Lethathamo la Tse ka Hare
September 15, 2014
© 2014 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
LA 27 OCTOBER, 2014–LA 2 NOVEMBER, 2014
Na U Kholisehile Hore U Fumane ’Nete? Hobane’ng?
LEQEPHENG LA 7 • LIPINA: 28, 107
LA 3-9 NOVEMBER, 2014
Sebeletsa Molimo ka Botšepehi ho sa Tsotellehe “Matšoenyeho a Mangata”
LEQEPHENG LA 12 • LIPINA: 135, 133
LA 10-16 NOVEMBER, 2014
LEQEPHENG LA 17 LIPINA: 88, 24
LA 17-23 NOVEMBER, 2014
Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
LEQEPHENG LA 23 LIPINA: 111, 109
LA 24-30 NOVEMBER, 2014
Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
LEQEPHENG LA 28 • LIPINA: 95, 100
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Na U Kholisehile Hore U Fumane ’Nete? Hobane’ng?
Sehloohong sena re tlil’o tšohla mabaka a mang a etsang hore batho ba bangata ba etse qeto ea hore Lipaki Tsa Jehova li fumane ’nete. Re tla boela re tšohle mabaka a kholisang Lipaki hore li fumane ’nete.
▪ Sebeletsa Molimo ka Botšepehi ho sa Tsotellehe “Matšoenyeho a Mangata”
Lefatše lena le laoloang ke Satane le re tlisetsa matšoenyeho. Liteko tse ling tsa tumelo li re tlela ka tsela e tobileng; tse ling ka tsela e poteletseng. Sehlooho sena se tla re thusa ho lemoha litlhaselo tsa Satane le ho itokiselletsa tsona.
▪ Batsoali—Lisang Bana ba Lōna
Batsoali ba lokela ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4) Sehloohong sena re tlil’o tšohla litsela tse tharo tseo re ka etsang sena ka tsona le ho ba balisa ba moea ba bana ba rōna ha ba ntse ba hōla.
▪ Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
Ho tlile joang hore batho ba shoe? Ke joang ‘sera sa ho qetela, lefu le tlang ho etsoa lefeela’? (1 Bakor. 15:26) Bala kamoo likarabo tsa lipotso tsena li totobatsang toka le bohlale ba Jehova kateng esita le lerato la hae.
▪ Hopolang ba Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ke khale Jehova a e-na le bahlanka ba tšepahalang ba ’nileng ba mo sebeletsa ka nako e tletseng ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ’ona tsamaisong ena ea lintho. Re ka etsa’ng hore ‘re hopole mosebetsi oa bona o tšepahalang le mosebetsi oa bona o lerato’?—1 Bathes. 1:3.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
SEKOAHELONG: Barab’abo rōna ba babeli ba bolella motšoasi oa litlhapi molaetsa oa Bibele, Negombo e lebōpong le ka bophirimela ho Sri Lanka
SRI LANKA
BAAHI
20 860 000
BAHOELETSI
5 600
BO-PULA-MALIBOHO BA KAMEHLA
641