Khaolo ea 9
Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
1. Batho ba ikutloa joang ha lefu le bolaea moratuoa?
“Motho e mong o utloa bohloko ha moratuoa a e-shoa hobane lefu ke ho lahleheloa ho lebisang boikutlong ba lefeela bo ke keng ba utloisisoa.” Seo ke se builoeng ke mora e mong ha ntat’ae a e-shoa ’me kapele ka mor’a moo ho e-shoa ’m’ae. Bohloko ba hae le boikutlo ba ho lahleheloa ka ho tebileng li ile tsa etsa hore a ikutloe eka o-oa “tetebela maikutlong.” Mohlomong u ile ua utloa bohloko ka tsela e tšoanang. E ka ’na eaba u ile ua ipotsa hore na baratuoa ba hao ba hokae le hore na ho na le mohla u tla ke u ba bone hape.
2. Ke lipotso life tse thata tse hlahang mabapi le lefu?
2 Batsoali ba bang ba saretsoeng ba ’nile ba bolelloa hore, “Molimo o ikhethela lipalesa tse ntle ka ho fetisisa ho ea ba ho eena leholimong.” Na ho hlile ho joalo? Na baratuoa ba rōna ba shoeleng ba ile sebakeng sa moea? Na ke seo ba bang ba se bitsang Nirvana, e hlalosoang e le boemo ba thabo e fetisisang ba ho ba ea lokolohileng bohlokong bohle le takatsong eohle? Na bao re ba ratang ba kene ka monyako o isang bophelong ba ho se shoe paradeiseng? Kapa joalokaha ba bang ba bolela, na lefu ke ho oela tlhokofatsong eo ho seng mohla e felang bakeng sa ba sitetsoeng Molimo? Na bafu ba ka ama bophelo ba rōna? Hore re fumane likarabelo tsa ’nete lipotsong tse joalo, ho hlokahala re hloele Lentsoe la Molimo, Bibele.
“MOEA” (SPIRIT) O KA HO BATHO KE ENG?
3. Socrates le Plato ba bile le maikutlo afe mabapi le bafu, ’me see se ama batho joang kajeno?
3 Bo-rafilosofi ba boholo-holo ba Bagerike Socrates le Plato ba bile le maikutlo a hore e tlameha e be ho na le ntho e ’ngoe eo ka tlhaho e sa shoeng ka hare ho monna le mosali—soule e pholohang lefu ’me ho se mohla e hlileng e shoang. Kajeno lefatšeng ka bophara, ba limilione ba lumela sena. Hangata tumelo ena e hlahisa ho tšaba bafu joalokaha e hlahisa ho ameha ka boiketlo ba bona. Bibele e re ruta ho hong ho fapaneng haholo ka bafu.
4. (a) Genese e re bolella eng ka soule? (b) Molimo o ile a kenya eng ho Adama ho etsa hore a phele?
4 Ha re hlahloba boemo ba bafu, re tlameha ho hopola hore ntate oa rōna oa pele, Adama, o ne a se na soule. E ne e le soule. Ketsong e hlollang ea pōpo, Molimo o ile a etsa motho—soule—ka lintho tsa motheo tsa lefatše le mobu eaba joale o mo bululela “phefumoloho ea bophelo.” Genese 2:7 (NW) e-ea re bolella: “Jehova Molimo a tsoela pele ho etsa motho ka lerōle le tsoang mobung le ho bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo‚ ’me motho ea e-ba soule e phelang.” Bophelo ba Adama bo ile ba bolokoa ke ho phefumoloha. Empa, ho ne ho ameha ho fetang feela ho bululela moea matšoafong a motho ha Molimo a kenya phefumoloho ea bophelo ho Adama. Bibele e bua ka “matla a bophelo” a sebetsang libōpuoeng tse phelang tsa lefatšeng.—Genese 7:22, NW.
