Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 9/15 maq. 3-6
  • Lumella Hore ho Bapisa Lintho ho U Thuse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lumella Hore ho Bapisa Lintho ho U Thuse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RUA MOLEMO KA HO BAPISA LINTHO
  • Hōlisa Tsebo Joaloka Mosuoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • “Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Jehova o Bokella Lelapa la Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “U Phethe Bosebeletsi ba Hao ka Botlalo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 9/15 maq. 3-6

Lumella Hore ho Bapisa Lintho ho U Thuse

Na hase ’nete hore Jesu ke Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng? E ka ’na eaba u kile ua leka ho etsisa e meng ea mekhoa ea hae ea ho ruta e kang ho sebelisa lipotso le lipapiso. Leha ho le joalo, na u kile ua lemoha kamoo a neng a atisa ho bapisa lintho kateng ha a ruta?

Batho ba bangata ba bapisa lintho ha ba bua. Hangata le uena u ka ’na ua bua joalo, u bile u sa rera. U ka ’na ua re, “Ba itse litholoana tsohle li butsoitse; empa tsena li ntse li le tala.” Kapa “E ne e le ngoana ea thōtseng le ea tšabang batho, empa hona joale, ke motho oa batho.”

Maemong a kang ana, u qala ka ho beha taba kapa mohopolo; ebe u se u bapisa ka ho sebelisa mantsoe a kang empa, leha ho le joalo, ho e-na le hoo kapa ka lehlakoreng le leng. Mohlomong u ka ’na ua bapisa ka hore u fane ka boitsebiso bo eketsehileng. Ha u bua ka tsela eo, ho utloahala u bua ka tsela e tloaelehileng ’me seo se ka thusa batho ba bang hore ba utloisise seo u se buang.

Le hoja ho bapisa lintho ho sa tloaeleha lipuong le litsong tse ling, ke hantle ho elelloa molemo oa ho bapisa. Hobane’ng? Hobane ho na le lintho tse ngata tse bapisitsoeng ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng. Khafetsa Jesu o ne a bapisa lintho. Hopola papiso ena: “Batho ba bonesa lebone ’me ha ba le behe ka tlas’a baskete e lekanyang, empa ba le beha holim’a seluloana sa lebone.” “Ha kea tlela ho felisa [Molao], empa ho [o] phethahatsa.” “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali . . . ” “Ho itsoe, ‘Leihlo bakeng sa leihlo le leino bakeng sa leino.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: U se ke ua hanyetsa ea khopo; empa mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng.”—Mat. 5:15, 17, 27, 28, 38, 39.

Ho boetse ho sebelisitsoe ho bapisa ho joalo libukeng tse ling tsa Bibele. Ho ka u thusa ho utloisisa kapa ho hatisa tsela e molemohali ea ho etsa ntho e itseng. Haeba u motsoali, ak’u nahane ka ho bapisa ho sebelisitsoeng mona: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) E ne e tla be e ntse e le bohlale ebile e le ’nete haeba moapostola Pauluse a ne a ngotse hore ntate (kapa ’mè) o lokela ho hōlisa ngoana ka taeo ea Molimo. Leha ho le joalo, taba e hlaka haholoanyane ha a bapisa ka ho re ‘le se ke la ba halefisa, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.’

Hamorao khaolong eona eo, Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le . . . makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baef. 6:12) Ha ho potang hore ho bapisa hoo ho u thusa ho utloisisa hore u lokela ho loana ka matla. Ha u loane khahlanong le batho feela tjee; empa ke khahlanong le makhotla a moea a khopo.

RUA MOLEMO KA HO BAPISA LINTHO

Hona lengolong lena la Baefese, u tla fumana likarolo tse ling tse ngata moo Pauluse a bapisitseng lintho. Ho nahana ka lintho tsena ho ka re thusa hore re utloisise ka ho hlaka seo Pauluse a se bolelang le kamoo re ka se sebelisang kateng.

Mohlomong u tla thabela ho hlahloba chate e tsamaisanang le sehlooho sena e bontšang tse ling tsa lintho tse ileng tsa bapisoa tseo u ka li fumanang ho Baefese khaolo ea 4 le 5. Ha u ntse u bala ka lintho tsena tse bapisoang, nahana ka bophelo ba hao. Ipotse: ‘Haele hantle ke ikutloa joang ka taba ee? Ke itšoara joang ha ke le boemong boo kapa bo tšoanang le bona? Ba bang ba ka nahana hore ’na ke ka lehlakoreng lefe papisong ee?’ Haeba u lemoha hore papiso e itseng e totobatsa moo u lokelang ho ntlafatsa teng, leka ho sebelisa seo u ithutileng sona. Lumella hore ho bapisa lintho ho u thuse.

Mohlomong le ka sebelisa chate borapeling ba lelapa. Litho tsohle tsa lelapa li ka ’na tsa qala ka ho bala lintho tse bapisitsoeng tse chateng. Joale e mong a ka hlalosa karolo ea pele ea papiso, ’me a fe litho tse ling tsa lelapa monyetla oa ho hopola ntlha e totobalitsoeng karolong ea bobeli. Seo se ka etsa hore lelapa le buisane ka mofuthu ka hore na le ka sebelisa karolo ea bobeli ka botlalo joang. Ruri ho hlahlobisisa ho bapisoa ha lintho ka tsela eo, ho ka thusa ba banyenyane le ba hōlileng ho khomarela mokhoa oa boitšoaro oa Bokretse, ebang ke lapeng kapa sebakeng leha e le sefe se seng.

Na u ka hopola karolo ea bobeli ea papiso?

Ha u ntse u lemoha kamoo lintho tse bapisitsoeng li leng molemo kateng, bokhoni ba hao ba ho li bona ka Bibeleng bo ka ntlafala haholo, ebile u ka ’na ua fumana ho le molemo ho li sebelisa tšebeletsong ea hao ea Bokreste. Ka mohlala, u ka ’na ua re ho mong’a ntlo: “Batho ba bangata ba re batho bohle ba na le moea o sa shoeng, empa hlokomela seo Lentsoe la Molimo le se buang mona.” Kapa ha u ntse u khanna thuto ea Bibele u ka ’na ua botsa: “Batho ba bangata sebakeng sena ba lumela hore Molimo le Jesu ke motho a le mong; leha ho le joalo, ke’ng eo re ithutileng eona ka Bibeleng? Uena u lumela’ng?”

Ruri re ka ithuta ho hongata tseleng eo Mangolo a bapisang lintho ka eona, ’me seo se ka re thusa ho tsamaea tseleng ea Molimo. Hape re ka sebelisa ho bapisa lintho ho thusa batho ba bang ho tseba ’nete ea Bibele.

Ho Bapisa Lintho ho Hong ho Fumanoang ho Baefese Khaolo ea 4 le 5

Leka ho sebelisa chate ena borapeling ba lelapa!

“Re se ke ra hlola re . . . isoa koana le koana ke . . . ho qhekella ha batho, ka mano a ho qapa phoso.”​—4:14.

“Empa ha re ntse re bua ’nete, a re hōleng linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho, Kreste.”​—4:15.

“[Lichaba li] lefifing likelellong, . . . ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona.”​—4:18, 19.

“Empa ha lea ithuta Kreste a le joalo, ka sebele, hafeela le ile la mo utloa ’me la rutoa ho sebelisoa eena.”​—4:20, 21.

“Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro.”​—4:22.

“Empa . . . le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, le hore le apare botho bo bocha.”​—4:23, 24.

“Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa.”​—4:28.

“Empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.”​—4:28.

“Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna.”​—4:29.

“Empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha.”​—4:29.

“Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.”​—4:31.

“Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.”​—4:32.

“Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna.”​—5:3.

“Empa ho e-na le hoo e be ho leboha.”​—5:4.

“Le kile la ba lefifi.”​—5:8.

“Empa joale le leseli mabapi le Morena.”​—5:8.

“Le khaotse ho kopanela le bona mesebetsing e sa beheng ea lefifi.”​—5:11.

“Empa, ho e-na le hoo, le be le ba khalemele.”​—5:11.

“Kahoo le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale.”​—5:15.

“Empa ke joaloka ba bohlale, le ithekele nako e loketseng.” ​—5:15, 16.

“Ka lebaka lena khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo.”​—5:17.

“Empa le tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.”​—5:17.

“Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.”​—5:18.

“Empa le ’ne le tlale moea.”​—5:18.

“E le hore [Kreste] a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang, e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo.”​—5:27.

“Empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.”​—5:27.

“Ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae.”​—5:29.

“Empa oa e fepa le ho e baballa, joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho.”​—5:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela