Lethathamo la Tse ka Hare
May 15, 2013
© 2013 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. All rights reserved.
KHATISO E ITHUTOANG
LA 1-7 JULY, 2013
Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
LEQEPHENG LA 3 • LIPINA: 103, 102
LA 8-14 JULY, 2013
Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?
LEQEPHENG LA 8 • LIPINA: 108, 93
LA 15-21 JULY, 2013
Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle
LEQEPHENG LA 14 • LIPINA: 36, 87
LA 22-28 JULY, 2013
Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato
LEQEPHENG LA 19 • LIPINA: 88, 3
LA 29 JULY, 2013–LA 4 AUGUST, 2013
Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
LEQEPHENG LA 26 • LIPINA: 14, 134
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
Moevangeli ke motho ea etsang eng? Sehlooho sena se araba potso ena se bile se bontša hore na ke hobane’ng ha batho ba hloka ho bolelloa litaba tse molemo. Se boetse se re hlalosetsa hore na re ka atleha joang ho phetha mosebetsi oa rōna oa boevangeli.
▪ Na U ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?
Sehlooho sena se tšohla litsela tse peli tseo ha re “chesehela mesebetsi e metle” re ka hulelang batho ho Molimo ka tsona. (Tite 2:14) Tsela ea pele ke ha re etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Tsela e ’ngoe ke ka boitšoaro ba rōna bo bontšang hore re tšaba Molimo.
▪ Matlafatsang Lenyalo la Lōna ka Hore le be le Puisano e Ntle
▪ Batsoali, Bana—Buisanang ka Lerato
Puisano e ntle ke ea bohlokoa e le hore banyalani ba thabe lenyalong le hore ba thabele bophelo ba lelapa. Sehlooho sa pele se bontša hore na ke litšobotsi life tse ka re thusang hore re be le puisano e ntle. Sehlooho sa bobeli se bontša hore na ke sefe seo batsoali le bana ba ka se etsang e le hore ba hlōle lintho tse ka ba sitisang hore ba buisane.
▪ Sireletsa Lefa la Hao ka ho Etsa Liqeto Tse Bohlale
Bakreste ba tšepisitsoe lefa lefe la moea? Re ka ithuta’ng mabapi le lefa la rōna mohlaleng oa Esau o re lemosang? Ke mehato efe eo re lokelang ho e nka e tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale mabapi le lefa la rōna? Lipotso tsena li arajoa sehloohong sena..
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
13 Lipotso Tse Tsoang ho Babali
24 Lebaka Leo ka Lona Bophelo ba Rōna bo Nang le Morero oa Sebele
SEKOAHELONG: Baralib’abo rōna ba sebelisa lingoliloeng tsa Segujarati ho pakela morekisi karolong e ka leboea-bophirimela ea London
LONDON, ENGELANE