Ho Hlahlobisisa Tse Ling Tsa Likhopolo Tse Fosahetseng ka Lefu
HO PHOLLETSA le histori, motho o ’nile a makala le ho tsieleha ka lebaka la tebello e nyahamisang ea lefu. Ho feta moo, ho tšaba lefu ho ’nile ha eketsoa ke likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli, meetlo e tloaelehileng le litumelo tse metseng ka metso. Bothata ba ho tšaba lefu ke hore ho ka sitisa motho ho thabela bophelo ’me ha qeta tšepo eo motho a nang le eona ea hore bophelo bo na le morero.
Bolumeli bo tloaelehileng ke bona ka ho khetheha bo molato oa ho buella likhopolo tse ngata tse tloaelehileng tse fosahetseng ka lefu. Ka ho hlahloba tse seng kae tsa tsona ka thuso ea ’nete ea Bibele, ak’u bone hore na ebe maikutlo a hao ka lefu a ka lokisoa.
Khopolo ea pele e fosahetseng: Lefu ke qetello ea tlhaho ea bophelo.
Buka e bitsoang Death—The Final Stage of Growth e re: “Lefu . . . ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna.” Litlhaloso tse kang ena li bontša tumelo ea hore lefu le tloaelehile, ke qetello ea tlhaho ea lintho tsohle tse phelang. Ka lehlakoreng le leng, ho ba bangata tumelo e joalo e kentse khopolo ea ho se tsotelle le ho nka menyetla.
Empa na ka sebele lefu ke qetello ea tlhaho ea bophelo? Hase bafuputsi bohle ba lumelang joalo. Ka mohlala, Calvin Harley, setsebi sa baeloji se ithutang botsofali ba batho, puisanong o ile a bolela hore ha a lumele hore batho “ba reretsoe ho shoa.” William Clark, setsebi sa thuto ea matla a ’mele a ho itoanela tlhaselong ea mafu, o ile a re: “Ha ho hlokahale hore lefu e be karolo ea morero oa bophelo.” Seymour Benzer oa Setsi sa California sa Theknoloji, ka ho tebisa maikutlo o bolela hore “botsofali bo ka hlalosoa hamolemo eseng ka ho bolela hore ke oache empa ka ho bolela hore ke letoto la liketsahalo, leo re ka bang le tšepo ea ho le fetola.”
Ha bo-rasaense ba ithuta pōpeho ea batho, baa makala. Ba fumana hore re filoe matlotlo le bokhoni bo fetang hōle seo re se hlokang ka nako ea rōna ea bophelo ba lilemo tse 70 ho ea ho tse 80. Ka mohlala, bo-rasaense ba fumane hore boko ba motho bo na le matla a maholo a ho hopola. Mofuputsi e mong o ile a hakanya hore boko ba rōna bo ka amohela boitsebiso bo “ka fellang ka har’a meqolo e ka bang limilione tse mashome a mabeli, le bo ka tlalang ka har’a lilaebrari tse ngata tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng.” Bo-rasaense ba bang ba methapo ba lumela hore ka nako e tloaelehileng ea bophelo, motho o sebelisa karolo ea 1 lekholong feela ea 1/100 (,0001) ea matla a boko ba hae. Ho loketse ho botsa, ‘Ke hobane’ng ha re e-na le boko bo ka tšoarang lintho tse ngata hakaale empa re sebelisa karoloana feela ea bona bophelong?’
Hape, nahana kamoo batho ba arabelang ka tsela eo e seng ea tlhaho kateng ha ho hlahile lefu! Ho ba bangata, lefu la mosali, monna, kapa ngoana e ka ba ketsahalo e bohloko ka ho fetisisa bophelong bohle. Hangata kaheho eohle ea batho ea maikutlo e ferekana ka nako e telele ka mor’a lefu la motho ea ratoang haholo. Esita le ba bolelang hore lefu ke ntho ea tlhaho ho batho ba thatafalloa ke ho amohela khopolo ea hore lefu la bona ka bobona le tla bolela qetello ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe. British Medical Journal e ile ea bua ka “khopolo e tloaelehileng ea litsebi ea hore motho e mong le e mong o batla ho phela ka nako e telele ka hohle kamoo a ka khonang.”
Ka lebaka la tsela eo ka kakaretso motho a itšoarang ka eona ha ho hlahile lefu, matla a hae a makatsang a ho khona ho hopola le ho ithuta, le takatso ea hae e ka hare ea ho phela ka ho sa feleng, na ha hoa hlaka hore o ne a etselitsoe ho phela? Ka sebele, Molimo o bōpile batho, eseng ka morero oa hore qetello ea bona ea tlhaho e be lefu, empa ka tebello ea hore ba phele ka ho sa feleng. Hlokomela seo Molimo a ileng a se beha ka pel’a batho ba pele ba babeli e le bokamoso ba bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Boo ke bokamoso bo hlollang hakaakang le ba ka ho sa feleng!
Khopolo ea bobeli e fosahetseng: Molimo o nka batho ka lefu hore ba e’o ba le eena.
’Mè ea lilemo li 27 ea neng a le makhatheng a lefu ’me a siea bana ba bararo o ile a bolella moitlami oa Mok’hatholike: “U se ke ua tla mpolella hore ena ke thato ea Molimo bakeng sa ka. . . . Ha ke batle ha motho e mong a mpolella seo.” Leha ho le joalo, sena ke sona seo malumeli a mangata a se rutang ka lefu—hore Molimo o nka batho hore ba be haufi le eena.
Na ka sebele ’Mōpi o khopo hakaalo hoo ka sehlōhō a ka re bakelang lefu, a tseba hore le re hlomola lipelo hakae? Che, eseng Molimo oa Bibeleng. Ho latela 1 Johanne 4:8, “Molimo ke lerato.” Hlokomela hore, ha e re Molimo o na le lerato kapa Molimo o bontša lerato, empa e re Molimo ke lerato. Lerato la Molimo le tebile, ke la ’nete, le phethahetse, le bonahatsa botho ba hae le liketso tsa hae ka ho feletseng hoo ka nepo ho ka thoeng ke mothofatso ea lerato. Enoa hase Molimo ea nkang batho ka lefu hore ba be haufi le eena.
Bolumeli ba bohata bo siile ba bangata ba ferekane mabapi le hore na bafu ba hokae ’me ba boemong bofe. Leholimo, lihele, pelekatori, Limbo—libaka tsena hammoho le tse ling tseo ho thoeng ba ea ho tsona ha li hlalosehe ’me tse ling li tšosa ka ho feletseng. Empa Bibele eona e re bolella hore bafu ha ba tsebe letho; ba boemong bo tšoanang le ba boroko. (Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-14) Kahoo, ha ho hlokahale hore re tšoenyehe hore na ho tla etsahala eng ka rōna ka mor’a lefu, feela joalokaha ho sa hlokahale hore re tšoenyehe ha motho a khalehile. Jesu o ile a bua ka nako ea ha “bohle ba mabitleng a khopotso” ba tla ‘tsoa’ ’me ba be le bophelo bo tsosolositsoeng lefatšeng la paradeise.—Johanne 5:28, 29; Luka 23:43.
Khopolo ea boraro e fosahetseng: Molimo o nka bana ba banyenyane hore e be mangeloi.
Elisabeth Kübler-Ross, ea ileng a ithuta batho ba kulelang lefu, o ile a bua ka khopolo e ’ngoe e tloaelehileng har’a batho ba balumeli. Ha a hlalosa ketsahalo ea sebele, o ile a re “ha ho bohlale ho bolella ngoanana e monyenyane ea shoetsoeng ke khaitseli’e hore Molimo o rata bashanyana ba banyenyane haholo hoo a bileng a nketseng Johnny e monyenyane leholimong.” Mantsoe a joalo a hlahisa Molimo hampe ’me ha a bontše botho ba hae le tsela eo a etsang lintho ka eona. Dr. Kübler-Ross o ile a tsoela pele: “Ha ngoanana enoa e monyenyane e ba mosali, ha ho mohla a kileng a khaotsa ho halefela Molimo, e leng se ileng sa mo etsa hore a hlanye ka lebaka la ho tepella maikutlo ha a ne a shoeloa ke mora e monyenyane lilemo tse 30 hamorao.”
Ke hobane’ng ha Molimo a ka nka ngoana ha a batla lengeloi le leng—joalokaha eka Molimo o hloka ngoana ho feta kamoo batsoali ba hae ba mo hlokang kateng? Haeba e ne e le ’nete hore Molimo o nka bana, na seo se ne se ke ke sa mo etsa hore ebe ke ’Mōpi ea se nang lerato oa moithati? Ho fapana le khopolo e joalo, Bibele e re: “Lerato le tsoa ho Molimo.” (1 Johanne 4:7) Na Molimo ea lerato a ka bakela batho tahlehelo e khōlō hoo esita le batho ba e nkang e sa lokela?
Kahoo, ke hobane’ng ha bana ba shoa? Karolo ea karabo ea Bibele e tlalehiloe ho Moeklesia 9:11: “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Pesaleme ea 51:5 e re bolella hore bohle ha rea phethahala, re baetsalibe, ho tloha ha re emoloa, ’me hona joale qetello ea batho bohle ke lefu le bakoang ke lintho tse ngata. Ka linako tse ling lefu le hlaha pele ngoana a hlaha, e leng se etsang hore ho be le masea a hlahang a khathetse. Maemong a mang, bana ba shoa ka lebaka la maemo a sehlōhō kapa ba hlaheloa ke likotsi ebe baa shoa. Molimo ha a ikarabelle ka mafu a joalo.
Khopolo ea bone e fosahetseng: Batho ba bang baa hlokofatsoa ka mor’a lefu.
Malumeli a mangata a ruta hore ba khopo ba tla ea liheleng tsa mollo ’me ba hlokofatsoe ka ho sa feleng. Na thuto ee ea utloahala ebile e tšehetsoa ke Mangolo? Nako ea bophelo ba motho e lekanyelitsoe lilemong tse 70 kapa tse 80. Esita le haeba motho a ne a le molato oa bokhopo bo fetisisang bophelong bohle ba hae, na kotlo ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng e ne e tla ba ea toka? Che. Ruri e ne e tla ba ho hloka toka ka ho feletseng ho ahlola motho ka ho sa feleng ka lebaka la libe tseo a li entseng nakong e khutšoanyane ea bophelo.
Ke Molimo feela ea ka senolang hore na ho etsahala eng ha batho ba shoa, ’me o entse joalo Lentsoeng la hae le ngotsoeng, Bibele. Bibele e re: “Joalokaha motho a shoa, phoofolo e shoa ka mokhoa o tšoanang; kaofela ba na le moea o le mong . . . Bohle ba ea sebakeng se le seng. Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng, ’me bohle ba khutlela lerōleng.” (Moeklesia 3:19, 20) Mona ha ho buuoe ka lihele tsa mollo. Batho ba khutlela lerōleng—ba khaotsa ho ba teng—ha ba shoa.
E le hore motho a hlokofatsoe, o lokela ho utloa. Na bafu baa utloa? Le tabeng ena Bibele ea araba: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.” (Moeklesia 9:5) Ho ke ke ha etsahala hore bafu, ba sa ‘tsebeng letho ho hang,’ ba utloe bohloko kae kapa kae.
Khopolo ea bohlano e fosahetseng: Lefu le bolela hore ke phetho ke tu! ka rōna.
Re khaotsa ho phela ha re shoa, empa sena ha se bolele hore ke phetho ke tu! Monna ea tšepahalang Jobo o ne a tseba hore o tla ea lebitleng, e leng Sheole, ha a shoa. Empa utloa thapelo ea hae ho Molimo: “Hoja u ka mpata Sheole, ua mpoloka sephiring ho fihlela bohale ba hao bo tloha, ua ntekanyetsa nako ’me ua nkhopola! Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape? . . . U tla hooa, ’me ke tla u araba.”—Jobo 14:13-15.
Jobo o ne a lumela hore haeba a ka tšepahala ho fihlela lefung, Molimo o ne a tla mo hopola ’me ka mor’a nako a tsosoe bafung. Ena e ne e le tumelo ea bahlanka bohle ba Molimo nakong ea boholo-holo. Le Jesu o ile a tiisa tšepo ena ’me a bontša hore Molimo o tla mo sebelisa ho tsosa bafu. Mantsoe a Kreste a re tiisetsa sena: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.”—Johanne 5:28, 29.
Haufinyane haholo Molimo o tla tlosa bokhopo bohle ’me a thehe lefatše le lecha tlas’a puso ea leholimo. (Pesaleme ea 37:10, 11; Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16) Phello e tla ba paradeise ea lefatše lohle, eo ho eona ho lulang batho ba sebeletsang Molimo. Ka Bibeleng rea bala: “Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’”—Tšenolo 21:3, 4.
Ho Lokoloha Tšabong
Ho tseba ka tšepo ea tsoho hammoho le ho tseba Eo e leng mohloli oa tokisetso ena ho ka u tšelisa. Jesu o ile a tšepisa: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Sena se kopanyelletsa ho re lokolla tšabong ea lefu. Ke Jehova feela eo ka sebele a ka felisang botsofali le lefu ’me a re fa bophelo bo sa feleng. Na u ka lumela litšepiso tsa Molimo? E, u ka li lumela hobane kamehla Lentsoe la Molimo ke ’nete. (Esaia 55:11) Re u khothalletsa hore u ithute ho eketsehileng ka merero ea Molimo bakeng sa batho. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Bothata ka ho tšaba lefu ke hore ho ka sitisa motho ho thabela bophelo
[Chate e leqepheng la 7]
LIKHOPOLO TSE FOSAHETSENG MANGOLO A RE’NG?
TSE TLOAELEHILENG KA LEFU
● Lefu ke qetello Genese 1:28; 2:17; Baroma 5:12
ea tlhaho ea bophelo
● Batho ba bang baa Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 10;
hlokofatsoa ka mor’a lefu Baroma 6:23
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho tseba ’nete ka lefu ho re lokolla tšabong
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Barrators—Giampolo/The Doré Illustrations For Dante’s Divine Comedy/Dover Publications Inc.