Lethathamo la Tse ka Hare
December 15, 2013
© 2013 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
KHATISO E ITHUTOANG
LA 3-9 FEBRUARY, 2014
Qobang ho “Sisinngoa Kapele Monahanong oa Lōna”!
LEQEPHENG LA 6 • LIPINA: 65, 59
LA 10-16 FEBRUARY, 2014
LEQEPHENG LA 11 • LIPINA: 40, 75
LA 17-23 FEBRUARY, 2014
‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lōna’
LEQEPHENG LA 17 • LIPINA: 109, 18
LA 24 FEBRUARY, 2014–LA 2 MARCH, 2014
LEQEPHENG LA 22 • LIPINA: 99, 8
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Qobang ho “Sisinngoa Kapele Monahanong oa Lōna”!
Ruri ke habohlokoa hore re se ke ra itumella ho thetsoa ’me kahoo ra kholoa likhopolo tse fosahetseng! Bukeng ea Bathesalonika ba Pele le ba Bobeli, re fumana temoso e nakong.
▪ Na U Tla Itella ’Muso?
Ho hlokahala boitelo e le hore re ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Sehloohong sena, re tl’o ithuta ka mahlabelo a neng a etsoa Iseraeleng ea boholo-holo. Re tla boela re hlahlobe mehlala ea batho ba bangata bao kajeno ba itellang ’Muso.
▪ ‘Sena e Tla ba Sehopotso ho Lōna’
▪ “Le Etse Sena ho Nkhopola”
Bajuda ba keteka Paseka ka nako e batlang e tšoana le eo Bakreste ba ’nete ba tšoarang Sehopotso sa lefu la Jesu ka eona. Ke hobane’ng ha re lokela ho tseba ka Paseka? Re tseba joang hore na Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena li lokela ho tšoaroa neng, hona li lokela ho bolela’ng ho rōna?
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
3 Jehova o Ile a ba Sireletsa Moriting oa Lithaba
SEKOAHELONG: Ho thata ho finyella batho ba lulang libakeng tsena tse maralla, ao a mang a ’ona a nang le mafika a maholo. Empa barab’abo rōna ba finyella batho ba lulang Maralleng a Matobo, Matabeleland, Zimbabwe
ZIMBABWE
BAAHI:
12 759 565
BAHOELETSI:
40 034
LITHUTO TSA BIBELE:
90 894
Baahi ba Zimbabwe ba thabela ho bala lingoliloeng tsa rōna. Ka karolelano, Paki e le ’ngoe e tsamaisa limakasine tse 16 ka khoeli