5, 6. (a) “Matla a bophelo” ke eng? (b) Ho etsahala’ng ha “moea” o boletsoeng ho Pesaleme ea 146:4 o khaotsa ho phelisa ’mele?
5 “Matla a bophelo” ke eng? Ke tlhase ea bohlokoa ea bophelo eo Molimo a ileng a e kenya ’meleng oa Adama o se nang bophelo. Joale matla ana a ile a bolokoa ka tšebetso ea ho phefumoloha. Empa “moea” oo ho builoeng ka oona ho Pesaleme ea 146:4 (NW) ke eng? Temana eo e re ka ea shoang: “Moea oa hae o-oa tsoa, o khutlela mobung oa hae; ka letsatsi lona leo menahano ea hae e-ea fela.” Ha bangoli ba Bibele ba ne ba sebelisa lentsoe “moea” ka tsela ena, ba ne ba sa hopola soule e arohileng ’meleng e tsoelang pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe.
6 “Moea” o tlohang ho batho lefung ke matla a bophelo a simolohileng ho ’Mōpi oa rōna. (Pesaleme ea 36:9; Liketso 17:28) Matla ana a bophelo ha a na leha e le efe ea litšobotsi tsa sebōpuoa seo a se phelisang, feela joalokaha motlakase o sa nke litšobotsi tsa thepa eo o e fang matla. Ha motho a e-shoa, moea (matla a bophelo) o khaotsa ho phelisa lisele tsa ’mele, feela joalokaha lebone le tima ha motlakase o tingoa. Ha matla a bophelo a khaotsa ho tšehetsa ’mele oa motho, motho—soule—o-oa shoa.—Pesaleme ea 104:29; Moeklesia 12:1, 7.
“U TLA KHUTLELA LERŌLENG”
7. Ho ne ho tla etsahala eng ho Adama haeba a ne a sa utloe Molimo?
7 Jehova o ile a hlalosa ka ho hlakileng hore na lefu le ne le tla bolela eng ho moetsalibe Adama. Molimo o ile a re: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Adama o ne a tla khutlela hokae? Mobung, lerōleng leo a bōpiloeng ka lona. Lefung Adama o ne a tla khaotsa ho ba teng feela!
8. E le lisoule, ke ka tsela efe batho ba sa phahamelang liphoofolo?
8 Tabeng ena, lefu la motho ha le fapane le la liphoofolo. Le tsona ke lisoule, ’me moea o tšoanang, kapa matla a bophelo, o li fa matla. (Genese 1:24) Ho Moeklesia 3:19, 20, monna ea bohlale Salomone o-oa re bolella: “Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea oa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo kateng [lefung], . . . tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.” Motho o ne a phahametse liphoofolo ka hore o ne a bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, a bonahatsa litšoaneleho tsa Jehova. (Genese 1:26, 27) Empa, lefung batho le liphoofolo ka ho tšoana ba khutlela lerōleng.
9. Boemo ba bafu ke bofe, hona ba ea hokae?
9 Salomone o ile a tsoela pele ho hlalosa hore na lefu le bolela eng, a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” E, ho hang bafu ha ba tsebe letho. Ka lebaka lena, Salomone o ile a phehella: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu [Sheol, NW] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 10) Bafu ba ea hokae? Nģalong ea bafu (sheʼohlʹ, ka Seheberu), lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. Baratuoa ba rōna ba shoeleng ha ba ikutloe ho hang. Ha ba mahlomoleng, ’me ba ke ke ba re susumetsa ka tsela leha e le efe.
10. Ke hobane’ng ha re re lefu ha e-ea lokela ho ba ntho ea ho qetela?
10 Na kaofela ha rōna le baratuoa ba rōna re tlameha ho phela lilemo tse seng kae feela e be re khaotsa ho ba teng ka ho sa feleng? Eseng ho latela Bibele. Nakong ea bofetoheli ba Adama, kapele-pele Jehova Molimo o ile a etsa litokisetso tsa ho etsolla liphello tse tšabehang tsa sebe sa motho. Lefu e ne e se karolo ea morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho. (Ezekiele 33:11; 2 Petrose 3:9) Kahoo, lefu ha e-ea lokela ho ba ntho ea ho qetela ho rōna kapa baratuoa ba rōna.
“O PHOMOTSE”
11. Jesu o ile a hlalosa boemo ba motsoalle oa hae Lazaro ea shoeleng joang?
11 Ke morero oa Jehova ho re pholosa rōna le baratuoa ba rōna ba shoeleng ka lebaka la lefu la Adama. Ka hona, Lentsoe la Molimo le bua ka bafu joaloka ba robetseng. Ka mohlala, hoba a tsebe hore motsoalle oa hae Lazaro o shoele, Jesu Kreste o ile a bolella barutuoa ba Hae: “Lazaro motsoalle oa rōna o phomotse, empa ke nka leeto le eang moo ho ea mo tsosa borokong.” Kaha barutuoa ha baa ka ba utloisisa se boleloang ke polelo ena kapele, Jesu o ile a re ka ho toba: “Lazaro o shoele.” (Johanne 11:11, 14) Eaba Jesu o leba motseng oa Bethani, moo likhaitseli tsa Lazaro, Maretha le Maria ba neng ba ntse ba llela lefu la khaitseli ea bona. Ha Jesu a bolella Maretha, “Mor’eno o tla tsoha,” Maretha o ile a bolela tumelo ea hae morerong oa Molimo oa ho etsolla liphello tsa lefu lelapeng la motho. A re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.”—Johanne 11:23, 24.
12. Maretha ea shoetsoeng o ne a e-na le tšepo efe ka bafu?
12 Maretha ha a ka a bua letho ka soule e sa shoeng e tsoelang pele ho phela kae-kae ka mor’a lefu. Ha a ka a lumela hore Lazaro o se a ile sebakeng se seng sa moea moo a tla ’ne a be teng. Maretha o ne a e-na le tumelo tšepong e babatsehang ea tsoho bafung. Ha aa ka a utloisisa hore soule e sa shoeng e tsoile ’meleng oa Lazaro, empa hore khaitseli ea hae e shoeleng ha e sa le teng. Pheko e ne e tla ba ho tsoha ha khaitseli ea hae.
13. Jesu o na le matla afe ao a a filoeng ke Molimo, hona o ile a bonahatsa matla aa joang?
13 Jesu Kreste ke eena ea filoeng matla ke Jehova Molimo a ho lopolla moloko oa batho. (Hosea 13:14) Kahoo, ha a arabela polelo ea Maretha, Jesu o ile a re: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:25) Jesu o ile a bonahatsa matla a hae ao a a filoeng ke Molimo tabeng ena ha a e-ea lebitleng la Lazaro, ea neng a e-na le matsatsi a mane a shoele, ’me a mo khutlisetsa bophelong. (Johanne 11:38-44) Nahana feela thabo ea ba ileng ba bona tsoho ena kapa tse ling tse ileng tsa etsoa ke Jesu Kreste!—Mareka 5:35-42; Luka 7:12-16.
14. Ke hobane’ng ha tsoho le khopolo ea ho se shoe ha soule li sa nyallane?
14 Ak’u re khefu hanyenyane ’me u nahane ka sena: Ho ne ho se ea neng a tla hloka ho tsosoa, kapa ho khutlisetsoa bophelong, haeba soule e sa shoeng e ne e pholoha lefu. Ha e le hantle, e ne e sa tl’o ba mosa ho tsosa motho ea kang Lazaro ho mo khutlisetsa bophelong ba ho se phethahale lefatšeng haeba o ne a se a fetetse moputsong o babatsehang oa leholimo. Ha e le hantle, Bibele ha ho mohla e sebelisang polelo “soule e sa shoeng.” Ho e-na le hoo, Mangolo a re soule ea motho e etsang sebe e-ea shoa. (Ezekiele 18:4, 20, NW) Kahoo Bibele e supa tokisetso ea tsoho e le pheko ea sebele bakeng sa lefu.
“BOHLE BA MABITLENG A KHOPOTSO”
15. (a) Lentsoe “tsoho” le bolela eng? (b) Ke hobane’ng ha ho tsoha ha batho ka bomong e ke ke ea e-ba bothata ho Jehova Molimo?
15 Lentsoe leo barutuoa ba Jesu ba ileng ba le sebelisa bakeng sa “tsoho” ha e le hantle le bolela “ho phahama” kapa “ho ema.” Hona ke ho phahama boemong ba ho se phele ba lefu—joalokaha eka ke ho ema u tsoa lebitleng le tloaelehileng la batho. Jehova Molimo a ka tsosa motho habonolo. Hobane’ng? Hobane Jehova ke Moqalisi oa bophelo. Kajeno, batho ba ka rekota mantsoe le litšoantšo tsa banna le basali theiping ea video ’me ba ka boetse ba bapala sena seo ba se rekotileng ka mor’a hore batho bao ba shoe. Joale, ka sebele ’Mōpi oa rōna ea matla ’ohle a ka rekota makolopetso a motho leha e le ofe ’me a tsosa eena motho eo, a mo fa ’mele o entsoeng bocha.
16. (a) Jesu o ile a etsa tšepiso efe ka bohle ba mabitleng a khopotso? (b) Ke eng e tla rera hore na tsoho ea motho e tla ipaka ho ba joang?
16 Jesu Kreste o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [la Jesu] ’me ba tsoe, ba ileng ba etsa lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse nyonyehang ba ee tsohong ea kahlolo.” (Johanne 5:28, 29) Bohle ba khopolong ea Jehova ba tla tsosoa ’me ba rutoe ka litsela tsa hae. Bakeng sa ba nkang bohato tumellanong le tsebo ea Molimo, ena e tla ipaka ho ba tsoho ea bophelo. Leha ho le joalo, e tla ipaka ho ba tsoho ea kahlolo bakeng sa ba hanang lithuto tsa Molimo le bobusi ba hae.
17. Ho tla tsosoa bo-mang?
17 Joalokaha ho ka lebelloa, ba phehelletseng tsela e lokileng e le bahlanka ba Jehova ba tla tsosoa. Ha e le hantle, tšepo ea tsoho e matlafalitse ba bangata hore ba tobane le lefu, esita le mabakeng a mahloriso a mabifi. Ba ne ba tseba hore Molimo o ne a ka ba tsosolosetsa bophelong. (Matheu 10:28) Empa batho ba limilione ba shoele ba sa bontša hore na ba ne ba tla lumellana le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo kapa che. Le bona ba tla tsosoa. A kholisehile ka morero oa Jehova tabeng ena, moapostola Pauluse o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
18. (a) Moapostola Johanne o ile a amohela pono efe ea tsoho? (b) Ke eng e felisoang ‘letšeng la mollo,’ hona “letša” lee le tšoantšetsa eng?
18 Moapostola Johanne o ile a amohela pono e hlollang ea ba tsositsoeng ba eme ka pel’a terone ea Molimo. Joale Johanne o ile a ngola: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. ’Me lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:12-14) Nahana ka seo! Bafu bohle ba khopolong ea Molimo ba na le tebello ea ho lokolloa Hadese (haiʹdes, ka Segerike), kapa Sheol, lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:31) Ba tla ba le monyetla oa ho bontša ka liketso tsa bona hore na ba tla sebeletsa Molimo kapa che. Joale “lefu le Hadese” li tla akheloa ho se bitsoang “letša la mollo,” ho tšoantšetsa timetso e feletseng, joalokaha ho etsa joalo lentsoe “Gehena.” (Luka 12:5) Lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho ka bolona le tla be le horutsoe ’me le tla khaotsa ho ba teng ha tsoho e feletse. Ho tšelisa hakaakang ho ithuta ka se tsoang Bibeleng hore Molimo ha a hlokofatse mang kapa mang!—Jeremia 7:30, 31.
HO TSOHELA HOKAE?
19. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba tla tsosetsoa leholimong, hona Molimo o tla ba fa ’mele oa mofuta ofe?
19 Palo e lekanyelitsoeng ea banna le basali e tla tsosetsoa bophelong leholimong. E le marena le baprista le Jesu, ba tla kopanela ho etsolleng liphello tsohle tsa lefu tseo moloko oa batho o li futsitseng ho motho oa pele, Adama. (Baroma 5:12; Tšenolo 5:9, 10) Molimo o tla nka ba bakae ho ea leholimong ho ea busa le Kreste? Ho latela Bibele, ke ba 144 000 feela. (Tšenolo 7:4; 14:1) Jehova o tla fa e mong le e mong oa bana ba tsositsoeng ’mele oa moea, e le hore ba ka phela leholimong.—1 Bakorinthe 15:35, 38, 42-45; 1 Petrose 3:18.
20. Moloko o utloang oa batho o tla latsoa eng, ho akarelletsa le ba tsositsoeng?
20 Boholo ba ba shoeleng ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:11, 29; Matheu 6:10) Karolo ea lebaka la ho tsosetsa ba bang leholimong ke ho phetha morero oa Molimo bakeng sa lefatše. Jesu Kreste le ba 144 000 leholimong butle-butle ba tla khutlisetsa moloko oa batho phethehong eo batsoali ba rōna ba pele ba e lahlileng. Sena se tla akarelletsa ba tsositsoeng, joalokaha Jesu a bontšitse ha a bolella monna ea shoang ea neng a khokhothetsoe pel’a hae: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:42, 43.
21. Ho latela moprofeta Esaia le moapostola Johanne, ho tla etsahala eng ka lefu?
21 Lefatšeng la Paradeise, lefu, leo kajeno le hlahisang boemo ba lefeela, le tla be le tlositsoe. (Baroma 8:19-21) Moprofeta Esaia o ile a bolela hore Jehova Molimo o “tla felisa lefu ka ho sa eeng kae.” (Esaia 25:8) Moapostola Johanne o ile a fuoa pono ea nakong eo moloko oa batho o tlang ho latsoa bolokolohi bohlokong le lefung. E, “Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:1-4.
22. Tsebo ea tsoho e u ama joang?
22 Lithuto tse hlakileng tsa Bibele li tlosa pherekano mabapi le hore na ho etsahala’ng ho bafu. Ka ho hlakileng Mangolo a bolela hore lefu ke “sera sa ho qetela” se tlang ho felisoa. (1 Bakorinthe 15:26) Ke matla le matšeliso a makaakang ao re a fumanang tsebong ea tšepo ea tsoho! ’Me re ka thaba hakaakang ha baratuoa ba rōna ba shoeleng ba khopolong ea Molimo ba tsoha borokong ba lefu ho tla thabela lintho tsohle tse molemo tseo a li boloketseng ba mo ratang! (Pesaleme ea 145:16) Mahlohonolo a joalo a tla finyelloa ka ’Muso oa Molimo. Empa puso ea oona e tla qala neng? A re boneng.
LEKA TSEBO EA HAO
Moea ke eng ho batho?
U ne u tla hlalosa boemo ba bafu joang?
Ho tla tsosoa bo-mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 85]
Feela joalokaha Jesu a ile a bitsa Lazaro lebitleng, le ba limilione ba tla tsosoa
[Setšoantšo se leqepheng la 86]
Thabo e tla ata ha ‘Molimo a felisa lefu ka ho sa eeng kae’