Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
“Etsoe le sefate se na le tšepo. Haeba se rengoa, se tla hlomela hape . . . Haeba monna ea shahlileng a e-shoa na a ka phela hape?”—MOSHE, MOPROFETA OA BOHOLO-HOLO.
1-3. Ba bangata ba batla matšeliso joang ha ba lahlehetsoe ke moratuoa oa bona ka lefu?
SEBAKENG se seng seo ho sona ho lokisoang litopo bakeng sa lepato, New York City, metsoalle le ba lelapa ba feta ba khutsitse pel’a lekese le butsoeng. Ba talima setopo sa moshemane e mong ea lilemo li 17. Metsoalle ea hae ea sekolo e thatafalloa ke ho mo tseba. Phekolo ea lik’hemik’hale e ne e entse hore a hlothehe moriri; kankere e ne e mo fokolisitse. Na eo e hlile ke eena motsoalle oa bona? Likhoeli feela pejana, o ne a tletse likhopolo le lipotso tse ngata, a tletse matla—a tletse bophelo! ’Mè ea aparetsoeng ke masoabi oa moshemane eo o leka ho fumana tšepo le matšeliso khopolong ea hore ka tsela e ’ngoe e itseng mora oa hae o ntse a phela. Ka meokho o pheta-pheta seo a ’nileng a se rutoa: “Tommy o thabile haholoanyane hona joale. Molimo o ne a batla hore Tommy a be le eena leholimong.”
2 Lik’hilomithara tse ka bang 11 000 ho tloha moo, Jamnagar, India, bara ba bararo ba rakhoebo e mong ea lilemo li 58 ba thusa ho beha setopo sa ntat’a bona holim’a qubu ea patsi e chesang litopo. Letsatsing le khanyang la motšehare oa hoseng, mora e moholo o qala ka mokhoa oa ho chesa setopo lore! ka ho hotetsa lithupa tsa patsi ka mollo le ho tšela motsoako o nkhang hamonate oa linōko le libano holim’a setopo se se nang bophelo sa ntat’ae. Ho tloatloasela ha mollo ho koaheloa ke lipolelo tse pheta-phetoang tsa Brahman ha a bina mantsoe a le mang ka Sesanskrite, a bolelang: “E se eka moea oo ho seng mohla o shoang o ka tsoela pele boitekong ba oona ba ho fetoha ntho e le ’ngoe le boleng ba sebele ba ho qetela.”
3 Ha bara bana ba bararo ba motho ba shebeletse ha ho chesoa setopo, e mong le e mong o ipotsa a thōtse, ‘Na ke lumela hore ho na le bophelo ka mor’a lefu?’ Kaha ba rutiloe likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, ba fana ka likarabo tse sa tšoaneng. Oa ho fela o utloa a kholisehile hore ntat’a bona ea ratehang o tla boela a tsoaloe hape ho ea bophelong ba boemo bo boholoanyane. Mor’abo bona ea bohareng o lumela hore bafu ka kutloisiso e ’ngoe ba robetse, ha ba utloe letho ho hang. E moholo o mpa a leka ho amohela bonnete ba lefu, hobane o nahana hore ha ho ea ka tsebang hantle hore na ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa.
Potso e le ’Ngoe, Likarabo Tse Ngata
4. Ke potso efe e sithabelitseng moloko oa batho ka lilemo?
4 Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? ke potso e ’nileng ea qaka moloko oa batho ka likete tsa lilemo. Hans Küng, setsebi sa K’hatholike, o re: “Esita le baruti ba thuto ea bolumeli baa tsieleha ha ba tobane le [eona].” Ho theosa le lilemo, batho sechabeng se seng le se seng ba ’nile ba nahana ka taba ena, ’me ho na le likarabo tse ngata tse hlahisitsoeng.
5-8. Malumeli a sa tšoaneng a ruta eng ka bophelo ka mor’a lefu?
5 Ba bangata bao e leng Bakreste ka lebitso ba lumela leholimong le liheleng. Mahindu ka lehlakoreng le leng, a lumela thuto ea ho tsoaloa hangata. Ha a bua ka pono ea Mamosleme, Amir Muawiyah, motlatsi setsing sa bolumeli sa Islamo, o re: “Rea lumela hore ho tla ba le letsatsi la kahlolo ka mor’a lefu, ha u hlaha ka pel’a Molimo, Allah, e leng ho tlang ho tšoana feela le ho kena ka lekhotleng.” Ho ea ka tumelo ea Islamo, Allah joale o tla sekaseka tsela ea bophelo ea e mong le e mong ebe o fetisetsa motho paradeiseng kapa mollong oa lihele.
6 Sri Lanka, Mabuddha le Mak’hatholike a siea menyako le lifensetere li butsoe ha ho hlaha lefu ka lapeng la bona. Ho bonesoa lebone la parafine, ’me ho behoa lekese maoto a mofu a shebisitsoe monyakong o ka pele. A lumela hore mehato ena e nolofalletsa moea oa mofu hore o tsoe ka tlung.
7 Ronald M. Berndt, oa Univesithing ea Australia Bophirimela, o re Maaborigine a Australia a lumela hore “batho ba na le meea e ke keng ea timetsoa.” Merabe e meng ea Afrika e lumela hore ka mor’a lefu batho ba tloaelehileng ba fetoha lithotsela, ha batho ba hlaheletseng ba fetoha meea ea balimo, e tlang ho hlomphuoa le ho kōptjoa joaloka baeta-pele ba sa bonahaleng ba motse.
8 Linaheng tse ling, litumelo tse mabapi le meea eo ho thoeng ke ea bafu ke motsoako oa neano ea sebaka ka seng le Bokreste ka lebitso. Ka mohlala, har’a Mak’hatholike a mangata le Maprostanta Afrika Bophirimela, ke tloaelo ho koahela liipone ha motho a e-shoa e le hore ho se be le ea li shebang ’me a bona moea oa motho ea shoeleng. Joale, matsatsi a 40 ka mor’a lefu la moratuoa, lelapa le metsoalle ba ketekela ho nyolohela ha moea leholimong.
Sehlooho se Tletseng Hohle
9, 10. Boholo ba malumeli bo lumellana ka thuto efe ea motheo?
9 Likarabo potsong e mabapi le hore na ho etsahala’ng ha re e-shoa li fapane joaloka meetlo le litumelo tsa batho ba fanang ka tsona. Leha ho le joalo, malumeli a mangata a lumellana ka khopolo e le ’ngoe ea motheo: Ntho e ’ngoe e ka hare ho motho—moea—ha e shoe ’me e tsoela pele ho phela ka mor’a lefu.
10 Ho lumela hore moea ha o shoe ke ntho e batlang e lumeloa hohle malumeling a likete-kete a Bokreste-’mōtoana le lihlotšoaneng tsa bolumeli. Hape ke thuto ea motheo le Bojudeng. Bohindung tumelo ena ke oona motheo oa thuto ea ho tsoaloa hangata. Mamosleme a lumela hore moea o ba teng ka ’mele empa o tsoela pele ho phela ka mor’a hore ’mele o shoe. Litumelo tse ling—tumelo ea Seafrika ea hore moea o arohane le ’mele, Boshinto, esita le Bobuddha—li ruta lintho tse sa tšoaneng tabeng eona ena.
11. Litsebi tse ling li talima khopolo ea hore moea ha o shoe joang?
11 Ba bang ba na le pono e fapaneng, ea hore bophelo ba ho ikutloa boa fela lefung. Ho bona, khopolo ea hore bophelo ba maikutlo le bo bohlale bo tsoela pele e le moea oo e seng motho, oo e leng seriti se arohaneng le ’mele, e bonahala e le ntho e sa utloahaleng. Mongoli oa Lesepanishe oa lekholong la bo20 la lilemo ebile e le setsebi Miguel de Unamuno oa ngola: “Ho lumela hore moea ha o shoe ke ho lakatsa hore eka moea o ka be o sa shoe, empa ho ho lakatsa ka matla a joalo e tla ba ho hlokomoloha mabaka ebe ho lumeloa ntho e sa utloahaleng.” Har’a ba neng ba hana ho lumela ho se shoe ha motho e bile bo-rafilosofi ba boholo-holo ba tsebahalang Aristotle le Epicurus, ngaka Hippocrates, rafilosofi oa Scotland David Hume, setsebi sa Moarabia Averroës, le tona-khōlō ea pele ea India ka mor’a boipuso, Jawaharlal Nehru.
12, 13. Ho phahama lipotso life tsa bohlokoa ka thuto ea ho se shoe ha moea?
12 Potso ke ena, Na re hlile re na le moea o sa shoeng? Haeba moea o hlile o e-shoa, joale ho tlile joang hore ebe thuto e joalo ea bohata e ka ba karolo ea bohlokoa ea boholo ba malumeli a kajeno? Khopolo eo e qalile hokae? ’Me haeba moea o hlile o khaotsa ho ba teng lefung, ebe bafu ba ka ba le tšepo efe?
13 Na re ka fumana likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang lipotsong tse joalo? E! Lipotso tsena le tse ling li tla arabeloa maqepheng a latelang. Pele, a re hlahlobeng hore na thuto ena ea ho se shoe ha moea e qalile joang.