Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 2/15 maq. 13-16
  • Balebeli ba Moemphera Baa Pakeloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Balebeli ba Moemphera Baa Pakeloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOAPOSTOLA PAULUSE O BOLELA MOLAETSA “NTLE HO TŠITISO”
  • PAULUSE O PAKELA BA BANYENYANE LE BA BAHOLO
  • ‘BOLELANG LENTSOE LA MOLIMO LE SA TŠABE LETHO’
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Part 6—’Muso oa Botšelela oa Lefatše—Roma
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Pel’a ba Boholong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 2/15 maq. 13-16

Balebeli ba Moemphera Baa Pakeloa

Ke selemo sa 59 C.E. Masole a khathetseng ke leeto a kena Roma le hekeng ea Porta Capena a e-na le batšoaruoa ba ʼmaloa. Ntlo ea borena ea Moemphera Nero e Leralleng la Palatine, e lebetsoe ke masole a lebelang Moemphera a nang le lisabole tse patiloeng ka har’a liaparo tsa ’ona tsa Seroma.a Molaoli oa lekholo ea bitsoang Juliase o fetisa batšoaruoa ba hae pel’a Lekhotla la Roma, ʼme ba nyoloha le Leralleng la Viminal. Ba feta serapeng se nang le lialetare tse ngata tsa melimo ea Roma ʼme ba boetse ba feta pel’a lebala leo ho bokanoang ho lona leo masole a ikoetlisetsang ho lona.

Setšoantšo sa masole a Balebeli ba Moemphera seo ho nahanoang hore se tsoa Sefikeng sa Claudiase, se hahiloeng ka 51 C.E.

E mong oa batšoaruoa ke moapostola Pauluse. Likhoeli pele ho moo, ha a ne a le sekepeng se neng se tsukutloa ke sefefo, lengeloi la Molimo le ile la re ho eena: “U tla ema ka pel’a Cesare.” (Lik. 27:24) Na Pauluse o ne a le mothating oa hore seo se etsahale? Ha a hetla ho sheba motse-moholo oa ʼMuso oa Roma, ha ho pelaelo hore o hopola mantsoe ao Morena Jesu a ileng a mo bolella ʼona Toreng ea Antonia e Jerusalema. Jesu o ile a re: “E-ba sebete! Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.”—Lik. 23:10, 11.

Mohlomong Pauluse o khefutsa hanyenyane hore a shebe Castra Praetoria—e leng qhobosheane e khōlō ea marako a phahameng a setene se sefubelu e nang le litora. Qhobosheaneng ena ho lula Balebeli ba Moemphera hammoho le sepolesa sa motse. Kaha ho na le lihlopha tse 12 tsa Balebeli ba Moemphera tsa masole a sekete sehlopha ka seng, le lihlopha tse ling tse ngata tsa masole a motse, qhobosheaneng ena ho ka lula masole a likete-kete a akarelletsang masole a palamang lipere. Qhobosheane ena e hopotsa batho hore na matla a baemphera a ne a tsoa kae. Kaha Balebeli ba Moemphera ke bona ba ikarabellang ka batšoaruoa ba tsoang liprofinseng, Juliase o etella sehlopha sa hae pele ’me ba kena ka e ʼngoe ea liheke tse ʼnè tse khōlō. Ka mor’a leeto le kotsi le nkileng likhoeli tse ’maloa, qetellong o fihla le batšoaruoa ba hae sebakeng seo ba neng ba lokela ho ea ho sona.—Lik. 27:1-3, 43, 44.

MOAPOSTOLA PAULUSE O BOLELA MOLAETSA “NTLE HO TŠITISO”

Nakong eo Pauluse a neng a le leetong, Molimo o ile a mo tsebisa ka lipono hore batho bohle ba neng ba le ka sekepeng ba ne ba tla pholoha ha se soahlamana. Ha a ne a longoa ke noha e chefo ha aa ka a tsoa kotsi. O ile a phekola batho ba kulang sehlekehlekeng sa Malta, moo baahi ba teng ba ileng ba re ke molimo. Mohlomong litaba tse amanang le liketsahalo tsena li ile tsa tlala har’a Balebeli ba Moemphera ba lumelang lintho tseo e seng tsa ’nete.

Pauluse o se a kopane le barab’abo ba Roma ba ileng ba ‘tla kopana le eena ’Marakeng oa Apiase le Matlong a Phapohelo a Baeti a Mararo.’ (Lik. 28:15) Leha ho le joalo, kaha e ne e le motšoaruoa, o ne a tla phethahatsa takatso ea hae ea ho bolela litaba tse molemo Roma joang? (Bar. 1:14, 15) Batho ba bang ba nahana hore batšoaruoa ba ne ba tla fetisetsoa matsohong a mookameli oa balebeli. Haeba ho joalo, mohlomong Pauluse o ile a fetisetsoa ho Afranius Burrus, e leng Ofisiri e KhōIō ea Balebeli ba Moemphera, eo mohlomong a neng a hlahlama moemphera ka matla.b Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ho e-na le hore Pauluse a lebeloe ke balaoli ba ba lekholo o lebeloa ke lesole le le leng la boemo bo tlaase la sehlopha sa balebeli ba Moemphera. O lumelloa hore a ipatlele bolulo ebile o lumelloa ho amohela baeti le ho ba bolella litaba tse molemo “ntle ho tšitiso.”—Lik. 28:16, 30, 31.

Balebeli ba Moemphera Mehleng ea Nero

Chelete ena ea tšepe ea lekholong la pele la lilemo e bontša kampo ea Balebeli ba Moemphera

Balebeli ba Moemphera ba ne nkile kano ea ho sireletsa moemphera le lelapa la hae. Ha ba tsoa letšolo, ba ne ba nka lifolakha tse nang le letšoao la moemphera ba bile ba nka lithebe, tseo hangata li neng li khabisitsoe ka liphepheng, e leng letšoao la naleli ea tsoalo la Tiberiuse Cesare. Ka taelo ea makhotla le balaoli ba ba makholo, ba ne ba boetse ba boloka taolo lipapaling le libakeng tseo ho bapalloang lipapali tsa kalaneng ho tsona ba bile ba thusa mosebetsing oa litima-mollo. Balebeli ba Moemphera ba ne ba sebetsa lilemo tse 16, ho fapana le tse 25 tsa masole a tloaelehileng, ʼme ba ne ba fumana moputso o mennoeng hararo, libonase tsa chelete e ngata le penshene e hlamatsehang. Ba ne ba boetse ba sebelisetsoa ho hlokofatsa le ho bolaea batšoaruoa. Ka mor’a hore Pauluse a tšoaroe ka lekhetlo la bobeli, mohlomong o ile a bolaeloa tumelo ke mofuta oo oa masole oo a ileng a etsa boiteko ba ho a pholosa ka ho a pakela.—2 Tim. 4:16, 17.

Courtesy Classical Numismatic Group, Inc./​cngcoins.com

PAULUSE O PAKELA BA BANYENYANE LE BA BAHOLO

Marako a qhobosheane ea Castra Praetoria kajeno

Ho ka etsahala hore ebe pele Burrus a isa taba ho Nero, o ile a buisana le moapostola Pauluse e le ha a phetha mosebetsi oa hae oa boahloli, e-bang o ile a buisana le eena ntlong ea borena kapa kampong ea balebeli ba Moemphera. Pauluse ha a tlohele monyetla ona o ikhethang oa ho “pakela ba banyenyane hammoho le ba baholo.” (Lik. 26:19-23) Ho sa tsotellehe hore na Burrus o ile a fihlela qeto efe, Pauluse ha aa ka a kenngoa chankaneng e kampong ea Balebeli ba Moemphera.c

Ntlo eo Pauluse a neng a e hirile e ne e le khōlō hoo a ileng a khona ho amohela “banna ba ka sehloohong ba Bajuda” le ho ba pakela esita le ho pakela ‘bongata bo neng bo tla ho eena sebakeng sa hae sa bolulo.’ Masole a Moemphera a ile a tlameha ho mo mamela ha a ntse a ‘pakela Bajuda ka ho phethahetseng’ ka ʼMuso le ka Jesu, “ho tloha hoseng ho fihlela ka shoalane.”—Liketso 28:17, 23.

Ha Pauluse a ne a le litlamong, masole a ile a mo utloa ha a ne a bitsetsa motho ea neng a mo ngolla mangolo mantsoe

Letsatsi le letsatsi ka hora ea bobeli, ho ne ho chenchoa sehlopha sa Balebeli ba Moemphera ntlong ea borena. Balebeli ba Pauluse le bona ba ne ba chenchoa khafetsa. Ka lilemo tse peli tseo moapostola Pauluse a neng a le litlamong ka tsona, masole a ile a mo utloa ha a ne a bitsetsa motho ea neng a mo ngolla mangolo a eang ho Bakreste ba Efese, Filipi, Kolose le ba Baheberu mantsoe, a ba a mo bona ha a ne a ngola lengolo la hae le eang ho Mokreste ea bitsoang Filemone. Ha Pauluse a ntse a le litlamong, o ile a ipha nako ea lekhoba le neng le bitsoa Onesimase le neng le balehile ho mong’a lona, ‘leo e bileng ntat’a lona ha a ntse a le litlamong tsa chankana,’ ʼme a le khutlisetsa ho mong’a lona. (Filem. 10) Ha ho pelaelo hore Pauluse o ne a boetse a thahasella le balebeli ba hae. (1 Bakor. 9:22) A re ke re nahaneng re mo utloa a botsa lesole hore na likarolo tse fapa-fapaneng tsa lihlomo tsa lona tsa ntoa li sebetsa’ng ʼme ka mor’a moo a etsa papiso e ntle ka tlhaloso eo.—Baef. 6:13-17.

‘BOLELANG LENTSOE LA MOLIMO LE SA TŠABE LETHO’

Ho kena litlamong ha Pauluse ho ile ha etsa “hore litaba tse molemo li tsoele pele” har’a Balebeli bohle ba Moemphera le batho ba bang. (Bafil. 1:12, 13) E tlameha ebe batho ba neng ba lula qhobosheaneng ea Castra Praetoria ba ne ba e-na le maqhama le batho ba bangata hohle ʼMusong oa Roma, hammoho le moemphera le batho ba bangata ba ntlo ea hae. Ba ntlo ea moemphera ba ne ba akarelletsa beng ka eena, bahlanka le makhoba, ʼme ba bang ba bona e ile ea e-ba Bakreste. (Bafil. 4:22) Kaha Pauluse o ile a paka ka sebete, barab’abo ba Roma le bona ba ile ba ba sebete sa hore “ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.”—Bafil. 1:14.

Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, re ka ’na ra khona ho bua le batho ba re tliselitseng litšebeletso tse fapa-fapaneng

Taba ea hore ebe Pauluse o ile a fana ka bopaki ha a ne a le Roma, le rōna ea re khothatsa ha re ntse re ‘bolela lentsoe nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso.’ (2 Tim. 4:2) Ba bang ba rōna ha ba khone ho tsoa ka matlung, ba mahaeng a maqheku kapa lipetlele, kapa mohlomong ba lichankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna ke afe, re ka ’na ra khona ho bua le batho ba tlang moo re lulang, mohlomong ho na le seo ba se batlang kapa ba tlisitse litšebeletso. Ha re paka ka sebete maemong ’ohle, re iponela ka mahlo hore ‘lentsoe la Molimo le ke ke la tlangoa.’—2 Tim. 2:8, 9.

Sextus Afranius Burrus

Mongolo o nang le lebitso la Sextus Afranius Burrus

Mohlomong Burrus o hlahetse Vaison-la-Romaine, eo hona joale e leng karolo e ka boroa ea Fora, moo ka 1884 C.E ho ileng ha fumanoa mongolo o nang le lebitso la hae. Ka 51 C.E., Agrippina e monyenyane, e leng mosali oa Claudiase Cesare eo e neng e bile e le mochana oa hae, o ile a nyollela Burrus boemong ba ho ba Ofisiri e Khōlō ea Balebeli ba Moemphera. Agrippina o ile a sebelisa barupeli ba babeli ho koetlisetsa mora oa hae e monyenyane e leng Nero, boemphera. E mong oa barupeli bao e ne e le lesole le ipabolang le bitsoang Burrus, ’me le ile la mo koetlisetsa sesole. E mong e ne e le rafilosofi Seneca, ea ileng a thusa Nero hore a be bohlale. Ha monyetla o hlaha, Agrippina o ile a re monna oa hae a tšelloe chefo. Pele litaba tsa lefu la Claudiase li tsejoa, Burrus o ile a felehetsa Nero ho mo isa qhobosheaneng ea Castra Praetoria eaba o re Balebeli ba Moemphera ba phatlalatse hore Nero ke moemphera, ’me ntlo ea Senate e ile ea tlameha ho amohela qeto eo. Ka mor’a hore Nero a kenye letsoho polaong ea ʼmè oa hae ka 59 C.E., Burrus o ile a loha leano la ho pata taba eo. Bo-rahistori ba Roma e leng Suetonius le Cassius Dio ba bolela hore Burrus o ile a tšelloa chefo ke Nero ka 62 C.E.

Musée Calvet Avignon

a Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Balebeli ba Moemphera Mehleng ea Nero.”

b Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Sextus Afranius Burrus.”

c Heroda Agripa o ile a kenngoa chankaneng eo ke Tiberiuse Cesare ka 36/37 C.E. ka mor’a hore a bolele hore o lakatsa eka Caligula e ka ba moemphera kapele. Ha Caligula e e-ba moemphera, o ile a putsa Heroda ka ho mo fa borena.—Lik. 12:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela