Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
MONNA e mong ea bitsoang Lazaro le likhaitseli tsa hae, e leng Maretha le Maria, ba ne ba lula Bethani, motseng o ka bang lik’hilomithara tse tharo ka ntle ho Jerusalema. Ka letsatsi le leng ha motsoalle oa bona Jesu a le sieo, Lazaro o ile a kula haholo. Likhaitseli tsa hae li ne li tšoenyehile haholo ka eena. Li ile tsa romela lentsoe ho Jesu. Eitse ha Jesu a utloa litaba tseo, a tloha ho ea bona Lazaro. Ha ba le tseleng, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore o il’o tsosa Lazaro borokong. Qalong barutuoa ha baa ka ba mo utloisisa, empa Jesu o ile a ba hlakisetsa seo a se bolelang, a re: “Lazaro o shoele.”—Johanne 11:1-14.
Ha Jesu a fihla lebitleng la Lazaro, o ile a qala ka ho laela hore ho tlosoe lejoe le thibileng monyako oa lebitla. Ha a qeta ho rapela ka lentsoe le phahameng, o ile a laela: “Lazaro, tsoa!” Eaba Lazaro oa tsoa. Monna ea neng a shoele ka matsatsi a mane o ne a tsositsoe.—Johanne 11:38-44.
Tlaleho e buang ka Lazaro e bontša hore tsoho ke eona e tla felisa lefu. Empa na mohlolo oa ho tsosa Lazaro o ile oa etsahala e le kannete? Bibele e bua ka oona e le taba ea sebele. Bala tlaleho ena ho Johanne 11:1-44, ’me u tla bona kamoo makolopetso a eona a hlakileng kateng. Na u ka hana hore see se ile sa etsahala? Ho hana ho ka ’na ha etsa hore u belaelle bonnete ba mehlolo eohle e tlalehiloeng ka Bibeleng, e akarelletsang tsoho ea Jesu Kreste ka boeena. Empa Bibele e re: “Haeba Kreste ha aa tsosoa, tumelo ea lōna ha e na thuso.” (1 Bakorinthe 15:17) Tsoho ea bafu ke thuto ea motheo ea Mangolo. (Baheberu 6:1, 2) Empa, lentsoe “tsoho” le bolela’ng?
Lentsoe “Tsoho” le Bolela’ng?
Lentsoe “tsoho” le hlaha ka makhetlo a fetang a 40 ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Le fetoletsoe lentsoeng la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho ema hape.” Polelo e tšoanang le eo ka Seheberu e bolela “ho tsosoa ha bafu.” Ha motho a se a shoele, ho tsosoa eng? Ha ho tsosoe ’mele oane o ileng oa bola eaba o khutlela lerōleng. Ho tsosoa eena motho eane ea ileng a shoa eseng ’mele oane o ileng oa shoa. Kahoo, tsoho e akarelletsa ho khutlisetsoa ha mokhoa oa motho oa bophelo—botho ba hae, tsela eo a neng a phela ka eona, le makolopetso ’ohle a amanang le lintho tsohle tseo a neng a tsejoa ka tsona.
Jehova Molimo, ea nang le mohopolo o phethahetseng, ha a na bothata ba ho hopola mokhoa oo batho ba shoeleng ba neng ba phela ka oona. (Esaia 40:26) Kaha Jehova ke Moqapi oa bophelo, habonolo feela a ka tsosa motho eena eane ka ’mele o mocha. (Pesaleme ea 36:9) Ho feta moo, Bibele e re Jehova Molimo o “hloloheloa” ho tsosa bafu, kapa oa ho labalabela ebile oa ho lakatsa. (Jobo 14:14, 15) Ka sebele re lokela ho thaba hore ebe Jehova a ka khona ho tsosa motho le hore o batla ho etsa joalo!
Jesu Kreste le eena o phetha karolo ea bohlokoa tsohong ea bafu. Nakoana e ka fetang selemo a qalile tšebeletso ea hae, o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a tsosa bafu ’me a ba phelisa, kahoo Mora le eena o phelisa bao a batlang ho ba phelisa.” (Johanne 5:21) Na se etsahetseng ka Lazaro ha se bontše hore Jesu Kreste o na le matla a ho tsosa bafu ebile o lakatsa ho etsa joalo?
Ho thoe’ng ka khopolo ea hore ho na le ntho e itseng ka hare ho rōna e tsoelang pele e phela ha re se re shoele? Thuto ea tsoho le khopolo ea hore moea oa motho ha o shoe, ha li lumellane. Haeba ho na le ntho e itseng ka hare ho rōna e tsoelang pele e phela ha re se re shoele, na tsoho e ne e tla hlokahala? Khaitseli’a Lazaro, e leng Maria, o ne a sa lumele hore ha khaitseli’e a ne a shoele, o ne a ntse a phela sebakeng sa moea. O ne a lumela tsoho. Ha Jesu a mo tiisetsa a re: “Khaitseli ea hao e tla tsoha,” Maretha o ile a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:23, 24) ’Me ha Lazaro a tsosoa, ha aa ka a pheta liphihlelo leha e le life tsa bophelo ba ka mor’a lefu. O ne a shoele. Bibele e re: “Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, . . . ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole [lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho], e leng sebaka seo u eang ho sona.”—Moeklesia 9:5, 10.
Kahoo, ho ea ka Bibele, ntho feela e ka felisang lefu ke tsoho. Empa har’a batho bohle ba shoeleng, ho tla tsosoa bo-mang, hona ba tsosetsoa hokae?
Ho Tla Tsosoa Bo-mang?
Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Ho ea ka tšepiso ena, ba leng mabitleng a khopotso—e leng ba mohopolong oa Jehova—ba tla tsosoa. Kahoo potso ke hore, Har’a batho bohle ba shoeleng, ke bo-mang ba hlileng ba leng mohopolong oa Molimo ’me ba letetse tsoho?
Buka ea Bibele ea Baheberu khaolo ea 11 e thathamisa mabitso a banna le basali ba ileng ba sebeletsa Molimo ka botšepehi. Bona hammoho le bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba shoeleng lilemong tsa morao tjena ba tla tsosoa. Empa ho thoe’ng ka batho ba sa kang ba boloka melao ea Molimo ea ho loka, mohlomong ka lebaka la ho hloka tsebo? Na le bona ba mohopolong oa Molimo? E, ba bangata ba bona ba mohopolong oa Molimo, hobane tšepiso ea Bibele e re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Leha ho le joalo, ho ke ke ha tsosoa motho e mong le e mong ea kileng a phela. Bibele e re: “Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re amohele tsebo e nepahetseng ea ’nete, ha ho sa na sehlabelo leha e le sefe se setseng bakeng sa libe, empa ho na le tebello e itseng e tšabehang ea kahlolo.” (Baheberu 10:26, 27) Ba bang ba entse libe tse ke keng tsa tšoareloa. Ha ba Hadese (e leng lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho) empa ba Gehena, e leng sebaka se tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng. (Matheu 23:33) Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra iketsa baahloli ba hore na ke motho ofe ea tla tsosoa le hore na ke ofe ea ke keng a tsosoa. Molimo ke eena moahloli. Ke eena ea tsebang ba leng Hadese le ba leng Gehena. Seo rōna re lokelang ho se etsa ke ho phela tumellanong le thato ea Molimo.
Ke Bo-mang ba Tla Tsosetsoa ho ea Phela Leholimong?
Tsoho e khethehileng ka ho fetisisa e bile ea Jesu Kreste. O ile “a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” (1 Petrose 3:18) Ho ne ho se motho ea kileng a tsosoa ka mokhoa ona pele. Jesu ka boeena o itse: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mor’a motho.” (Johanne 3:13) Ka sebele, Mor’a motho ke eena oa pele oa ho tsosoa e le motho oa moea. (Liketso 26:23) Ho ne ho tla ba le ba bang. Mangolo a re: “E mong le e mong boemong ba hae: Kreste ke litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.”—1 Bakorinthe 15:23.
Sehlopha se senyenyane sa batho—e leng “bao e leng ba Kreste”—se tla tsosetsoa ho ea phela leholimong ka morero o khethehileng. (Baroma 6:5) Ba tla busa le Kreste e le “marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10) Ho feta moo, e tla ba baprista ka kutloisiso ea hore ba tla kopanela ha ho tlosoa liphello tsa sebe seo batho ba se futsitseng ho motho oa pele, e leng Adama. (Baroma 5:12) Palo ea batho ba busang le Kreste e le marena le baprista e tla ba 144 000. (Tšenolo 14:1, 3) Ba fuoa ’mele ofe ha ba tsosoa? Bibele e re ba fuoa “’mele oa moea.” Sena se tla ba bulela monyetla oa ho ea phela leholimong.—1 Bakorinthe 15:35, 38, 42-45.
Tsoho ea ba tla phela leholimong e etsahala neng? Bakorinthe ba Pele 15:23 e re: “Nakong ea ho ba teng ha [Kreste].” Liketsahalo tsa lefatše tse qalileng ka 1914 li bontša ka ho hlaka hore selemong seo, ho ile ha qaleha ho ba teng ha Kreste le “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3-7) Kahoo ho na le lebaka la ho lumela hore ho tsosetsoa ha Bakreste ba tšepahalang leholimong ho se ho qalile, le hoja batho ba sa ho bone. Seo se bolela hore baapostola le Bakreste ba pele ba se ba tsoselitsoe bophelong ba leholimo. Ho thoe’ng ka Bakreste ba ntseng ba phela hona joale bao Molimo a ba fileng tšepo e tiileng ea hore ba tla busa le Kreste leholimong? Ba tsosoa “ka ho panya ha leihlo,” kapa hang-hang ha ba qeta ho shoa. (1 Bakorinthe 15:52) Kaha tsoho ea sehlopha sena se senyenyane sa ba 144 000 e tla pele ho ea bongata bo tla tsosetsoa ho phela lefatšeng, e bitsoa “tsoho ea pejana” le ‘tsoho ea pele.’—Bafilipi 3:11; Tšenolo 20:6.
Ke Bo-mang ba Tla Tsosetsoa ho Phela Lefatšeng?
Ho ea ka Mangolo, bafu ba bangata ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Matheu 6:10) Ha a hlalosa pono e hlollang ea ba tsosoang, moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:11-14) Ba leng Hadese, kapa Sheole—e leng lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho—ke bona ba mohopolong oa Molimo. E mong le e mong oa bona o tla tsosoa. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:31) ’Me e mong le e mong o tla ahloloa ho ea ka lintho tseo a li etsang ha a se a tsositsoe. Joale ho tla etsahala’ng ka lefu le Hadese? Li tla lahleloa ‘ka letšeng la mollo.’ Sena se bolela hore lefu leo batho ba le futsitseng ho Adama le ke ke la hlola le ba ama.
Ka sebele e mong le e mong ea lahlehetsoeng ke moratuoa oa hae ka lefu a ka thaba haholo ha a utloa ka tšepiso ea Molimo ea tsoho! Ha Jesu a ne a tsosa mora a le mong oa mosali oa mohlolohali oa Naine, mosali eo o ile a thaba hakaakang! (Luka 7:11-17) Hape, Bibele e re ka batsoali ba ngoanana ea lilemo li 12 eo Jesu a ileng a mo tsosa: “Hang-hang ba hlolloa haholo.” (Mareka 5:21-24, 35-42; Luka 8:40-42, 49-56) Lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, re tla thabela ho amohela baratuoa ba rōna.
Ho tseba ’nete mabapi le tsoho ho ka re ama joang hona joale? The World Book Encyclopedia e re: “Batho ba bangata ba tšaba lefu ’me ba leka ho qoba ho nahana ka lona.” Hobane’ng? Hobane lefu ke sephiri ho batho ba bangata—ke ntho e sa tsejoeng e lokelang ho tšajoa. Ho tseba ’nete ka boemo ba bafu le ho ba le tšepo ea tsoho ho ka re fa sebete haeba re tlameha ho tobana le “sera sa ho qetela, lefu.” (1 Bakorinthe 15:26) Hape tsebo ena e re nolofalletsa ho mamella bohloko boo re bo utloang ha re shoeloa ke motsoalle ea haufi kapa mong ka rōna.
Tsoho ea lefatšeng e tla qala neng? Kajeno lefatše le tletse pefo, lintoa, tšollo ea mali ebile le silafetse. Haeba bafu ba ne ba ka tsohela lefatšeng le tjena, ka sebele thabo leha e le efe e ne e tla ba ea nakoana. Empa, ’Mōpi o tšepisitse hore haufinyane o tla felisa lefatše la hona joale le laoloang ke Satane. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44; 1 Johanne 5:19) Morero oa Molimo ka lefatše o tla tloha o phethahala. Ka mor’a moo, batho ba likete tse limilione ba robetseng lefung hona joale, etlare ha ba phaphama, ba tla be ba le lefatšeng le lecha la Molimo la khotso.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Boholo ba bafu bo tla tsosetsoa ho phela lefatšeng