Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ie maq. 25-28
  • Tšepo e Tiileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo e Tiileng
  • Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Motsoalle oa Rōna o Shoele’
  • “O Tla Tsoha”
  • “Bohle ba Mabitleng a Khopotso”
  • Ba Tsosetsoa Hokae?
  • Ntho Feela e ka Felisang Lefu!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
ie maq. 25-28

Tšepo e Tiileng

“Ho tloha motsotsong oa tsoalo ka linako tsohle ho ka etsahala hore motho a shoe neng kapa neng; ’me ka ho ke keng ha qojoa monyetla ona o tla qetella o phethahetse.”—ARNOLD TOYNBEE, RAHISTORI OA BRITHANI.

1. Ke ntho efe ea sebele eo moloko oa batho o ileng oa tlameha ho e amohela, hona e phahamisa lipotso life?

KE MANG ea ka phehang khang le bonnete ba histori ee e boletsoeng ka holimo? Kamehla moloko oa batho o ’nile oa tlameha ho tobana le ’nete e tšabehang ea lefu. ’Me re ba le boikutlo ba ho hloka thuso hakaakang ha e mong eo re mo ratang a e-shoa! Ka nako eo tahlehelo eo e bonahala e le e ke keng ea etsolloa ka ho feletseng. Na ho ka etsahala hore re kopanngoe le baratuoa ba rōna ba shoeleng? Bibele e fana ka tšepo efe bakeng sa bafu? Hlahloba tlaleho e latelang.

‘Motsoalle oa Rōna o Shoele’

2-5. (a) Ha motsoalle oa hae Lazaro a e-shoa, Jesu o ile a bontša boikemisetso ba hae le matla a hae a ho mo tsosa joang? (b) Ka ntle le ho tsosetsa Lazaro bophelong, mohlolo oa tsoho o ile oa finyella eng?

2 E ne e le ka selemo sa 32 C.E. Motsaneng oa Bethani, lik’hilomithara tse tharo ka ntle ho Jerusalema, ke moo Lazaro le likhaitseli tsa hae Maretha le Maria ba neng ba lula teng. E ne e le metsoalle e haufi-ufi ea Jesu. Ka letsatsi le leng, Lazaro o ile a kulela lefu. Kapele-pele, likhaitseli tsa hae tse amehileng li ile tsa romela litaba tsena ho Jesu, ea neng a le ka mose ho Nōka ea Jordane. Jesu o ne a e-na le kameho e mofuthu ka Lazaro le likhaitseli tsa hae, kahoo ka mor’a nako o ile a leba Bethani. Ha ba le tseleng Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Lazaro motsoalle oa rōna o phomotse, empa ke nka leeto le eang moo ho ea mo tsosa borokong.” Kaha barutuoa ha baa ka ba utloisisa kapele se boleloang ke polelo eo, Jesu o ile a re ka tsela e hlakileng: “Lazaro o shoele.”—Johanne 11:1-15.

3 Eitse ha a utloa hore Jesu o tla Bethani, Maretha o ile a matha ho ea mo khahlametsa. A amiloe ke ho sareloa ha hae, Jesu o ile a mo tiisetsa: “Mor’eno o tla tsoha.” Maretha a araba: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” Joale Jesu a mo bolella: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.”—Johanne 11:20-25.

4 Joale Jesu a ea lebitleng ’me a laela hore ho tlosoe lejoe le neng le koetse monyako. Ka mor’a hore a rapele ka lentsoe le phahameng, o ile a laela: “Lazaro, tsoa!” ’Me ha mahlo ’ohle a ntse a shebile lebitleng, Lazaro o ile a fela a tsoa. Jesu o ile a tsosa Lazaro—a khutlisetsa bophelo ho motho ea neng a shoele matsatsi a mane!—Johanne 11:38-44.

5 Maretha o ne a se a ntse a e-na le tumelo tšepisong ea tsoho. (Johanne 5:28, 29; 11:23, 24) Mohlolo oa ho tsosetsoa ha Lazaro bophelong o ile oa sebeletsa ho mo matlafatsa tumelo le ho kenya tumelo ho ba bang. (Johanne 11:45) Empa hantle-ntle ho boleloa’ng ka lentsoe “tsoho”?

“O Tla Tsoha”

6. Lentsoe lee “tsoho” le bolela’ng?

6 Lentsoe “tsoho” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike a·naʹsta·sis, leo ka ho toba le bolelang “ho ema hape.” Bafetoleli ba Baheberu ba fetolelang Segerike ba ile ba fetolela a·naʹsta·sis ka mantsoe a Seheberu techi·yathʹ ham·me·thimʹ, a bolelang ho “tsosolosoa ha bafu.”a Kahoo, tsoho e akarelletsa ho phahamisa motho boemong ba ho se phele ba lefu—ho tsosolosa mokhoa oa bophelo oa motho ka mong.

7. Ke hobane’ng ha tsoho ea batho ka bomong e ke ke ea e-ba bothata ho Jehova Molimo le Jesu Kreste?

7 Kaha o na le bohlale bo sa feleng le mohopolo o phethahetseng, Jehova Molimo a ka tsosa motho habonolo. Ho hopola mokhoa oa bophelo oa bafu—litšobotsi tsa bona tsa botho, histori ea bona ea botho, le makolopetso ’ohle ao ba tsebahalang ka ’ona—hase bothata ho eena. (Jobo 12:13; bapisa le Esaia 40:26.) Jehova hape ke Moqapi oa bophelo. Kahoo, a ka tsosetsa motho ea tšoanang habonolo feela bophelong, a mo fa botho bo tšoanang ’meleng o entsoeng bocha. Ho feta moo, joalokaha phihlelo ea Lazaro e bontša, Jesu Kreste o rata ho tsosa batho ebile a ka khona ho etsa joalo.—Bapisa le Luka 7:11-17; 8:40-56.

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha tsoho le khopolo ea ho se shoe ha moea li sa lumellane? (b) Pheko ea lefu ke eng?

8 Leha ho le joalo, thuto ea Mangolo ea tsoho ha e lumellane le thuto ea ho se shoe ha moea. Haeba moea o sa shoeng o pholoha lefu, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ho be le ea tsosoang, kapa ea khutlisetsoang bophelong. Ka sebele, Maretha ha aa ka a bua ka khopolo ea moea o sa shoeng o neng o ntse o phela kae-kae ka mor’a lefu. O ne a sa lumele hore Lazaro o se a ile sebakeng se seng sa moea ho ea tsoela pele a phela. Ho fapana le hoo, o ile a bontša tumelo ea hae morerong oa Molimo oa ho etsolla liphello tsa lefu. O ile a re: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 11:23, 24) Ka ho tšoanang, Lazaro ka boeena ha aa ka a pheta liphihlelo tsa bophelo bo bong ba ka mor’a lefu. Ho ne ho se letho leo a ka le tlalehang.

9 Ka ho hlakileng, ho ea ka Bibele, moea oa shoa ’me pheko ea lefu ke tsoho. Empa batho ba likete tse limilione ba shoele ho tloha ha motho oa pele, Adama, a tsamaea lefatšeng. Joale ke bo-mang ba tla tsoha, hona ba tsohela hokae?

“Bohle ba Mabitleng a Khopotso”

10. Jesu o ile a etsa tšepiso efe mabapi le ba mabitleng a khopotso?

10 Jesu Kreste o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu].” (Johanne 5:28, 29) E, Jesu Kreste o ile a tšepisa hore bohle ba khopolong ea Jehova ba tla tsosoa. Batho ba likete tse limilione ba phetse ’me ba shoele. Har’a bona ke bo-mang ba khopolong ea Molimo, ba emetse tsoho?

11. Ho tla tsosoa bo-mang?

11 Ba ileng ba phehella tsela e lokileng e le bahlanka ba Jehova ba tla tsosoa. Empa batho ba bang ba limilione ba shoele ba sa bontše hore na ba ne ba tla lumellana le litekanyetso tse lokileng tsa Molimo kapa che. Ntho li peli, ba ne ba sa tsebe seo Jehova a se hlokang kapa ba ne ba hloka nako e lekaneng ea ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Bana le bona ba mohopolong oa Molimo ’me kahoo ba tla tsosoa, hobane Bibele ea tšepisa: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng hammoho le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

12. (a) Moapostola Johanne o ile a fumana pono efe ka tsoho? (b) Ke eng e ‘lihetsoeng letšeng la mollo,’ ’me poleloana eo e bolela’ng?

12 Moapostola Johanne o ne a e-na le pono e hlollang ea ba tsositsoeng ba emeng ka pel’a terone ea Molimo. Ha a e hlalosa, o ile a ngola: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona, eaba ba ahloloa ka bomong ho ea ka liketso tsa bona. ’Me lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo. Sena se bolela lefu la bobeli, letša la mollo.” (Tšenolo 20:12-14) Nahana hore na seo se bolela’ng! Bafu bohle ba mohopolong oa Molimo ba tla lokolloa Hadese, kapa Sheole, lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. (Pesaleme ea 16:10, NW; Liketso 2:31) Joale “lefu le Hadese” li tla liheloa ho se bitsoang ‘letša la mollo’ le tšoantšetsang thipitlo e feletseng. Lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho le tla khaotsa ho ba teng.

Ba Tsosetsoa Hokae?

13. Ke hobane’ng ha Molimo a lokiselitse hore ba bang ba tsosetsoe leholimong, hona Jehova o tla ba fa ’mele ea mofuta ofe?

13 Palo e fokolang ea banna le basali e tla tsosetsoa bophelong leholimong. Bana ba tla busa le Kreste e le marena le baprista ’me ba tla kopanela ho etsolleng liphello tsohle tsa lefu leo moloko oa batho o le futsitseng ho motho oa pele, Adama. (Baroma 5:12; Tšenolo 5:9, 10) Ho latela Bibele, ba 144 000 feela ’me ba khethiloe har’a balateli ba Kreste, ho qala ka baapostola ba tšepahalang. (Luka 22:28-30; Johanne 14:2, 3; Tšenolo 7:4; 14:1, 3) Jehova o tla fa e mong le e mong oa bana ba tsositsoeng ’mele ea moea e le hore ba ka phela leholimong.—1 Bakorinthe 15:35, 38, 42-45; 1 Petrose 3:18.

14, 15. (a) Boholo ba batho ba shoeleng bo tla tsosetsoa bophelong ba mofuta ofe? (b) Ke mahlohonolo afe a tlang ho latsoa ke batho ba utloang?

14 Leha ho le joalo, boholo ba ba shoeleng bo tla tsosetsoa bophelong lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Matheu 6:10) Lefatše la mofuta ofe? Kajeno lefatše le tletse khohlano, tšollo ea mali, tšilafalo le pefo. Haeba bafu ba ne ba ka tsohela bophelong lefatšeng le joalo, ka sebele thabo leha e le efe e ne e tla ba ea nakoana. Empa ’Mōpi o tšepisitse hore haufinyane o tla felisa mokhatlo oa hona joale oa lefatše o tlas’a taolo ea Satane. (Liproverbia 2:21, 22; Daniele 2:44) Mokhatlo oa batho o mocha o lokileng—“lefatše le lecha”—ka nako eo e tla ba ntho ea sebele. (2 Petrose 3:13) Ka nako eo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Esita le bohloko bo boholo ba lefu bo tla be bo felisitsoe, hobane Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

15 Lefatšeng le lecha la Molimo le tšepisitsoeng, ba bonolo “ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:11) ’Muso oa leholimo oa Kreste Jesu le metsoalle ea hae e 144 000 butle-butle ba tla tlisa moloko oa batho o utloang phethehong eo batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba e lahlileng. Har’a ba tla akarelletsoa ho baahi ba lefatše e tla ba ba tsositsoeng.—Luka 23:42, 43.

16-18. Ke thabo efe eo tsoho e tlang ho e tlisetsa malapa?

16 Bibele e fana ka tlhase ea thabo eo tsoho e tlang ho e tlisetsa malapa. Nahana hore na e ile ea e-ba thabo e kaakang eo mohlolohali oa Naine a ileng a e utloa ha Jesu a emisa mokoloko oa lepato ’me a tsosa mora oa hae ea mong feela! (Luka 7:11-17) Hamorao, haufi le Leoatle la Galilea, ha Jesu a ne a tsosetsa ngoananyana ea lilemo li 12 bophelong, batsoali ba hae ba ile “ba hlōloa ke boikutlo bo matla ba nyakallo.”—Mareka 5:21-24, 35-42; bona le 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37.

17 Bakeng sa ba limilione bao hona joale ba robetseng lefung, tsoho e tla bolela bophelo lefatšeng le lecha la khotso. Nahana feela ka tebello e hlollang eo sena se e bulelang Tommy le rakhoebo ba boletsoeng karolong e qalang ea bukana ena! Ha Tommy a tsohela bophelong Paradeiseng lefatšeng, e tla be e ntse e le Tommy eo ’m’ae a mo tsebang—empa a sa kule. O tla khona ho mo ama, a mo kope ka matsoho le ho mo rata. Ka ho tšoanang, ho e-na le ho tšoaseha lipotolohong tse sa feleng tsa ho tsoaloa hangata, rakhoebo oa India o na le tebello e babatsehang ea hore ha a tutubolla mahlo a be a le lefatšeng le lecha la Molimo ’me a shebile bara ba hae.

18 Ho tseba ’nete ka moea, ka hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa, le ka tšepo ea tsoho, ho ka boetse ha e-ba le phello e khōlō ho ba phelang hona joale. A re boneng hore na joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja lentsoe “tsoho” le sa hlahe Mangolong a Seheberu, tšepo ea tsoho e boletsoe ka ho hlakileng ho Jobo 14:13, Daniele 12:13 le Hosea 13:14.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tsoho e tla tlisa thabo e sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela