SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HA MOTHO A SHOELE HO FELILE KA EENA?
Tsenene ea Lefu
Batho ha ba rate ho bua ka lefu. Ba bangata ba khetha hore ba se ke ba bua ka lona ho hang. Empa joang kapa joang ka letsatsi le leng lefu le tla re ama. Hape, tsenene ea lefu e bohale ’me e hlaba habohloko.
Ha ho na ntho e ka etsang hore re amohele ho shoeloa ke motsoali, molekane kapa ngoana. Tsietsi e ka hlaha re sa lebella kapa ea re latella e sa emise. Ho sa tsotellehe seo, bohloko boo lefu le bo bakang bo ke ke ba qojoa ’me lefu le siea batho ba sithabetse.
Antonio, eo ntate oa hae a ileng a hlokahala kotsing ea koloi, o re: “Ho tšoana le ha motho a ka koala ntlo ea hao ebe o tsamaea ka linotlolo. Ha u khone ho khutlela ho eona, esita le ka nakoana feela. U sala u hopola feela lintho tseo u neng u li thabela ntlong eo. Ena ke ’nete e bohloko. Le hoja ho le boima ho amohela se etsahetseng—kaha ke ntho e bohloko—ha ho letho leo u ka le etsang.”
Ha Dorothy a le lilemo li 47, e ile ea e-ba mohlolohali ’me o ile a batla likarabo tsa lipotso tseo a neng a ipotsa tsona ka lefu. Kaha e ne e le tichere ea sekolo sa Sontaha, o ne a ruta bana hore ho na le bophelo ka mor’a lefu. Empa o ne a sa tsebe hantle hore na ho etsahala’ng ka mor’a lefu. O ile a botsa moruti oa hae oa kereke ea Chache, a re: “Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?” Moruti o ile a re: “Ha ho na motho ea tsebang. Re se re tla leta ’me re bone hore na ho tla etsahala’ng.”
Na sa rōna ke ho “leta ’me re bone hore na ho tla etsahala’ng”? Na ho na le kamoo re ka tsebang kateng hore na kannete ha motho a shoele ho felile ka eena?