Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 4 leq. 3
  • Ha e le Hantle ha Motho a Shoa o ea Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha e le Hantle ha Motho a Shoa o ea Hokae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—Batho ba Lumela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Tšepo e Molemo Bakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Pono ea Hao ka Moea e Ama Bophelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 4 leq. 3
’Mè o rapela a tšoere rosari ka pela likerese tse ntseng li tuka

Hoo e batlang e le malumeli ’ohle, a lumela hore moea oa motho o tsoela pele ho phela ha eena a shoa

SEHLOOHO SE KANTLE | HA E LE HANTLE HA MOTHO A SHOA O EA HOKAE?

Ha e le Hantle ha Motho a Shoa o ea Hokae?

HO NA LE LINTHO tse ngata tseo batho ba li buang ka bophelo le lefu. Ba bang ba nahana hore ba tla tsoela pele ba phela ka mor’a hore ba shoe, mohlomong sebakeng se seng kapa e se e le batho ba bang kapa phoofolo e itseng. Empa ba bang ba nahana hore ha motho a shoa ho felile ka eena.

Mohlomong ho na le seo u seng u ntse u se lumela ka taba ena. Kaha batho ba bua lintho tse ngata tse fapaneng ka hore na ho etsahala’ng ha re shoa, na ho na le motho ea ka re bolellang seo ehlileng e leng ’nete? Kapa na ho na le moo re ka fumanang likarabo tsa lipotso tsa rona mabapi le hore na hantle-ntle ho etsahala’ng ka rona ha re shoa?

E se e le lilemo tse makholo joale baruti ba likereke tse sa tšoaneng ba ruta hore ha motho a shoa moea oa hae o tsoela pele o phela. Hoo e batlang e le likereke tsohle e-bang ke tsa Bokreste, Mahindu, Bajuda, Mamosleme, le tse ling, li ruta hore moea oa motho o tsoela pele o phela ha eena a shoa. Ka lehlakoreng le leng, Mabuddha ’ona a lumela hore ho na le boemo boo motho a ka bang ho bona a ntse a le lefatšeng, ’me boemo boo bo tšoantšoa le ho ba khotsong, ho ba paradeiseng kapa ho phela hamonate leholimong. A boetse a lumela hore ka mor’a hore motho a shoe, a ka tsoaloa hape e le motho e mong.

Batho ba siela beng ka bona ba shoeleng lijo

Ka lebaka la lithuto tse joalo, batho ba bangata lefatšeng ba lumela hore ha motho a shoa o tsoela pele ho phela karolong e ’ngoe ea lefatšeng. Ba bangata ba re lefu ke karolo ea bophelo, ke kahoo ba reng ke thato ea Molimo. Empa Bibele eona e re’ng ka taba ee? U ka ’na oa makatsoa ke karabo ea eona sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela