Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 5/1 leq. 9
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Daniele ka Sekoting sa Litau
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Na Lintho Tsa Khale Tse Epolotsoeng li Tšehetsa Bibele?
    Tsoha!—2007
  • Thuto ea 9—Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale le Tlaleho e Bululetsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 5/1 leq. 9

RE U LOME TSEBE?

Na lintho tse epollotsoeng tsa khale li lumellana le se ka Bibeleng?

Setšoantšo se betliloeng sa Morena Sargone II oa Assyria

Morena Sargone II oa Assyria, eo ho buuoang ka eena ho Esaia 20:1

Makasine ea Biblical Archaeology Review e ile ea bontša hore ke batho “ba ka bang 50” bao ho buuoeng ka bona ka Mangolong a Seheberu bao hona joale baepolli ba lintho tsa khale ba ka tiisang hore ba kile ba e-ba teng. Har’a bona ke marena a 14 a Juda le Iseraele, ho akarelletsa le a tummeng haholo a kang Davida le Ezekiase, hammoho le a mang a neng a sa tuma e leng Menaheme le Peka. Ba boetse ba akarelletsa bo-Faro ba 5 le marena a 19 a Assyria, Babylona, Moabe, Persia le Syria. Leha ho le joalo, hase marena feela a hlahang ka Bibeleng le linthong tse epollotsoeng. Ho boetse ho hlaha le baprista ba phahameng, bakopitsi le benghali ba bang.

Makasine eo e ile ea boela ea bontša hore “litsebi li ntsoe-leng” hore ka sebele batho bao ba kile ba e-ba teng. Ha e le hantle, Mangolo a Segerike a Bakreste ’ona a bua ka batho ba bangata ba tsebahalang historing, bao baepolli ba lintho tsa khale ba nang le bopaki ba hore ba kile ba e-ba teng ’me ba akarelletsa Heroda, Ponse Pilato, Tiberiuse, Kaifase le Sergiase Pauluse.

Litau li ile tsa nyamela neng libakeng tseo Bibele e buang ka tsona?

Lerako le khabisitsoeng ka setšoantšo sa tau

Lerako la Babylona ea boholo-holo le khabisitsoeng ka setšoantšo sa tau

Le hoja kajeno ho se na litau Libakeng Tse Halalelang, Mangolo a bua ka tsona ka makhetlo a ka bang 150, e leng se bontšang hore bangoli ba Bibele ba ne ba li tseba. Le hoja hangata mangolo a bua ka litau ka tsela ea tšoantšetso, ho boetse ho na le a buang ka tsona ka tsela ea sebele. Ka mohlala, Bibele e re Samsone, Davida le Benaia ba ile ba bolaea litau. (Baahloli 14:5, 6; 1 Samuele 17:34, 35; 2 Samuele 23:20) Ho boetse ho na le batho bao Bibele e reng ba ile ba jeoa ke litau.—1 Marena 13:24; 2 Marena 17:25.

Mehleng ea khale, litau tsa Asia (tse bitsoang Panthera leo persica) li ne li le teng Asia Minor, Greece, Palestina, Syria, Mesopotamia ho ea fihla ka leboea-bophirimela ho India. Kaha li ne li tšajoa haholo li ne li atisa ho hlaha litšoantšong tsa khale tsa Linaheng Tsa Bochabela. Marako a tsela e eang ntlong ea borena ea Babylona, a ne a khabisoa ka litšoantšo tsa litau.

Ho tlalehiloe hore ho ella qetellong ea lilemo tsa bo-1100 masole a bolumeli a ile a tsoma litau Palestina. Ho bonahala litau li ne li se li le sieo sebakeng seo nakoana ka mor’a selemo sa 1300. Leha ho le joalo, ho bonahala li ne li ntse li le teng Mesopotamia le Syria ho fihlela lilemong tsa bo-1800 athe Iran le Iraq teng ho fihlela mathoasong a bo-1900.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela