sepetlele. O ile a re: “Empa le ke ke la kholoa ha ke le bolella hore na ke ile ka sala ke etsa’ng ha le tloha. Ke ile ka qala ho bala Bibele!” Ka mor’a moo ba ile ba qoqa hamonate ’me ba qala ho ithuta Bibele le eena.

Ha Rie a ntse a ithuta Bibele, o ile a fetoha ea e-ba motho ea thabileng, ea mosa le ea sa luleng a halefile. Le hoja a ne a sa tsoe ka tlung, hang-hang o ile a bua le batho ba neng ba mo etela ka tumelo ea hae e ncha. O ne a sa khone ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla ka lebaka la ho kula, empa o ne a thabela ho eteloa ke bara le barali babo rōna. Letsatsing leo a neng a e-ba lilemo li 82, o ile a ea kopanong ea potoloho ’me a kolobetsoa ho bontša hore o inehetse ho Molimo.

Ka mor’a lefu la hae likhoeli tse seng kae hamorao, ho ile ha fumanoa thothokiso eo a neng a e ngotse. Ho eona o ne a hlalositse mahlomola a ho jeoa ke bolutu botsofaling ’me a bontša hore ke habohlokoa hore batho ba be mosa. Manon o re: “Ho bala thothokiso eo ho ile ha nkama maikutlo, ’me ke thabile haholo hore ebe Jehova o ile a re thusa hore re be mosa ho eena.”

Ka sebele, mohlala oa Jehova o re susumelletsa hore re bontše lerato le joalo hammoho le mosa. (Baef. 5:1, 2) Tšebeletso ea rōna e tla atleha ha ‘re ntse re ipuella hore re basebeletsi ba Molimo ka mosa.’—2 Bakor. 6:4, 6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela