Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 10/1 leq. 5
  • Lebaka Leo ka Lona Molimo a re Khothalletsang ho Rapela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona Molimo a re Khothalletsang ho Rapela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o batla re be metsoalle ea hae.
  • Molimo o batla ho u thusa.
  • Batho ba lakatsa ho tseba Molimo.
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Na Jehova oa re Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 10/1 leq. 5

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA HO RAPELA HO KA U TSOELA MOLEMO?

Lebaka Leo ka Lona Molimo a re Khothalletsang ho Rapela

Molimo o batla re be metsoalle ea hae.

Metsoalle ea buisana e le hore e tiise setsoalle. Ka ho tšoanang, Molimo o re khothalletsa hore re bue le eena, kaha seo se tla matlafatsa setsoalle sa rōna le eena. O re: “Le tla mpitsa ’me le tl’o nthapela, ’me ke tla le mamela.” (Jeremia 29:12) Ha u ntse u buisana le Molimo, u tla ‘Atamela ho eena, ’me o tla atamela ho uena.’ (Jakobo 4:8) Bibele e re: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.” (Pesaleme ea 145:18) Ha re mo rapela kamehla, setsoalle sa rōna le eena se tla tiea.

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.”—Pesaleme ea 145:18

Molimo o batla ho u thusa.

Jesu o itse: “Ke motho ofe har’a lōna eo mora oa hae a kōpang bohobe—a ke ke a mo neha lejoe, na ha ho joalo? Kapa, mohlomong, o tla kōpa tlhapi—a ke ke a mo neha noha, na ha ho joalo? Ka hona, haeba lōna . . . le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse molemo, Ntat’a lōna ea maholimong o tla fana ka lintho tse molemo joalo hakaakang ho ba mo kōpang!” (Matheu 7:9-11) Ka sebele, Molimo o batla hore u mo rapele hobane ‘oa u tsotella’ ’me o batla ho u thusa. (1 Petrose 5:7) Ebile o u khothalletsa hore u tšollele mathata a hao ho eena. Bibele e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”—Bafilipi 4:6.

Batho ba lakatsa ho tseba Molimo.

Litsebi tsa kelello li hlokometse hore batho ba bangata ba rata ho rapela. Esita le batho ba reng Molimo ha a eo baa rapela.a Sena se bontša hore batho ba bōpiloe ba e-na le takatso ea ho tseba Molimo. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re ela hloko tlhoko ea rōna ea moea, ke ka ho buisana le Molimo khafetsa.

Haeba re amohela memo ea Molimo ea hore re mo rapele, re ka lebella melemo efe?

a Liphuputso tse entsoeng ke Pew Research Center ka 2012, li bontša hore batho ba 11 ho ba 100 ba latolang boteng ba Molimo United States ba rapela bonyane hang ka khoeli.

Re ka Rapella Eng?

Bibele e bontša hore re ka rapella lintho tse ngata tse sa tšoaneng. Li akarelletsa tse latelang:

  • Ho Ipolela Libe Ke ile “ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela.”—Pesaleme ea 32:5.

  • Ho Leboha “Ke ntho e ntle ho leboha Jehova.”—Pesaleme ea 92:1.

  • Ho Rorisa Jehova “Ke tla boka Jehova ka linako tsohle.”—Pesaleme ea 34:1.

  • Ho Kōpa Tataiso “Etsa hore ke hate tseleng ea litaelo tsa hao, etsoe ke khahliloe ke eona.”—Pesaleme ea 119:35.

  • Ho Kōpa Matla “Retelehela ho ’na ’me u mpontše mohau. U fe mohlanka oa hao matla a hao.”—Pesaleme ea 86:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela