’Nete ka Litaba Tse Amanang le Moea ea Tsotelleha
“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—JOHANNE 8:32.
1. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlahloba litumelo tsa rōna ka moea le lefu?
LITUMELO tse mabapi le lefu le Bophelo ka Mor’a Lefu haholo-holo ke phello ea semelo sa motho sa bolumeli le sa setso. Joalokaha re bone, li tloha ka ho kholiseha hore moea o finyella pakane ea oona ea ho qetela feela ka mor’a hore o tsoaloe hangata ho isa khopolong ea hore nako e le ’ngoe ea bophelo e rera pheletso ea ho qetela ea motho. Ka lebaka leo, motho e mong a ka ’na a ikutloa a kholisehile hore qetellong o tla kopana le boleng ba sebele ba ho qetela ha a e-shoa, e mong o tla finyella Nirvana, ’me ho ntse ho le joalo e mong o tla kotula moputso oa leholimo. Joale, ’nete ke efe? Kaha litumelo tsa rōna li susumetsa maikutlo a rōna, liketso tsa rōna le liqeto tsa rōna, na ha rea lokela ho ameha ka ho fumana karabo potsong eo?
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha re ka tšepa seo Bibele e se buang ka moea? (b) Joalokaha ho boletsoe ka Bibeleng, ’nete ke efe ka moea?
2 Buka ea khale ka ho fetisisa lefatšeng, Bibele, e sala morao histori ea motho ho isa ho bōptjoeng ha motho oa pele. Lithuto tsa eona ha li na lifilosofi le lineano tsa batho. Ka ho hlakileng Bibele e bolela ’nete ka moea: Moea oa hao ke uena, bafu ho hang ha ba phele, ’me ba mohopolong oa Molimo ba tla tsosoa ka nako ea hae e loketseng. Ho tseba see ho ka bolela’ng ho uena?
3 Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) E, ’nete ea lokolla. Empa ’nete e buang ka moea e tla re lokolla ho eng?
Tokoloho Tšabong le ho Nyahameng
4, 5. (a) ’Nete ka moea e leleka tšabo efe? (b) Tšepo ea tsoho e ile ea fa mocha ea neng a kulela lefu sebete joang?
4 The World Book Encyclopedia e re: “Boholo ba batho ba tšaba lefu ’me ba leka ho qoba ho nahana ka lona.” Rahistori e mong o hlokometse: “Lentsoe ‘lefu’ ka bolona le fetohile le sa bitsoeng Bophirimela.” ’Me litsong tse ling lipebofatso tse joalo tse kang “o fetile” le “o hlokahetse” ka ho tloaelehileng li sebelisoa ho hlalosa ho shoa ha motho. Ha e le hantle tšabo ena ea lefu ke ho tšaba ntho e sa tsejoeng, kaha ho batho ba bangata lefu ke sephiri. Ho tseba ’nete ka hore na ho etsahala’ng ha re e-shoa ho tlosa tšabo ena.
5 Ka mohlala, nahana ka boemo ba kelello ba Michaelyn ea lilemo li 15. O ne a e-na le kankere ea mali ’me a tobane le lefu le bohloko. ’Mè oa hae, Paula, oa hopola: “Michaelyn o ile a re ha a tsotelle ho shoa hobane oa tseba hore lefu ke ntho ea nakoana feela. Re ile ra bua haholo ka lefatše le lecha la Molimo le ka bohle ba tlang ho tsosetsoa ho lona. Michaelyn o ne a e-na le tumelo e tsotehang ho Jehova Molimo le tsohong—a se na pelaelo leha e le e nyenyane feela.” Tšepo ea tsoho e ile ea lokolla ngoananyana enoa ea sebete tšabong e khōlō ea lefu.
6, 7. ’Nete ka moea e re lokolla boemong bofe ba ho felloa ke tšepo? Bontša.
6 ’Nete e ile ea ama batsoali ba Michaelyn joang? Jeff, ntate oa hae, o re: “Lefu la ngoananyana oa rōna e ne e le ntho e bohlokohali ho feta e kileng ea re etsahalla. Empa re na le tšepo e feletseng tšepisong ea Jehova ea tsoho, ’me re lebeletse hore ka letsatsi le leng re tla be re kopile Michaelyn oa rōna ea ratehang ka matsoho hape. Hoo e tla ba ho kopana hape ho thabisang hakaakang!”
7 E, ’nete ka moea e lokolla motho boemong bo nyahamisang ba ho hloka tšepo boo lefu la moratuoa le ka bo tlisang. Ke ’nete hore ha ho letho le ka tlosang bohloko le masoabi ka ho feletseng tse bang teng ha moratuoa a e-shoa. Leha ho le joalo, tšepo ea tsoho e kokobetsa ho sareloa ’me e etsa hore ho be bonojoana ho mamella bohloko.
8, 9. ’Nete ka boemo ba bafu e re lokolla tšabong ea eng?
8 ’Nete ea Mangolo ka boemo ba bafu e boetse e re lokolla ho tšabeng bafu. Haesale ba ithuta ’nete ena, ba bangata ba kileng ba tšoasoa ke litšebeletso tsa tumela-khoela mabapi le bafu ha ba sa khathatseha ka ho betsoa, lipontšo tsa nako e tlang, liroala le lithatho, leha e le hore ba etsa mahlabelo a theko e phahameng ho khutsisa balimo ba bona le ho ba thibela ho khutla ho tla pokela ba phelang. Ka sebele, kaha “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng,” litloaelo tse joalo ke tsa lefeela.—Moeklesia 9:5.
9 ’Nete ka moea, e fumanoang Bibeleng, ka sebele ke e lokollang le e tšepahalang. Empa hape nahana ka tebello e ikhethang eo Bibele e u tšoaretseng eona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
’Nete ka moea e u lokolla ho tšabeng lefu, ho tšabeng bafu, ho nyahameng ka lebaka la lefu la moratuoa