Lethathamo la Tse ka Hare
March 15, 2013
© 2013 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. All rights reserved.
KHATISO E ITHUTOANG
LA 29 APRIL, 2013–LA 5 MAY, 2013
‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova
LEQEPHENG LA 3 • LIPINA: 45, 32
LA 6-12 MAY, 2013
Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
LEQEPHENG LA 8 • LIPINA: 62, 60
LA 13-19 MAY, 2013
Kaha ‘Joale re Tseba Molimo’ re Lokela ho Etsa’ng?
LEQEPHENG LA 13 • LIPINA: 81, 135
LA 20-26 MAY, 2013
Jehova ke Sebaka sa Rōna sa Bolulo
LEQEPHENG LA 19 • LIPINA: 51, 95
LA 27 MAY, 2013–LA 2 JUNE, 2013
Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
LEQEPHENG LA 24 • LIPINA: 27, 101
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ ‘Ha ho se ka Khopang’ Batho ba Ratang Jehova
Bakreste bohle ba peisong ea ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng. Empa kaha re futsitse sebe, kaofela ha rōna rea khoptjoa. Sehlooho sena se tla re thusa ho hlokomela lintho tse hlano tse ka re khopang se be se hlalose hore na re ka etsa’ng hore li se ke tsa re sitisa ho hlōla peisong.
▪ Na U na le ‘Pelo ea ho Tseba’ Jehova?
Buka ea Jeremia e re bolella lintho tse ngata ka pelo. Sehlooho sena se tla re thusa ho bona hore na ‘pelo e sa bollang’ ke eng le hore na ke hobane’ng ha e ka ba kotsi le ho Bakreste. Hape, re ka ba le ‘pelo ea ho tseba’ Jehova joang?—Jer. 9:26; 24:7.
▪ Kaha ‘Joale re Tseba Molimo’ re Lokela ho Etsa’ng?
Ke mehato efe eo motho a lokelang ho e nka e le hore a tsebe Molimo le hore a tsejoe ke Eena? Mokreste o tsoela pele ho hōla joang ka mor’a hore e be Mokreste ea hōlileng moeeng, hona ke hobane’ng ha a lokela ho hōla? Sehlooho sena se tla u thusa ho araba lipotso tseo.
▪ Jehova ke Sebaka sa Rōna sa Bolulo
Re phela lefatšeng le re hloileng, leha ho le joalo ha rea lokela ho tšoha. Sehlooho sena se bontša hore re na le sebaka sa bolulo se sireletsehileng ka ho fetisisa—e leng Jehova Molimo.
▪ Hlompha Lebitso la Jehova le Leholo
Ho bolela’ng ho ba e mong oa batho ba bitsoang ka lebitso la Molimo? Ho tsamaea ka lebitso la Molimo ho bolela’ng? Molimo o talima batho ba hlomphollang lebitso la hae joang? Sehloohong sena re tla fuoa likarabo.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
18 Tšelisa ba Bang—’Me U Tšelisoe
29 Na e Hlile e Ngotsoe ke Josephus?
30 Le ka Mohla U se ke Ua Felloa ke Tšepo!
SEKOAHELONG: Naha ea Finland e na le sebaka se seholo se moeling oa leoatle se nang le lihlekehleke tse ngata. Ho boetse ho na le matša a likete haholo-holo karolong e bohareng le e ka bochabela ea Finland. Ka linako tse ling bahoeletsi ba bang bao ka nakoana ba sebeletsang moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata, ba sebelisa liketsoana mosebetsing oa boboleli
FINLAND
BAAHI:
5 375 276
PALO EA BAAHI HA E BAPISOA LE EA BAHOELETSI:
Paki e le ’ngoe ho baahi ba 283
BO-PULA-MALIBOHO BA KAMEHLA:
1 824