Re U Lome Tsebe?
Na ke ho utloahalang ho lumela hore mehleng ea boholo-holo, motho o ne a ka jala mofoka tšimong ea e mong?
Buka ena ea Moemphera Justinian ea 1468, ke e ’ngoe ea libuka tse hlalosang litaba tsa molao tsa mehleng ea boholo-holo
HO MATHEU 13:24-26, Jesu o ile a re: “Muso oa maholimo o joaloka motho ea ileng a jala peō e ntle tšimong ea hae. Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla ’me sa jalella mofoka har’a koro, ’me sa tloha. Ha lekhasi le hlaha ’me le hlahisa litholoana, joale le mofoka oa bonahala.” Bangoli ba fapaneng ha ba lumele hore papiso ena e bua ka se hlileng se etsahetseng, empa libuka tsa khale tsa Baroma li paka hore ke ea sebele.
Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re: “Ho jala mofoka tšimong ea motho e mong ka sepheo sa ho iphetetsa . . . e ne e le tlōlo ea molao pusong ea Roma. Taba ea hore ho ne ho behiloe molao ona e bontša hore sena se ne se hlile se etsahala.” Setsebi sa molao se bitsoang Alastair Kerr se hlalosa hore ka selemo sa 533, Moemphera oa Moroma ea bitsoang Justinian o ile a hatisa buka ea hae ea molao e bitsoang Digest, e neng e le kakaretso ea melao ea Baroma le likarolo tse nkiloeng likahlolong tseo baahloli ba ka nako eo ba ileng ba fana ka tsona (ho tloha selemong sa 100 ho ea ho sa 250). Bukeng eo (Digest, 9.2.27.14), setsebi sa molao se bitsoang Ulpian se ile sa bua ka nyeoe e ileng ea sebetsoa ke ’musisi oa Moroma ea bitsoang Celsus lekholong la bobeli la lilemo. Ho na le motho ea neng a jetse mofoka tšimong ea e mong ’me a bolaile lijalo tsa hae. Buka eo e ne e fana ka mekhoa e molaong ea ho lefa mong’a tšimo kapa motho ea e hirileng, e le hore a ka buseletsoa bakeng sa tšenyo e bakiloeng.
Hore ebe linyeoe tsena li ile tsa e-ba teng ’Musong oa Roma, seo se paka hore papiso eo ea Jesu ke ntho ea sebele e neng e etsahala bophelong.
Baroma ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba file balaoli ba Bajuda bolokolohi bo bokae?
KA NAKO eo Judea e ne e busoa ke Baroma, ’me lintho li behiloe leihlo ke ’musisi oa Moroma ea nang le masole. Mosebetsi oa hae o ka sehloohong e ne e le ho bokella lekhetho le ho boloka khotso le botsitso. Baroma ba ne ba fana ka kotlo ho ba neng ba baka pherekano. Ntle ho moo, ba ne ba tlohela balaoli ba Bajuda hore ba sebetse litaba tse tloaelehileng tsa motse.
Lekhotla la Bajuda la Sanhedrine le kopane
Sanhedrine e ne e le lekhotla le ka holimo-limo la Bajuda le ahlolang linyeoe ho latela molao oa bona. Ho ne ho e-na le makhotla a tlaasana ho pholletsa le Judea. Linyeoe tsa batlōli ba molao li ne li sebetsoa makhotleng ao, ’me Baroma ba ne ba sa kena-kenane le tsona. Ntho feela eo makhotla a Bajuda a neng a sa lumelloa ho e etsa ke ho ahlolela batlōli ba molao lefu, ke makhotla a Baroma feela a neng a e-na le tokelo eo. Mokhelo feela ke ha litho tsa Sanhedrine li ne li ahlolela Setefane hore a bolaoe ka ho tlepetsoa ka majoe.—Lik. 6:8-15; 7:54-60.
Lekhetlong lena lekhotla la Sanhedrine le ile la feteletsa matla a lona. Leha ho le joalo, Emil Schürer o re, “Ntho e neng e khina lekhotla leo haholo ke hore Baroma ba ne ba ka khetha ho itšebeletsa taba ka bobona ba sa batle maikutlo a lona, haeba mohlomong ba nahana hore motho o tlōtsoe molao o itseng oa lipolotiki.” Mohlala o mong oa nyeoe e tšoanang le eo o bile teng nakong ea molaoli oa sesole e leng Claudiase Lysiase, ea ileng a kenya moapostola Pauluse litlamong, le hoja e ne e le moahi oa Roma.—Lik. 23:26-30.