Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 8/1 leq. 5
  • Molimo oa U Utloisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo oa U Utloisisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o re Tseba Hantle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na Ehlile Molimo oa U Tseba?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Na Molimo oa U Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Re Entsoe ka Mokhoa o Hlollang
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 8/1 leq. 5

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Molimo oa U Utloisisa

“Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba.”—PESALEME 139:1.

Moloho oa DNA le lesea le emotsoeng

“Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa.”—PESALEME EA 139:16

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA NA LE LIPELAELO?: Batho ba bangata ba nahana hore Molimo o nka batho e le baetsalibe ba sa hloekang ba bileng ba sa lokelang ho tsotelloa. Kendra, ea neng a e-na le bothata ba ho imeloa kelellong, o ile a ikutloa a le molato hobane a sa khone ho etsa seo Molimo a se batlang. Ka lebaka leo, o ile a re, “Ke ile ka khaotsa ho rapela.”

SEO LENTSOE LA MOLIMO LE SE RUTANG: Jehova ha a bone liphoso tsa hao feela empa o utloisisa seo u hlileng u leng sona. Bibele e re: “O tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” Ho feta moo, ha a sebetsane le rōna “ho ea ka liphoso tsa rōna,” empa oa re tšoarela ha re baka.—Pesaleme ea 103:10, 14.

Nahana ka Davida morena oa Iseraele, eo ho builoeng ka eena sehloohong se qalang. O ile a rapela Molimo a re: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao . . . Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka.” (Pesaleme ea 139:16, 23) Ha e le hantle, Davida o ne a kholisehile hore le hoja ka linako tse ling a ne a etsa sebe se tebileng, Jehova o ne a ka lemoha hore o bakile ka ho feletseng.

Jehova o u utloisisa ho feta motho leha e le ofe. “Motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Molimo o tseba lebaka leo ka lona u itšoarang ka tsela e itseng; o tseba kamoo lefutso, tsela eo u hōtseng ka eona, moo u lulang teng le sebōpeho sa hao kaofela li etsang hore u be seo u leng sona. Oa bona hore le hoja u etsa liphoso, u loanela ho ba motho oa mofuta ofe ebile o ananela seo.

Leha ho le joalo, na Molimo o sebelisa kutloisiso ea hae e phahameng ea ho bona ‘seo u hlileng u leng sona’ e le hore a u tšelise?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela