Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 8/1 leq. 6
  • Molimo oa U Tšelisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo oa U Tšelisa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o re Tšelisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Matšeliso a ’Nete a ka Fumanoa Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Mpho eo Molimo a Faneng ka Eona ke ea Bohlokoa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 8/1 leq. 6

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA MOLIMO OA U TSOTELLA?

Molimo oa U Tšelisa

‘Molimo, ea tšelisang ba behiloeng tlaase oa re tšelisa.’—2 BAKORINTHE 7:6.

Mosali e mocha o bala Bibele

‘Mora oa Molimo o ile a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’—BAGALATA 2:20

KE HOBANE’NG HA BA BANG BA NA LE LIPELAELO?: Batho ba bang ba bona e le boithati ho kōpa Molimo hore a ba thuse ho sebetsana le mathata a bona esita leha ba le maqakabetsing ’me ba hloka matšeliso. Mosali e mong ea bitsoang Raquel o re: “Ha ke bona hore na batho ba bangata ba na le mathata a boima hakae lefatšeng, mathata a ka a bonahala e se letho hoo nka tsilatsilang ho kōpa thuso ho Molimo.”

SEO LENTSOE LA MOLIMO LE SE RUTANG: Molimo o se a thusitse batho le ho ba tšelisa ka tsela e hlollang. E mong le e mong lefatšeng kajeno o futsitse sebe, e leng ho hlōleha ho phetha melao ea Molimo ka botlalo. Leha ho le joalo, Molimo “o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” (1 Johanne 4:10) Molimo o sebelisa sehlabelo sa lefu la Jesu, ho etsa hore re tšoareloe libe, re be le letsoalo le hloekileng le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso.a Empa na sehlabelo seo se entsoe molemong oa batho ka kakaretso feela, kapa na se bontša hore Molimo oa u tsotella?

Nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. O ne a anngoe ke sehlabelo sa Jesu hoo a ileng a ngola mantsoe ana: ‘Ke phela ka tumelo e mabapi le Mora oa Molimo, ea ileng a nthata ’me a inehela bakeng sa ka.’ (Bagalata 2:20) Ke ’nete hore Jesu o shoele le pele Pauluse e e-ba Mokreste. Empa Pauluse o ile a talima sehlabelo seo e le mpho eo a e fuoang ke Molimo ka ho toba.

Lefu la sehlabelo la Jesu ke mpho eo Molimo ka ho toba a u fang eona. Mpho eo e tiisa hore na u motho oa bohlokoa hakae ho Molimo. E ka u fa “matšeliso a sa feleng,” kahoo ea u “tiisa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le lentsoeng le leng le le leng le molemo.”—2 Bathesalonika 2:16, 17.

Empa Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ho na le bopaki bofe ba hore kajeno Molimo o batla hore u be haufi le eena?

a E le hore u ithute ka ho eketsehileng ka sehlabelo sa Jesu, bala khaolo ea 5 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela