Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 2/1 maq. 8-9
  • Bibele e Fetola Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Fetola Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bone “e Monyenyane” a Fetoha “Sechaba se Sengata”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Ke ne ke Batla ho Sebeletsa Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 2/1 maq. 8-9

BIBELE E FETOLA BATHO

“Ba ne ba Batla Hore ke Iponele Seo e Leng ’Nete”

Joalokaha ho boletse Luis Alifonso

  • SELEMO SA TSOALO: 1982

  • NAHA EA HESO: DOMINICAN REPUBLIC

  • PELE: KE HŌLISELITSOE BOLUMELING BA MAMORMON

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG:

Ke hlahetse motseng oa Santo Domingo o naheng ea Dominican Republic, ke ngoana oa ho fela ho ba bane. Batsoali ba ka ba ne ba rutehile ’me ba ne ba batla re hōle hantle, re be batho ba molemo le ba tšepahalang. Lilemo tse ’nè pele ke hlaha, batsoali ba ka ba ile ba kopana le baromuoa ba Mamormon. Batsoali ba ka ba ile ba khahloa ke kamoo ba neng ba apere hantle kateng, ba hloekile ebile e le bahlankana ba itšoereng hantle ’me seo se ile sa etsa hore ba etse qeto ea ho ba le leng la malapa a pele sehlekehlekeng seo la ho ba litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Matsatsing a Morao kapa Kereke ea Mamormon.

Ha ke ntse ke hōla, ke ne ke thabela lintho tseo re neng re li etsa kerekeng ha re ithabisa ’me ke ne ke hlompha Kereke ea Mamormon kaha e ameha ka bophelo ba lelapa le melao ea boitšoaro. Ke ne ke le motlotlo ka ho ba Momormon ’me ke ne ke batla ho ba moromuoa.

Ha ke le lilemo li 18, lelapa leso le ile la fallela United States e le hore ke ntšetse lithuto tsa ka pele univesithing. Hoo e ka bang selemo hamorao, ’Mangoane le Rangoane bao e leng Lipaki tsa Jehova ba ile ba re etela Florida. Ba ile ba re kōpa hore re ee le bona kopanong moo ho ithutoang Bibele. Ke ile ka khahloa ke hore motho e mong le e mong o ne a phetla litemana Bibeleng ea hae ’me a ngola lintlha. Kahoo ke ile ka kōpa pene le pampiri ’me ka qala ho etsa se tšoanang.

Ka mor’a kopano, ’Mangoane le Rangoane ba ile ba mpolella hore kaha ke rata ho ba moromuoa, ba ka nthusa hore ke ithute Bibele. Ke ile ka bona seo e le ntho e molemo kaha ka nako eo ke ne ke tseba Buka ea Mormon ho feta Bibele.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG:

Ha re ntse re buisana fonong ka Bibele le ’Mangoane le Rangoane, kamehla ba ne ba nkhothalletsa hore ke bapise seo ke se lumelang le lithuto tsa Bibele. Ba ne ba batla hore ke iponele seo e leng ’nete.

Ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo ke neng ke li lumela ka tumelo ea Bomormon empa ke ne ke sa tsebe hantle hore na li lumellana le Bibele na. ’Mangoane o ile a nthomella makasine ea Tsoha! ea November 8, 1995, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e neng e e-na le sehlooho se buang ka tumelo ea Bomormon. Ke ne ke maketse hore ebe ke ne ke sa tsebe lithuto tse ngata tsa Bomormon. Sena se ile sa etsa hore ke batlisise Websaeteng ea Mamormon ea molao, e le hore ke etse bonnete ba hore seo ke neng ke se bala makasineng eo ea Tsoha! ke ’nete. E ne e le ’nete ’me seo se ile sa tiisoa ke ha ke ne ke etetse musiamo oa Mamormon, Utah.

Ke ne ke se na pelaelo ea hore Buka ea Mormon le Bibele li a lumellana. Empa ha ke qala ke bala Bibele ka hloko, ke ile ka hlokomela hore ho na le lithuto tsa Mamormon tse sa lumellaneng le Bibele. Ka mohlala, ho Ezekiele 18:4, Bibele e re moea oa shoa. Empa, Buka ea Mormon ho Alma 42:9 e re: “Moea o ke ke oa shoa.”

Ho ekelletsa ho lithuto tse sa lumellaneng le Bibele tseo ke ileng ka li fumana, ke ne ke tšoenngoa ke maikutlo a ho rata bochaba a neng a rutoa ke Mamormon. Ka mohlala, Mamormon a rutoa hore tšimo ea Edene e ne e le Jackson County, Missouri, U.S.A. Baprofeta ba kereke le bona ba ne ba ruta hore ha ’Muso oa Molimo o tla, o tla busa lefatše lohle o le United States.

Ke ile ka ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ka naha ea heso—kapa naha leha e le efe. Mantsiboea a mang, ke ile ka buisana le mocha e mong oa Momomorn ka fono ka taba ena, ea neng a koetlisetsoa ho ba moromuoa. Ke ile ka mo botsa ka ho toba hore na a ka loantša Mamormon-’moho le eena haeba naha ea habo e ne e le ntoeng. Ke ile ka makala ha a mpolella hore a ka etsa joalo. Ke ile ka hlahlobisisa lithuto tsa tumelo ea ka ka ho tebileng ka ba ka buisana le baeta-pele ba Kereke ea Mamormon. Ba ile ba mpolella hore likarabo tsa lipotso tsa ka ke sephiri ’me ka letsatsi le leng ke tla li tseba ha leseli le ntse le khanya.

Kaha ke ile ka soetseha haholo ke likarabo tsa bona, ke ile ka itlhahloba ka ba ka hlahloba le mabaka a ka a ho batla ho ba moromuoa oa Momormon. Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke batla ho ba moromuoa hobane ke batla ho thusa batho. Lebaka le leng ke hore ho ba moromuoa ho ne ho tla etsa hore batho ba ntlhomphe. Empa bonnete feela ke ne ke sa tsebe Molimo hakaalo. Le hoja nkile ka bala Bibele ka makhetlo a mangata pele, ke ne ke sa e nke e le ea bohlokoa. Ke ne ke sa tsebe letho ka morero oa Molimo ka lefatše le ka batho.

MELEMO EO KE E FUMANENG:

Ha ke ntse ke ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, tse ling tsa lintho tseo ke ileng ka ithuta tsona ke hore na lebitso la Molimo ke mang, ho etsahala’ng ha motho a e-shoa le hore na Jesu o na le karolo efe ho phethahatseng morero oa Molimo. Qetellong ke ile ka tloaelana le buka ena e babatsehang ’me ke ne ke thabela ho arolelana le ba bang ’nete eo ke ithutileng eona. Ke ne ke ntse ke tseba hore Molimo o teng, empa joale ke se ke khona ho buisana le eena ka thapelo joaloka Motsoalle oa ka e moholo. Ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka la 12 July, 2004, ’me likhoeli tse tšeletseng ka mor’a moo ka qala ho qeta nako e ngata ke ruta batho Bibele.

Ke se ke qetile lilemo tse hlano ke sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ke thabisoa haholo ke hore ke khona ho thusa ho hatisa Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse tsoelang batho ba limilione lefatše ka bophara molemo ’me ke ntse ke tsoela pele ho thusa ba bang ho ithuta ka Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela