Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/07 maq. 5-9
  • Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ne U le Kae Pele U E-ba Teng?
  • Re Bōpeletsoe le Takatso ea ho Batla ho Phela
  • Batho ba na le Bokhoni bo Boholo
  • Tšepo eo Moqapi oa Bophelo a Fanang ka Eona
  • Ha Rea Lokela ho Tlala Tšabo e Tepeletsang
  • “Lefu le Metsitsoe ka ho sa Feleng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bafu ba Hokae?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 12/07 maq. 5-9

Na Lefu Ehlile ke Qetello ea Bophelo?

MOHLOMONG ha ho na taba e kileng ea tsietsa batho le hona e le ka nako e telele hakana joaloka potso ea hore na ho etsahala eng ka mor’a lefu. Ka lilemo tse likete, batho ba bohlale ka ho fetisisa lichabeng tsohle ba ’nile ba nahanisisa ka potso ena. Empa filosofi ea batho le patlisiso ea saense li hlahisitse molubalube oa likhopolo-taba le litšōmo tse sa tšoaneng.

Ho thoe’ng ka lithuto tsa Bibele? Ba bang ba ka ’na ba re Bibele le eona e ntse e ferekanya ha e bua ka lefu le bophelo ka mor’a lona. Empa ho bua ’nete, pherekano ena e bakoa ke malumeli a mangata a kopanyang lithuto tse hlakileng tsa Bibele le mashano hammoho le litšōmo. Ha u tlohela lineano le litšōmo empa u khomarela seo Bibele e hlileng e se bolelang, u tla fumana thuto e utloahalang le e bileng e fanang ka tšepo.

U ne U le Kae Pele U E-ba Teng?

Ka mohlala, ak’u nahane ka seo Morena Solomone a ileng a se bua, se qotsitsoeng sehloohong se fetileng. Litemana tseo li hlakisa hore batho ba shoeleng le liphoofolo tse shoeleng ho hang ha ba tsebe letho. Ka lebaka leo, ho ea ka Bibele, bafu ha ba etse letho, ha ba ikutloe ebile ha ba nahane.—Moeklesia 9:5, 6, 10.

Na ho thata ho lumela see? Ak’u nahane sena: Boemo ba motho ke bofe pele a e-ba teng? U ne u le kae pele lisele tse nyenyane tsa batsoali ba hao li kopana hore li etse motho ea phelang? Haeba batho ba na le karolo e itseng e sa bonahaleng e pholohang ha ba e-shoa, karolo eo e lula hokae pele lesea le emoloa? ’Nete ke hore ha ho letho leo u le hopolang ka bophelo ba pele u e-ba teng. Pele u emoloa, u ne u le sieo. Taba ke eona eo.

Kahoo ke ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore ha re e-shoa, ha ho letho leo re le tsebang, feela joalokaha re ne re sa tsebe letho pele re e-ba teng. Ke sona seo Molimo a ileng a se bolella Adama ka mor’a hore a se ke a mamela: “Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Batho ba tšoana le liphoofolo ka kutloisiso eona eo. Mabapi le hore na bafu ba boemong bofe, ho joalo feela kaha Bibele e re: ‘Motho ha a phahamela phoofolo.’—Moeklesia 3:19, 20.

Na see se bolela hore batho ba phela lilemo tse mashome a seng makae feela ebe ba qetella ba le sieo ka ho sa feleng? Kapa na ho na le tšepo ka bafu? Nahana ka lintlha tse latelang.

Re Bōpeletsoe le Takatso ea ho Batla ho Phela

Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o nka hore litaba tse amanang le lefu ha li thabise. Haholo-holo ho bonahala batho ba bangata ba qoba ho bua ka lefu la bona kapa le ho nahana ka lona feela. Ka lehlakoreng le leng, batho ba lula ba bona lithelevisheneng le libaesekopong ha batho ba e-shoa ka litsela tsohle tseo motho a ka li nahanang ’me ba phatlalatso ea litaba ba lula ba bontša litšoantšo tsa batho ba shoeleng.

Ka lebaka leo, ha batho bao re sa ba tsebeng ba e-shoa, lefu le ka ’na la bonahala e le karolo e tloaelehileng ea bophelo. Empa ha re tobane le lefu la eo re mo ratang kapa rōna re tobane le lona, ho hang ha le bonahale e le ntho e tloaelehileng. Lebaka ke hore batho ba na le takatso e metseng ka metso ea ho batla ho phela. Re boetse re na le kutloisiso e chatsi ka nako le ho lemoha hore nako ha e fele. Morena Solomone o ile a ngola hore Molimo “o kentse bosafeleng ka lipelong tsa batho.” (Moeklesia 3:11, The Amplified Bible) Maemong a tloaelehileng re batla ho tsoela pele re phela ka nako e sa lekanyetsoang. Re batla ho phela ka ho sa feleng. Ha ho na pontšo ea hore liphoofolo li labalabela ho phela ka nako e sa lekanyetsoang. Li iphelela li sa tsebe letho ka bokamoso.

Batho ba na le Bokhoni bo Boholo

Batho ha ba lakatse feela ho phela ka ho sa feleng, empa ba boetse ba na le bokhoni ba ho lula ba phathahane ba bile ba hatela pele ka ho sa feleng linthong tseo ba li etsang. Ha ho bonahale eka bokhoni ba motho ba ho ithuta ho na le moo bo fellang teng. Ho ’nile ha boleloa hore linthong tsohle tsa tlhaho ha ho letho le rarahaneng joaloka boko ba motho le le khonang ho feto-fetoha le maemo joaloka bona. Ho fapana le liphoofolo, rea nahana re bile re utloisisa lintho tse thata. Bo-rasaense ba tseba karolo e fokolang haholo ka bokhoni boo boko ba motho bo nang le bona.

Le ha re ntse re hōla, boko ba rōna bo lula bo ntse bo e-na le bokhoni. Haufinyane tjena litsebi tsa saense tse shebaneng le tšebetso ea methapo-kutlo li ithutile hore mesebetsi e mengata ea boko ha e amehe ha motho a ntse a hōla. Bafuputsi ba sebeletsang Setsi sa Mokhatlo oa Franklin oa Boqapi Thutong ea Saense ba hlalosa tjena: “Boko ba motho bo khona ho tsoela pele bo ikamahanya le maemo bo bile bo inchafatsa. Esita leha motho a se a tsofetse, bo khona ho etsa lisele tse ncha tsa kutlo. Hangata boloetse ke bona bo etsang hore motho a liehe ho nahana, athe ho lebala ho atisang ho ba teng boqhekung kapa ho sitoa ho etsa lintho tse itseng ho mpa ho bakoa ke ho se etse letho le ho se koetlise kelello kapa ho se e susumetse ka tsela e itseng.”

Ka mantsoe a mang, haeba re ne re ka lula re susumetsa boko ka lintho tse amang kelello kapa re ne re ka etsa hore bo se ke ba kula, bo ne bo tla tsoela pele bo sebetsa ka ho sa feleng. James Watson, eo e leng setsebi sa baeloji ea limolek’hule ebile e le e mong oa ba ileng ba sibolla sebōpeho sa DNA, o re: “Boko ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa eo re e sibolotseng bokahohleng ho fihlela kajeno.” Buka e ngotsoeng ke Gerald Edelman, eo e leng setsebi litabeng tsa tšebetso ea methapo-kutlo e hlalosa hore karolo ea boko e lekanang le hloohoana ea thutsoana ea mollo “e na le lihokelo tse ka bang limilione tse sekete tse hokahaneng ka litsela tse ka hlalosoang feela ka hore li ngata bo tšosang—e leng palo ea tse ka bang leshome le lateloa ke li-zero tse limilione tse ngata.”

Na ke ntho e utloahalang hore batho ba phele ka lilemo tse mashome a seng makae feela empa ba e-na le bokhoni bo bokaalo? Ruri sena hase utloahale, feela joalokaha ho sa utloahale hore ebe ho ka sebelisoa terene e matlahali e nang le makareche a malelele hore e laele lehlabathe e le ise sebakeng se bohōle ba lisenthimithara tse seng kae! Joale ke hobane’ng ha batho ba e-na le matla a maholo hakaalo a ho qapa lintho le ho ithuta? Na ho ka etsahala hore ebe batho, ho fapana le liphoofolo, ba ne ba sa etsetsoa hore ba shoe—empa ba ne ba etselitsoe ho phela ka ho sa feleng?

Tšepo eo Moqapi oa Bophelo a Fanang ka Eona

Hore ebe re na le takatso eo re bōpeletsoeng le eona ea ho batla ho phela le hore ebe re na le matla a maholo a ho ithuta, ho etsa hore re fihlele qeto ena e utloahalang: Batho ba reretsoe hore ba phele nako e telele ho feta lilemo tse 70 kapa tse 80 feela. Joale sena se etsa hore re fihlele qeto e ’ngoe hape: E tlameha ebe ho na le eo e leng Moqapi, ’Mōpi le Molimo. Melao e sa fetoheng ea tlhaho bokahohleng le tsela eo bophelo bo rarahaneng haholo ka eona lefatšeng li tiisa ka botlalo taba ea hore ’Mōpi o teng.

Haeba kannete Molimo o re bōpile re e-na le matla a ho phela ka ho sa feleng, ke hobane’ng ha re e-shoa? Hona ho etsahala’ng ha re e-shoa? Na Molimo o rerile ho tsosa bafu? Ke ntho e utloahalang hore Molimo ea bohlale le ea matla a re arabele lipotsong tsena, ’me ka sebele o re arabetse. Nahana ka lintlha tse latelang:

◼ Ho tloha qalong lefu e ne e se karolo ea morero oa Molimo ka batho. Moo Bibele e buang ka lefu ka lekhetlo la pele, hoa bonahala hore qalong Molimo o ne a sa rera hore batho ba shoe. Tlaleho ea Bibele ea Genese e hlalosa hore Molimo o ile a fa Adama le Eva teko e bonolo, e le hore a fe banyalani bao ba pele monyetla oa ho bontša lerato la bona le botšepehi. Teko eo e ne e le ea hore ba se ke ba ja litholoana tsa sefate se itseng. Molimo o ile a re: “Ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:17) Adama le Eva ba ne ba tla shoa hafeela ba fetohela Molimo ’me ka tsela eo ba hlōloa ke teko. Tlaleho ea Bibele e bontša hore ha baa ka ba tšepahala ho Molimo ’me ka lebaka leo ba ile ba shoa. Eaba ka tsela ena ho se phethahale le lefu li kena lelapeng la motho.

◼ Bibele e tšoantša lefu le boroko. E bua ka ho “robala lefung.” (Pesaleme ea 13:3) Pele Jesu a tsosa motsoalle oa hae Lazaro, o ile a hlalosetsa baapostola a re: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” ’Me Jesu o ile a fela a etsa joalo! Bibele e bolela hore eitse ha Jesu a hoeletsa, “[Lazaro] monna ea neng a shoele a tsoa” “lebitleng la khopotso”—a phela hape!—Johanne 11:11, 38-44.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re lefu le tšoana le boroko? Ke hobane motho ea robetseng ha a khone ho etsa letho. Ha motho a robetse, ha a tsebe se etsahalang pel’a hae ebile ha a tsebe hore nako e ntse e tsamaea. Ha ho bohloko kapa mahlomola ao a a utloang. Ka ho tšoanang, ha motho a shoele ha ho letho leo a ka le etsang kapa leo a le tsebang. Empa papiso ena ha e felle moo. Ha motho a robetse oa tsoha. Sena ke sona seo Bibele e se tšepisang ka bafu.

’Mōpi ka boeena o tšepisa sena: “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole [lebitla le tloaelehileng]; ke tla ba lokolla lefung. Metsu ea hao e hokae, Uena Lefu? Ho timetsa ha hao ho kae, Uena Sheole?” (Hosea 13:14) Boprofeta bo bong ba Bibele bo bolela hore Molimo “o tla metsa lefu ka ho sa feleng, ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” (Esaia 25:8) Ketso ena ea ho etsa hore bafu ba phele hape e bitsoa tsoho ea bafu.

◼ Batho ba tsositsoeng bafung ba tla phela hokae? Joalokaha ho hlalositsoe ka holimo, ka tlhaho batho ba lakatsa ho phela ho ea ho ile. Uena u ka rata ho phela hokae ka ho sa feleng? Na u khotsofatsoa ke hore ha u shoele u tla tsoela pele u phela u le matla a se nang botho, joalokaha malumeli a mang a ruta joalo? Na u ka rata ho phela u se u le motho osele, u sa hopole letho ka hore na u ne u le mang pele u e-shoa? Na u ka rata hore ha u tsosoa u be phoofolo kapa sefate? Haeba u ne u ka fuoa monyetla oa ho ikhethela, na ruri u ne u tla rata ho phela sebakeng se se nang letho leo u le tloaetseng le lintho tseo batho ba li thabelang?

Ka sebele u ka rata ho phela lefatšeng la paradeise, na ha ho joalo? Ena ke eona tšepo eo Bibele e fanang ka eona, e leng ea ho phela ka ho sa feleng hona mona lefatšeng. Molimo o entse lefatše ka morero ona oo—oa hore batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang ba lule ho lona ka ho sa feleng ba thabile. Ke ka hona Bibele e reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29; Esaia 45:18; 65:21-24.

◼ Tsoho ea bafu e tla etsahala neng? Taba ea hore ebe lefu le tšoantšoa le boroko e bontša hore ka tloaelo bafu ha ba tsohe hang-hang ka mor’a hore ba shoe. Nako ea “boroko” e ba teng pakeng tsa lefu le tsoho ea bafu. Ka Bibeleng, monna e mong ea bitsoang Jobo o ile a botsa a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Eaba o araba ka ho re: “Ke tla leta [ka lebitleng] . . . ho fihlela phomolo ea ka e fihla. [Molimo o] tla hooa, me ke tla araba.” (Jobo 14:14, 15) Re tla thaba hakaakang ha nako eo e fihla ’me bafu ba boela ba kopana le baratuoa ba bona!

Ha Rea Lokela ho Tlala Tšabo e Tepeletsang

Bonneteng, hase hore tšepo eo Bibele e fanang ka eona e felisa tšabo eohle eo re ka bang le eona ka lefu. Ke ntho e tloaelehileng ho tšoenyeha ka ho opeloa le ho tsieleha hoo ka linako tse ling motho a bang le hona ha a tobane le lefu. Hoa utloahala hore u ka ’na ua tšaba ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Hape ke ntho e tloaelehileng ho tšoha liphello tse bohloko tse ka ’nang tsa hlahela baratuoa ba hao ha u e-shoa.

Leha ho le joalo, Bibele e re thusa hore re se ke ra ba le tšabo e tepeletsang ka lefu ka hore e re senolele hore na ha e le hantle bafu ba boemong bofe. Ha rea lokela ho tšaba hore bophelong ba ka mor’a lefu re tla hlokofatsoa ke bademona liheleng tse tukang. Ha rea lokela ho tšaba sebaka se lefifi moo meea e ntseng e solla e sa qete ka ho sa feleng. Hape ha ua lokela ho tšaba hore bokamoso feela boo batho ba ka bo lebellang ke ho ba sieo ka ho sa feleng. Hobane’ng? Hobane Molimo o hopola lintho tsohle, ebile o tšepisa hore o tla tsosa bafu bohle ba mohopolong oa hae hore ba boele ba phele lefatšeng mona. Bibele e tiisa sena ka mantsoe ana: “Ho rōna Molimo oa ’nete ke Molimo oa liketso tse pholosang; litsela tsa ho tsoa lefung ke tsa Jehova ’Musi Morena.”—Pesaleme ea 68:20.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 5]

“Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.”—Genese 3:19

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 6]

“[Molimo] o kentse bosafeleng ka lipelong tsa batho.”—Moeklesia 3:11,—The Amplified Bible

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 8]

LIPOTSO TSA HAO MABAPI LE LEFU LIA ARAJOA

Ke ’nete hore ho na le lipotso tse amanang le lefu le tsoho ea bafu tse sa tšohloang lihloohong tsena. Batho ba bangata ba fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse joalo ka hore ba ithute Bibele ka hloko le Lipaki Tsa Jehova. Re u khothalletsa hore le uena u etse joalo. Lipotso tse latelang ke tse ’maloa tsa tseo u tla li arabeloa:

◼ Mantsoe aa a hlahang ka Bibeleng e leng “lihele” le “letša la mollo” a bolela’ng?

◼ Haeba ha ho na mollo oa lihele, batho ba khopo ba otloa joang?

◼ Ho ea ka Bibele, ha motho a e-shoa moea (spirit) o tsoa ’meleng. Hantle-ntle moea oo ke eng?

◼ Ke hobane’ng ha ho e-na le litlaleho tse ngata hakaale tsa batho ba reng ba buisana le bafu?

◼ Lentsoe lee “moea” (soul) le bolela eng ka Bibeleng?

◼ Bafu ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise neng?

◼ Na bohle ba tla tsosoa ho sa natsoe hore na ba ne ba itšoere joang ha ba ntse ba phela?

Re kōpa hore u shebe leqephe la ho qetela makasineng ena e le hore u fumane likarabo tse hlakileng, tse thehiloeng Bibeleng tse arabang lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jesu o ile a re o tla ‘tsosa Lazaro borokong’

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Ak’u nahane thabo e tla ba teng ha barutuoa ba rōna ba shoeleng ba tsosoa bafung!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela