Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 6/1 maq. 3-4
  • U Nka Lefu Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Nka Lefu Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Makatsoa ke Lefu?
  • Na ho ba Makhatheng a Lefu ho U Arola ho Batho ba Bang?
  • Taba eo U Lokelang ho Nahanisisa ka Eona
  • Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Tšaba Lefu?
    Tsoha!—2007
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 6/1 maq. 3-4

U Nka Lefu Joang?

HO SA tsotellehe hore na re shahlile hakae kapa re ruile hakae, re lula re nahanne ka lefu ha re ntse re phetha mesebetsi ea rōna ea letsatsi le letsatsi ’me sena se re qeta matla. Re ka tobana le lona ha re tšela ’mila kapa ha re robetse. Likoluoa tse kang tlhaselo ea likhukhuni ka la 11 September, 2001, New York City le Washington, D.C., li etsa hore re lemohe hore “sera sa ho qetela,” e leng lefu se hlasela batho ba maemo ’ohle le ba lilemo tsohle, ka linako tse ling se bolaea batho ba likete ka metsotso feela.—1 Bakorinthe 15:26.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka batho ba thahasella lefu. Ha ho ntho e ’ngoe e bonahalang e etsa hore likoranta li rekoe kapa e hulelang batho thelevisheneng ho feta litlaleho tsa lefu, haholo-holo lefu la batho ba bangata tlas’a maemo a tšosang. Ho bonahala eka batho ha ba khathale ke ho utloa ka lona, ebang ke lefu le bakoang ke ntoa, koluoa ea tlhaho, tlōlo ea molao kapa boloetse. Ho thahasella lefu ka tsela ena ho bontšoa ka mokhoa o makatsang oo ka oona batho ba amehang maikutlo ka lefu la batho ba tummeng.

Tsela eo batho ba arabelang ka eona lefung e hlakile. Batho ba tsoela pele ho thahasella lefu—lefu la ba bang. Leha ho le joalo, ha ba tobane le lefu la bona, ho ba ho putsoa pele. Bongata ba rōna ha re batle le ho nahana feela ka lefu la rōna.

Na U Makatsoa ke Lefu?

Kamehla ho nahana ka lefu la rōna ha ho ratehe ’me ho tla lula ho le joalo. Hobane’ng? Ke hobane Molimo o kentse ka ho rōna takatso e matla ea ho phela ka ho sa feleng. Ho ea ka Anchor Bible, Moeklesia 3:11 e re: “O kentse nako e sa feleng ka lipelong tsa bona.” Ka lebaka leo, boemo boo re ke keng ra bo qoba ka lefu bo entse hore ka hare ho batho ho be le ho itoantša, ho be le ho se lumellane ho tsoelang pele. E le ho felisa ho se lumellane hona ho ka hare le ho khotsofatsa takatso ea tlhaho ea ho tsoela pele motho a phela, batho ba qapile litumelo tsa mefuta-futa, ho tloha thutong ea ho se shoe ha moea ho ea tumelong ea ho tsoaloa hangata.

Leha ho le joalo, lefu ke ketsahalo e tšoenyang, e tšosang, ’me hohle batho ba tšaba lefu. Ka lebaka leo, ha rea lokela ho makala hore ebe moloko oa batho ka kakaretso o fumana hore lefu ke tebello e tšosang. Lebaka ke hore lefu le pepesa hore bophelo ba ho lelekisa leruo le matla ke ba lefeela ka ho feletseng.

Na ho ba Makhatheng a Lefu ho U Arola ho Batho ba Bang?

Linakong tse fetileng, ho ne ho tloaelehile hore motho ea kulelang lefu kapa ea nang le leqeba le bolaeang a lumelloe ho shoela moo a tloaetseng teng, e leng ha hae. Hangata ho ne ho le tjena linakong tsa Bibele, ’me ho sa ntsane ho le joalo litsong tse ling. (Genese 49:1, 2, 33) Boemong bona, lelapa lea kopana, ’me bana baa kenyelletsoa moqoqong. Sena se fa setho se seng le se seng sa lelapa maikutlo a hore ha sea siama se le seng ’me sena se fana ka matšeliso a hore bohle ba kopanetse boikarabelong le ho siameng hammoho.

Sena se fapane haholo le se etsahalang ho batho ba nkang hore ha hoa lokela hore ho buisanoe ka lefu, ba nkang puisano e joalo e se molemo, ’me ba sa kenyelletse bana ho eona hobane ho thoe e tla ba “imela.” Matsatsing ana ho shoa ho fapane ka litsela tse ngata, ebile hangata motho o shoela hōle le batho ba bang. Le hoja ba bangata ba ka rata ho shoela lapeng ka khotso ba bile ba hlokometsoe ka lerato ke lelapa, ho ba bangata ’nete e bohloko ke hore ba tla shoela sepetlele, hangata ba le bang ba bile ba le mahlabeng, ba hokeletsoe mechineng e tsoetseng pele. Ka lehlakoreng le leng, ba limilione ba shoa ho sa tsejoe—e le liphofu tse sa tsejoeng tsa polao ea bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe ka ho feletseng, tlala ea sekoboto, AIDS, ntoa ea lehae kapa bofuma bo feteletseng.

Taba eo U Lokelang ho Nahanisisa ka Eona

Hase hore Bibele ha e khothalletse ho nahana ka lefu. Ha e le hantle, Moeklesia 7:2 ea re bolella: “Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete, hobane eo ke pheletso ea moloko oohle oa batho.” Ha re tobane le lefu, re ka ’na ra faposa tlhokomelo linthong kapa mesebetsing e tloaelehileng eo re amehang ka eona eaba re lebisa tlhokomelo tabeng ea hore bophelo bo bokhutšoanyane. Sena se ka re thusa hore re phele bophelo ba rōna ka tsela e nang le morero ka ho eketsehileng ho e-na le hore re iphelele feela kapa re bapale ka bophelo ba rōna.

U nka lefu joang? Na u se u hlahlobile maikutlo a hao, litumelo tsa hao, tšepo eo u nang le eona, le tšabo eo u nang le eona mabapi le qetello ea bophelo ba hao?

Joalokaha motho a sitoa ho hlalosa le ho utloisisa bophelo, ho joalo le ka lefu. Motho feela ea ka buang ka lona ka tsebo e ka tšeptjoang ke ’Mōpi oa rōna. “Mohloli oa bophelo o ho [eena],” ’me “litsela tsa ho tsoa lefung ke tsa [hae].” (Pesaleme ea 36:9; 68:20) Le hoja ho ka bonahala ho makatsa, ho hlahloba litumelo tse atileng ka lefu re sebelisa Lentsoe la Molimo ho tla ipaka ho tšelisa ho bile ho khatholla. Ho tla senola hore ha e le hantle lefu ha le bolele hore e se e le phetho e le tu!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

’Nete ea hore re ka ’na ra shoa e re thusa hore re phele bophelo ba rōna ka tsela e nang le morero haholoanyane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela