Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 8/1 leq. 3
  • Na Molimo oa U Tsotella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo oa U Tsotella?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tšelisang Batho ba Ka”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • ‘Ela Lintho Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Tsepamisa Mohopolo oa ka Joang Linthong?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 8/1 leq. 3

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Na Molimo oa U Tsotella?

‘Ke hlorile ’me ke futsanehile. E se eka Jehova a ka nkela hloko.’a—DAVIDA OA MOISERAELE, OA MEHLENG EA BOHOLO-HOLO.

Lerotholi la metsi le rotha nkhong

“Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong.”—ESAIA 40:15

Na hoa utloahala hore Davida o ne a ka lebella hore Molimo a mo tsotelle? Na Molimo oa u tsotella? Batho ba bangata ha ba lumele hore Molimo ea matla ’ohle oa ba tsotella. Hobane’ng?

Lebaka le leng ke hore Molimo o phahametse batho hōle. Ha Molimo a le boemong ba hae bo phahameng ’me a talima lichaba tsohle, “li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.” (Esaia 40:15) Mongoli e mong oa mehleng ena ea sa lumeleng ho Molimo o entse qeto ea hore “ke ho ithetsa ho lumela hore ho na le Molimo ea tsotellang seo u se etsang.”

Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba nka hore boitšoaro ba bona bo etsa hore Molimo a se ke a ba tsotella. Ka mohlala, monna e mong ea bitsoang Jim, o re: “Kamehla ke ne ke rapella hore ke be le khotso le boitšoaro, empa ho e-s’o ee kae ke iphumana ke se ke halefile. Qetellong, ke ile ka etsa qeto ea hore ke khopo haholo hoo Molimo a ke keng a nthusa.”

Na Molimo o hōle le batho hoo a ke keng a ba tsotella? Ha e le hantle o ikutloa joang ka libōpuoa tsa hae tse sa phethahalang? Ntle le hore Molimo a itšenole ho rōna, ha ho motho ea ka buellang Molimo ’me a araba lipotso tseo. Leha ho le joalo, Bibele e leng molaetsa oo Molimo a o ngoletseng batho—e re tiisetsa hore Molimo ha a hōle le rōna ebile o tsotella batho. “Ha e le hantle,” Bibele e re ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.” (Liketso 17:27) Lihloohong tse ’nè tse latelang, re tla tšohla seo Molimo a re bolellang sona ka lerato leo a le bontšang batho le kamoo a ileng a bontša lerato le joalo ho batho ba tšoanang le uena.

a Pesaleme ea 40:17; Jehova ke lebitso la Molimo le ka Bibeleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela