Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 8/1 leq. 4
  • Molimo oa U Hlokomela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo oa U Hlokomela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Mamela, Ithute ’Me U be le Kutloelo-bohloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Batla Tataiso ea Molimo Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 8/1 leq. 4

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Molimo oa U Hlokomela

“Mahlo a [Molimo] a holim’a litsela tsa motho, o bona mehato eohle ea hae.”—JOBO 34:21.

Ntate o bapalisa mora oa hae e monyenyane

Ha ngoana a sa le monyenyane o hloka tlhokomelo ea batsoali ba hae le ho feta

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA NA LE LIPELAELO?: Ho latela lipatlisiso tse sa tsoa etsoa, sehlopha sa rōna sa linaleli se na le bonyane lipolanete tse libilione tse 100. Batho ba bangata ba ipotsa hore na, har’a lintho tsohle tseo ’Mōpi ea matla ’ohle a li bōpileng, ke hobane’ng ha a ka tsotella batho ba sa reng letho ba lulang polaneteng ena e nyenyane.

SEO LENTSOE LA MOLIMO LE SE RUTANG: Molimo ha aa ka a re fa Bibele eaba u re lahla kherehloa. Ho e-na le hoo, Jehova o re tiisetsa sena: “Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8.

Nahana ka Hagare, mosali oa Moegepeta ea phetseng lilemong tse ka bang ka 1 900 pele Kreste a tsoaloa. Hagare o ne a sa hlomphe mohiri oa hae Sarai, kahoo Sarai o ile a mo tlotlolla ’me Hagare a balehela lefeelleng. Kaha Hagare o ne a entse phoso, na Molimo o ile a mo lahla kherehloa? Bibele e re: ‘Lengeloi la Jehova le ile la mo fumana.’ Lengeloi le ile la tiisetsa Hagare la re: “Jehova o utloile mahloreho a hao.” Eaba Hagare o re ho Jehova: “U Molimo oa pono.”—Genese 16:4-13.

Le uena Molimo o u ela hloko. Ka mohlala: ’Mè ea lerato o hlokomela bana ba hae ba banyenyane, kaha ha bana ba sa le banyenyane ba hloka tlhokomelo ea batsoali le ho feta. Ka ho tšoanang, Molimo oa re hlokomela ha re fokola. Jehova o re: “Ke lula phahameng le sebakeng se halalelang, hape ke lula le ea hateletsoeng le ea moea o ikokobelitseng, hore ke hlasimolle moea oa ba ikokobelitseng le ho hlasimolla lipelo tsa ba hateletsoeng.”—Esaia 57:15.

Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Molimo o nkela hloko joang? Na o nkahlola ho latela sebōpeho sa ka, kapa o sheba pelo ea ka ebile oa nkutloisisa?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela