Khaolo ea 10
’Muso oa Molimo O-oa Busa
1, 2. Mebuso ea batho e ipakile e haelloa joang?
Mohlomong u kile ua ba le phihlelo ea ho reka thepa, empa ua fumana hore ha e sebetse. Ha re re u ile ua bitsa motho ea lokisang. Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore a e “lokise,” e boetse e-ea robeha. Hoo ho nyahamisa hakaakang!
2 Hoa tšoana le ka mebuso ea batho. Kamehla moloko oa batho o ’nile oa lakatsa ’muso o ka tiisang hore khotso le thabo li ba teng. Leha ho le joalo, boiteko bo matla ba ho lokisa ho senyehileng sechabeng ha boa ka ba e-ba le katleho ea sebele. Ho ’nile ha etsoa lilekane tse ngata haholo tsa khotso—ebe joale lia robjoa. Ho feta moo, ke ’muso ofe o khonneng ho felisa bofutsana, leeme, tlōlo ea molao, mafu, le tšenyo kamanong e pakeng tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona? Puso ea motho e ke ke ea lokisoa. Esita le Morena Salomone ea bohlale oa Iseraele o ile a botsa: “Ke mang motho ea ka utloisisang tsela ea hae?”—Liproverbia 20:24.
3. (a) Sehlooho sa boboleli ba Jesu e ne e le sefe? (b) Batho ba sa tšoaneng ba hlalosa ’Muso oa Molimo joang?
3 U se ke ua felloa ke tšepo! ’Muso o tsitsitseng oa lefatše hase toro feela. E ne e le sehlooho sa boboleli ba Jesu. O ile a o bitsa “’muso oa Molimo,” ’me o ile a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle. (Luka 11:2; 21:31) Ke ’nete, ka linako tse ling ’Muso oa Molimo ho buuoa ka oona tikolohong ea bolumeli. Ha e le hantle, ba limilione ba o rapella letsatsi le letsatsi ha ba pheta Thapelo ea Morena (eo e boetseng e bitsoang Ntat’a Rōna kapa thapelo ea mohlala). Empa batho ba arabela ka litsela tse sa tšoaneng ha ba botsoa, “’Muso oa Molimo ke eng?” Ba bang ba re, “O ka pelong ea hao.” Ba bang ba o bitsa leholimo. Bibele e re fa karabelo e hlakileng, joalokaha re tla bona.
’MUSO O NANG LE MORERO
4, 5. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha ho hlahisa ponahalo e ncha ea borena ba hae, ’me bo tla finyella eng?
4 Jehova Molimo haesale e le Morena, kapa Morena ’Musi, oa bokahohleng. Taba ea hore o bōpile lintho tsohle e mo phahamisetsa boemong boo bo holimo. (1 Likronike 29:11; Pesaleme ea 103:19; Liketso 4:24) Empa ’Muso oo Jesu a neng a o bolela e ne e le o tlatsetsang, kapa oa bobeli, ho borena ba bokahohleng ba Molimo. ’Muso oa Bomessia o na le morero o khethehileng, empa ke ofe?
5 Joalokaha ho hlalositsoe Khaolong ea 6, batho ba babeli ba pele ba ile ba fetohela matla a ho laela a Molimo. Ka lebaka la litseko tse ileng tsa phahamisoa, Jehova o ile a khetha ho hlahisa ponahalo e ncha ea borena ba hae. Molimo o ile a tsebahatsa morero oa hae oa ho hlahisa “peō” e neng e tla thumakanya Noha, Satane, le ho tlosa liphello tsa sebe se futsitsoeng sa moloko oa batho. “Peō” e ka sehloohong ke Jesu Kreste, ’me “’muso oa Molimo” ke kofuto e tla hlōla Satane ka ho feletseng. Ka ’Muso ona, Jesu Kreste o tla tsosolosa bobusi holim’a lefatše ka lebitso la Jehova ’me o tla tlosa qoso ka ho feletseng boreneng bo loketseng ba Molimo.—Genese 3:15; Pesaleme ea 2:2-9.
6, 7. (a) ’Muso oo o hokae, ’me Morena le babusi hammoho le eena ke bo-mang? (b) Bafo ba ’Muso oo ke bo-mang?
6 Ho latela phetolelo e ’ngoe ea mantsoe a Jesu ho Bafarisi ba khopo, o ile a re: “’Muso oa Molimo o se o le ka hare ho lona.” (Luka 17:21, King James Version) Na Jesu o ne a bolela hore ’Muso o ka lipelong tse khopo tsa banna bao ba bolileng? Che. Phetolelo e nepahetseng haholoanyane ea Segerike sa pele e baleha tjena: “’Muso oa Molimo o har’a lōna.” (Phetolelo ea Lefatše le Lecha) Kahoo Jesu, ea neng a le har’a bona, o ne a bua ka eena joaloka Morena oa kamoso. Ho e-na le hore ebe ke ntho feela eo motho a nang le eona ka pelong ea hae, ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele, e sebetsang e nang le ’musi le bafo. Ke puso ea leholimo, hobane e bitsoa “’muso oa maholimo” le “’muso oa Molimo.” (Matheu 13:11; Luka 8:10) Ponong, moprofeta Daniele o ile a bona ’Musi oa oona e le “e mong ea kang mor’a motho” a tlisoa ka pel’a Molimo ea Matla ’Ohle ’me a fuoa “’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse.” (Daniele 7:13, 14) Morena eo ke mang? Bibele e bitsa Jesu Kreste “Mora oa motho.” (Matheu 12:40; Luka 17:26) E, Jehova o ile a khetha Mora oa hae, Jesu Kreste, hore e be Morena.
7 Jesu ha a buse a le mong. Ba nang le eena ke ba 144 000 “ba rekiloeng lefatšeng” hore e be marena le baprista hammoho le eena. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3; Luka 22:28-30) Bafo ba ’Muso oa Molimo e tla ba lelapa la lefatšeng la batho ba ikokobelletsang boeta-pele ba Kreste. (Pesaleme ea 72:7, 8) Leha ho le joalo, re ka tiisa joang hore ’Muso o tla hle o tlose qoso boreneng ba Molimo le ho tsosolosa maemo a paradeise lefatšeng la rōna?
BONNETE BA ’MUSO OA MOLIMO
8, 9. (a) Re ka tšoantšetsa ho tšepahala ha litšepiso tsa ’Muso oa Molimo joang? (b) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore ’Muso ke oa sebele?
8 Nka hore mollo o chesitse ntlo ea hao lore. Joale motsoalle e mong ea nang le hona o tšepisa ho u thusa ho u hahela ntlo ea hao hape le ho fepa ba lelapa la hao. Haeba motsoalle eo a ’nile a u bolella ’nete, na u ne u ke ke ua mo kholoa? Ha re re mohlomong u fihla hae u tsoa mosebetsing letsatsing le latelang ’me u fumana hore basebetsi ba se ba qalile ho hleka likotoana tse siiloeng ke mollo le hore lelapa la hao le tliselitsoe lijo. Ha ho pelaelo hore u ne u tla be u kholisehile ka ho feletseng hore ha nako e ntse e feta, lintho li ne li ke ke tsa tsosolosoa feela empa li ne li tla ba molemo le ho feta pele.
9 Ka ho tšoanang, Jehova oa re tiisetsa hore ’Muso ke oa sebele. Joalokaha ho bontšitsoe bukeng ea Bibele ea Baheberu, litšobotsi tse ngata tsa Molao li ne li tšoantšetsa tokisetso ea ’Muso. (Baheberu 10:1) Ho bona esale pele hore na ’Muso oa Molimo o tla ba joang ho ile ha boetse ha totobala ’musong oa lefatšeng oa Iseraele. Eo e ne e se puso feela e tloaelehileng, hobane babusi ba ne ba lula “teroneng ea Jehova.” (1 Likronike 29:23) Ho feta moo, e ne e boletsoe esale pele: “Molamu oa borena o ke ke oa tloha ho Juda, kapa lere la bolaoli pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le lichaba li be li mo utloe.” (Genese 49:10)a E, e ne e le lesikeng lena la Juda la marena moo Jesu, Morena oa puso ea Molimo ka ho sa feleng, a neng a lokela ho tsoalloa ho lona.—Luka 1:32, 33.
10. (a) Motheo oa ’Muso oa Bomessia oa Molimo o ile oa raloa neng? (b) Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo ba lebelletsoeng ho ba babusi le Jesu ba tlang ho o etella pele lefatšeng?
10 Motheo oa ’Muso oa Molimo oa Bomessia o ile oa raloa ka ho khethoa ha baapostola ba Jesu. (Baefese 2:19, 20; Tšenolo 21:14) Bana e ne e le ba pele ba ba 144 000 ba neng ba tla busa leholimong le Jesu Kreste e le marena hammoho le eena. Ha ba sa le lefatšeng, bana ba lebelletsoeng ho ba babusi hammoho le eena ba ne ba tla etella pele phutuho ea ho paka, ho lumellana le taelo ea Jesu: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.”—Matheu 28:19.
11. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o phethoa joang kajeno, hona o finyella eng?
11 Taelo ea ho etsa barutuoa hona joale e utluoa ka tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng. Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho pota lefatše lohle, tumellanong le mantsoe a Jesu a boprofeta: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) E le karolo e ’ngoe ea mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, lenaneo le leholo la thuto lea phethahatsoa. Ba ikokobeletsang melao le melao-motheo ea ’Muso oa Molimo ba se ba ntse ba latsoa khotso le bonngoe tseo mebuso ea batho e ke keng ea li finyella. Sena sohle se fana ka bopaki ba hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele!
12. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse ho bitsa baboleli ba ’Muso Lipaki tsa Jehova? (b) ’Muso oa Molimo o fapana joang le mebuso ea batho?
12 Jehova o ile a bolella Baiseraele: “Ke lōna lipaki tsa ka, . . . le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” (Esaia 43:10-12) Jesu, “Paki e Tšepahalang,” o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. (Tšenolo 1:5; Matheu 4:17) Kahoo ke ho loketseng hore baboleli ba ’Muso ba kajeno ba be le lebitso le khethiloeng ke Molimo la Lipaki tsa Jehova. Empa ke hobane’ng ha Lipaki li qeta nako e ngata hakaale le boiteko li bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo? Li etsa sena hobane ’Muso oo ke eona feela tšepo ea moloko oa batho. Mebuso ea batho e-ea fela qetellong, empa ’Muso oa Molimo le ka mohla o ke ke oa fela. Esaia 9:6, 7 e bitsa ’Musi oa oona, Jesu, “Morena oa khotso” ’me e-ea phaella: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.” ’Muso oa Molimo ha o tšoane le mebuso ea motho—e teng kajeno ’me hosasa e ketotsoe. Ka sebele, Daniele 2:44 e re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; . . . empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
13. (a) Ke mathata afe ao ’Muso oa Molimo o tlang ho sebetsana le ’ona ka katleho? (b) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahatsoa?
13 Ke morena ofe oa motho ea ka felisang ntoa, tlōlo ea molao, ho kula, tlala, le ho hloka matlo? Ho feta moo, ke ’musi ofe oa lefatše ea ka tsosang ba shoeleng? ’Muso oa Molimo le Morena oa oona o tla sebetsana le litaba tsena. ’Muso oo o ke ke oa ipaka o haelloa, joaloka thepa e sa sebetseng hantle e ntseng e hloka ho lokisoa joalo-joalo. Ho e-na le hoo, ’Muso oa Molimo o tla atleha, hobane Jehova oa tšepisa: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:11) Morero oa Molimo o ke ke oa hlōleha, empa puso ea ’Muso e ne e lokela ho qala neng?
PUSO EA ’MUSO—NENG?
14. Barutuoa ba Jesu ba ne ba na le kutloisiso efe e sa nepahalang mabapi le ’Muso, empa Jesu o ne a tseba eng ka bobusi ba hae?
14 “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Potso ena e ileng ea botsoa ke barutuoa ba Jesu e ile ea senola hore ka nako eo ba ne ba sa tsebe morero oa ’Muso oa Molimo le nako e khethiloeng bakeng sa hore na o qala ho busa neng. Ha a ba lemosa hore ba se ke ba belaela ka taba ena, Jesu o ile a re: “Hase ha lōna hore le fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.” Jesu o ne a tseba hore bobusi ba hae holim’a lefatše bo ne bo boloketsoe nako e tlang, nako e telele ka mor’a hore a tsohe ’me a nyolohele leholimong. (Liketso 1:6-11; Luka 19:11, 12, 15) Mangolo a ne a boletse sena esale pele. Joang?
15. Pesaleme ea 110:1 e fana ka leseli joang tabeng ea ho lekanyetsa nako ea bobusi ba Jesu?
15 Ka boprofeta ha a bua ka Jesu e le “Morena,” Morena Davida o ile a re: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao.” (Pesaleme ea 110:1; bapisa le Liketso 2:34-36.) Boprofeta bona bo bontša hore bobusi ba Jesu bo ne bo ke ke ba qala hang-hang ka mor’a hore a nyolohele leholimong. Ho e-na le hoo, o ne a tla leta ka letsohong le letona la Molimo. (Baheberu 10:12, 13) Ho leta hoo ho ne ho tla ba holelele hakae? Bobusi ba hae bo ne bo tla qala neng? Bibele e re thusa ho fumana likarabelo.
16. Ho ile ha etsahala eng ka 607 B.C.E., ’me see se ne se amana joang le ’Muso oa Molimo?
16 Motse feela lefatšeng lohle oo Jehova a ileng a beha lebitso la hae ho oona e ne e le Jerusalema. (1 Marena 11:36) Hape e ne e le motse-moholo oa ’muso oa lefatšeng o amohetsoeng ke Molimo o tšoantšetsang ’Muso oa leholimong oa Molimo. Ka hona, ho timetsoa ha Jerusalema ke Bababylona ka 607 B.C.E. e ne e le habohlokoa haholo. Ketsahalo ena e ne e tšoaea ho qaleha ha tšitiso ea nako e telele ea puso e tobileng ea Molimo holim’a batho ba hae lefatšeng. Lilemo tse ka bang makholo a tšeletseng hamorao, Jesu o ile a bontša hore nako ena ea ho sitisoa ha puso e ne e ntse e sebetsa, hobane o ile a re: “Jerusalema e tla hatakeloa holimo ke lichaba, ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba li phethahala.”—Luka 21:24.
17. (a) “Linako tse behiloeng tsa lichaba” ke eng, ’me li ne li tla ba telele hakae? (b) “Linako tse behiloeng tsa lichaba” li ile tsa qala neng ’me tsa fela neng?
17 Nakong ea “linako tse behiloeng tsa lichaba,” mebuso ea lefatše e ne e tla lumelloa ho sitisa bobusi bo amohetsoeng ke Molimo. Nako eo e ile ea qala ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E., ’me Daniele o ile a bontša hore e ne e tla tsoela pele ka “linako tse supileng.” (Daniele 4:23-25) E telele hakae? Bibele e bontša hore “linako” tse tharo le halofo li lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14) Nako eo habeli, kapa linako tse supileng, e ne e tla ba matsatsi a 2 520. Empa ha ho letho la bohlokoa le ileng la etsahala qetellong ea nako eo e khutšoanyane. Leha ho le joalo, ha re sebelisa “selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng” boprofeteng ba Daniele ’me re bala lilemo tse 2 520 ho tloha ka 607 B.C.E., re fihla selemong sa 1914 C.E.—Numere 14:34; Ezekiele 4:6.
18. Jesu o ile a etsa eng hang hoba a amohele matla a ’Muso, ’me see se ile sa ama lefatše joang?
18 Na Jesu o ile a qala ho busa leholimong ka nako eo? Mabaka a Mangolo a hore o ile a etsa joalo a tla tšohloa khaolong e latelang. Ha e le hantle, ho qala ha puso ea Jesu ho ne ho ke ke ha tšoauoa ke ho qaleha ha khotso ea kapele lefatšeng. Tšenolo 12:7-12 e bontša hore hang ka mor’a hore a amohele ’Muso, Jesu o ne a tla ntša Satane le mangeloi a hae a bademona leholimong. Hona ho ne ho tla bolela bomalimabe lefatšeng, empa hoa khothatsa ho bala ka hore Diabolose o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” feela. Haufinyane, re tla thaba eseng feela hobane ’Muso oa Molimo o busa empa hape hobane o tla tlisa mahlohonolo lefatšeng le ho batho ba utloang. (Pesaleme ea 72:7, 8) Re tseba joang hore see se tla etsahala haufinyane?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso Shilo le bolela “Eo e Leng ea Hae; Eo e Ruiloeng ke Eena.” Hamorao, ho ile ha totobala hore “Shilo” e ne e le Jesu Kreste, “Tau eo e leng ea moloko oa Juda.” (Tšenolo 5:5) Li-Targum tse ling tsa Sejode li ile tsa mpa tsa nkela lentsoe “Shilo” sebaka ka “Messia” kapa “morena Messia.”
LEKA TSEBO EA HAO
’Muso oa Molimo ke eng, ’me o busa o le hokae?
Ke mang ea busang ’Musong oo, hona bafo ba oona ke bo-mang?
Jehova o re tiiselitse joang hore ’Muso oa hae ke oa sebele?
“Mehla ea lichaba” e qalile neng ’me ea fela neng?
[Lebokose le leqepheng la 94]
LIKETSAHALO TSE LING TSA BOHLOKOA TSE AMANANG LE ’MUSO OA MOLIMO
• Jehova o tsebahatsa morero oa hae oa ho hlahisa “peō” e neng e tla thumakanya Noha, Satane Diabolose.—Genese 3:15.
• Ka 1943 B.C.E., Jehova o bontša hore “peō” ena e ne e tla ba setloholo sa motho sa Abrahama.—Genese 12:1-3, 7; 22:18.
• Selekane sa Molao se filoeng Iseraele ka 1513 B.C.E. se fana ka “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla.”—Exoda 24:6-8; Baheberu 10:1.
• ’Muso oa lefatšeng oa Iseraele o qala ka 1117 B.C.E., ’me o tsoela pele hamorao lelokong la Davida.—1 Samuele 11:15; 2 Samuele 7:8, 16.
• Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., ’me ho qala “linako tse behiloeng tsa lichaba.”—2 Marena 25:8-10, 25, 26; Luka 21:24.
• Ka 29 C.E., Jesu o tlotsoa e le Morena ea Khethiloeng ’me o tsoela pele ka tšebeletso ea hae ea lefatšeng.—Matheu 3:16, 17; 4:17; 21:9-11.
• Ka 33 C.E., Jesu o nyolohela leholimong, ho ea leta moo ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela puso ea hae e qala.—Liketso 5:30, 31; Baheberu 10:12, 13.
• Jesu o behoa teroneng ’Musong oa leholimo ka 1914 C.E. ha “linako tse behiloeng tsa lichaba” li fela.—Tšenolo 11:15.
• Satane le bademona ba hae ba lihetsoe tikolohong ea lefatšeng ’me ba tlisa bomalimabe bo eketsehileng molokong oa batho.—Tšenolo 12:9-12.
• Jesu o okametse boboleli ba lefatšeng ka bophara ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14; 28:19, 20.